Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 1/8 maq. 16-18
  • Nka Etsa Joang Hore ke be Sebui se Hloahloa sa Phatlalatsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Joang Hore ke be Sebui se Hloahloa sa Phatlalatsa?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha U Bitsoa ho Tla Fana ka Puo
  • Ho Hlōla Tšabo
  • Malebela a ho Atleha
  • Thuso e Tsoang ho Setsebi se Seholo sa ho Bua le ba Bang
  • Botsitso
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Talima Bamameli
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Ke Hobane’ng ha U Batla ho Fana ka Puo ea Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 1/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Etsa Joang Hore ke be Sebui se Hloahloa sa Phatlalatsa?

“Ke ne ke nahana hore batho ba hlokomela phoso e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang le ho se itšepe ha ka. Ke ne ke sitoa ho tsepamisa mohopolo puong ea ka. Ke ne ke bona eka ba tšehela ka pelong.”—Sandy.a

HOLO ea sekolo e tletse tsoete! U utloa lebitso la hao le hoeletsoa ka sebuela-hōle, ’me ka ho panya ha leihlo e mong le e mong o u shebile. Maoto a seng makae ho ea sethaleng a se a bonahala eka ke bohōle ba k’hilomithara. U qala ho fufuleloa matsoho, u khoehla mangole, ’me u se u utloa ho omme ngo! ka hanong. Ho sa le joalo, le pele u ka le thiba, lerotholihali la mofufutso ke leo le theoha lerameng. Ho soabisa hakaakang! Ua tseba hore ha u e’o tobana le masole ka lithunya, empa ho bonahala eka ho joalo.

Ena ke ’nete e ke keng ea qojoa: Bongata ba rōna re tšaba ho ema ka pel’a batho. (Jeremia 1:5, 6) Batho ba bang ba bile ba nka ho bua ka pel’a batho ba bangata ho tšosa ho feta lefu! Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na u ikutloa joang, ho na le mabaka a matle a ho thahasella ho ba sebui sa phatlalatsa. A re ke re hlahlobeng a mang a ’ona ’me re bone hore na u ka etsa joang hore u be sebui se hloahloa sa phatlalatsa.

Ha U Bitsoa ho Tla Fana ka Puo

“Ho bua ka pel’a batho ba bangata ke talenta eo bohle re e hlokang.” Ke kamoo ho boletseng phatlalatso e ’ngoe ea thupelo ea ho ba sebui ka pel’a batho ba bangata. Ke ’nete hore qetellong, u ka ’na ua tlameha ho bua ka pel’a batho ba bangata. Har’a lintho tse ling, likolo tse ngata li rupella bana ho bua ka pel’a batho ba bangata. Mosetsana e mong ea bitsoang Tatiana oa hopola: “Ha ke sa le sekolong, ho bile le makhetlo a mangata ao ke ileng ka tlameha ho bua ka pel’a liithuti-’moho le ’na.” Ebang ke ho fana ka tlaleho, ho bua ka tlhahlobo e entsoeng bukeng e itseng, ho nehelana ka boitsebiso u sebelisa lik’hasete le livideo, esita le puisano ea mahlakore a hanyetsanang, hangata liithuti li lokela ho ba malala-a-laotsoe hore li ka bua.

Ha u se u sebetsa, u ka ’na ua kōptjoa hore u rute basebetsi-’moho le uena, hore u etse tlhahiso e itseng ho moreki, kapa hore u hlalosetse komiti ea tsamaiso tlaleho ea lichelete. Ha e le hantle, ho tseba ho bua hantle ho ka u bulela menyetla e mengata ea mesebetsi, ho akarelletsa le ho ba moqolotsi oa litaba, ho ba mookameli, ho ba lefapheng la likamano tsa sechaba le tsa thekisetsano.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u khetha mosebetsi oa matsoho kapa ho ba tlelereke ofising? Ho tseba ho bua hantle ha u hlahlobeloa mosebetsi e ka ’na ea e-ba hona ho rerang hore na u tla hiroa kapa che. Le ha u se u sebetsa, ho tseba ho itlhalosa ho ka u tsoela molemo. Corrine ha a qeta sekolong, o ile a sebetsa e le mofepi reschorenteng ka lilemo tse tharo. O re: “Ha u tseba ho bua hantle, u nkoa u le motho ea butsoitseng le ea nang le boikarabelo haholoanyane. Ho ka ba ha ’na ha bolela ho fuoa mosebetsi o betere, le ho lefshoa haholoanyane, kapa bonyane ho fuoa tlhompho e eketsehileng.”

Lebaka la ho qetela ke hore bacha ba Bakreste ba atisa ho bua le batho e le karolo ea borapeli ba bona. (Baheberu 10:23) Taneisha oa hlokomela: “Ke habohlokoa ho itlhalosa ka ho hlaka. Re na le tokelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.” (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ha ba le ka phuthehong le ha ba le mosebetsing oa boboleli, bacha ba Bakreste ba ke ke ba “khaotsa ho bua ka lintho tseo [ba] li boneng le tseo [ba] li utloileng.”—Liketso 4:20; Baheberu 13:15.

Ho ithuta ho bua hantle ho ka qetella ho u ruisitse molemo ka litsela tse ngata. Ho ntse ho le joalo, u ntse u ka ikutloa u e-na le letsoalonyana ha u lokela ho ema ho ea bua ka pel’a batho ba bangata. Na ho na le seo u ka se etsang ho hlōla letsoalo? E, se teng.

Ho Hlōla Tšabo

Dr. Morton C. Orman, eo e leng setsebi sa khatello ea kelello ebile e le setsebi sa ho bua ka pel’a batho bangata, o re: “Ha ho hlokahale hore u be bohlale kapa ea phethahetseng hore u atlehe. Ntho ea bohlokoahali ha u bua ka pel’a batho ba bangata ke ena: fa bamameli ba hao ho hong ho molemo.” Ka mantsoe a mang, ameha haholo ka molaetsa oa hao ho e-na le ho ameha ka uena kapa se u tšoenyang. Lekholong la pele la lilemo, ba bang ba ne ba nahana hore moapostola Pauluse e ne e se sebui se hloahloa hakaalo, empa kaha kamehla o ne a e-na le ho hong hoa bohlokoa hoo a ho buang, o ne a ntse a atleha. (2 Bakorinthe 11:6) Ka tsela e tšoanang, haeba u bua ka ntho e itseng ea bohlokoa eo u hlileng u e lumelang, letsoalo la hao le tla inyamella feela.

Ron Sathoff, eo e leng sebui se tsebahalang le se koetlisang ba bang, o etsa tlhahiso ena: U se ke ua nka ho fana ha hao ka puo e le bopaki ba hore u na le tsebo e itseng. Ho nke e le moqoqo. E, leka ho buisana le bamameli ba hao, eseng e le sehlopha, empa e le motho ka mong, feela joalokaha u ne u tla etsa moqoqong o tloaelehileng. Bontša hore u hlile ‘u thahasella’ bamameli ba hao, ’me u bue le bona ka tsela eo u tloaetseng ho bua ka eona. (Bafilipi 2:3, 4) U tla ikutloa u lokolohile haholoanyane ha u bua le batho joalokaha eka u qoqa le bona.

Lebaka le leng le tloaelehileng la ho tšoenyeha ke ho tšaba ho hlajoa ke lihlong kapa ho nyatsoa ke bamameli ba hao. Lenny Laskowski, setsebi sa ho fana ka lipuo le mokoetlisi, o re hopotsa hore hangata bamameli ba chesehela ho tla utloa sohle se tlang ho fanoa. Laskow­ski o re: “Ba batla hore u atlehe—eseng hore u hlōlehe.” Kahoo e-ba le boikutlo bo nepahetseng. Haeba ho khoneha, leka ho lumelisa ba bang ba bamameli ba hao ha ba fihla. Leka ho ba nka e le metsoalle eseng lira.

Hape, hopola hore ho tšoha ha e hlile hase ntho e fosahetseng ka ho feletseng. Setsebi se seng se re: “Ho fapana le seo batho ba bangata ba se lumelang, ho tšoha ke ntho e molemo ho uena le puong ea hao.” Hobane’ng? Hobane ho tšoha ka tekanyo e itseng ho bonahatsa ho inyenyefatsa, e leng ho tla u thusa hore u se ke ua itšepa ho tlōla. (Liproverbia 11:2) Baatlelete ba bangata, libini le batšoantšisi ba na le maikutlo a hore ho tšoha hanyenyane ho hlile ho ba etsa hore ba bapale hantle haholoanyane, e ka ba ’nete le ka libui tsa phatlalatsa.

Malebela a ho Atleha

Ka ho sebelisa likhopolo tsena le tse ling, Bakreste ba bang ba banyenyane ba se ba fumane phihlelo e itseng le ho atleha e le libui sekolong, mosebetsing le liphuthehong tsa habo bona. Bona hore na litlhahiso tse ’maloa tseo ba fanang ka tsona li ka u thusa na.

Jade: “Beha litaba ka mantsoe a hao. Kholiseha ka melemo ea seo u tlang ho se bua. Haeba u lumela hore puo ea hao ke ea bohlokoa, le bamameli ba tla ikutloa ka tsela eo.”

Rochelle: “Ke fumane ho nthusa ho ithekota ka video. E etsa hore u hlokomele mefokolo ea hao, empa e molemo. Hape, leka ho khetha sehlooho seo u se thabelang. Seo se tla iponahatsa puong ea hao.”

Margrett: “Ke fumana hore ke batla ke bua ka tlhaho haholoanyane le hore ke utloahala ke qoqa ha ke ngotse lintlha tsa bohlokoa ho e-na le ho ngola ntho e ’ngoe le ’ngoe eo ke tl’o e bua. Ho feta moo, ho hula moea haholo pele ke bua ho nthusa hore ke khobe matšoafo.”

Corrine: “U se ke ua tšaba ho itšeha. E mong le e mong o etsa liphoso. U lokela ho etsa sohle se matleng a hao.”

Ke ’nete, joaloka morerong o mong le o mong, joaloka lipapali, bonono, kapa ’mino, ha ho na se ka nkelang phihlelo sebaka le ho itlhakisa haholo. Tatiana o buella ho lokisetsa puo ea hao esale pele haholo e le hore u ka ba le nako e lekaneng ea ho itlhakisa. Ka hona u se ke ua tela. O re: “Ha ke bua ke le ka pel’a ba bang hangata, ke batla ke phutholoha haholoanyane.” Leha ho le joalo, ho na le mohloli o mong oa thuso, oo u sa lokelang ho o lebala, haholo-holo ha u bitsoa hore u tl’o emela borapeli ba ’nete.

Thuso e Tsoang ho Setsebi se Seholo sa ho Bua le ba Bang

Ha e sa le mohlankana, Davida, eo e neng e tla ba morena oa Iseraele, o ne a se a ntse a e-na le botumo ba hore ke “sebui se kelello.” (1 Samuele 16:18) Hobane’ng? Ho ka etsahala hore bocheng ba hae, lihoreng tse ngata tseo a li qetileng a le naheng a lisa linku, Davida o ile a hlaolela kamano e haufi-ufi le Setsebi se Seholo sa ho Bua le ba Bang, Jehova Molimo, ka ho rapela. (Pesaleme ea 65:2) Kamano ena eona e ile ea etsa hore a bue ka ho hlaka, ka matla le ka tsela e kholisang le tlas’a maemo a lekang.—1 Samuele 17:34-37, 45-47.

U ka kholiseha hore tseleng ea hao ea borapeli, Molimo le eena u tla u thusa hore u bue ka tsela e susumetsang, joalokaha a ile a thusa Davida, a u fe “leleme la ba rutiloeng.” (Esaia 50:4; Matheu 10:18-20) E, ka ho sebelisa menyetla ea ho chorisa tsebo ea hao ea ho bua hona joale, u ka ba sebui sa phatlalatsa se hloahloa!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Lebokose le leqepheng la 18]

Ba Koetlisitsoe e le Libui

Liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova ho pholletsa le lefatše, ho na le lenaneo la taeo la beke le beke le thehiloeng Bibeleng le bitsoang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Liithuti li kopanela lipuisanong tsa sehlopha, li fana ka lipuo ka pel’a phutheho, ’me li fumana thuso hore li ntlafatse. Na lenaneo lee lea sebetsa? E-re Chris ea lilemo li 19, a u phetele phihlelo ea hae.

O re: “Pele ke ngolisa sekolong, ke ne ke ikutloa ke sa phutholoha ha ke le har’a batho. Ke ne ke sa nahane hore nka ba ka pel’a bamameli ke le sethaleng. Empa ba bang ka phuthehong ba ile ba nkhothatsa, ba re esita le haeba nka hoeleketsa nako eo kaofela, ba ne ba tla e thabela, ka ho tseba hore na ke entse boiteko bo bokae hore ke be moo. Joale, ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke faneng ka eona, ba ile ba mpabatsa. Eo e bile thuso e khōlō.”

Kajeno, ka mor’a lilemo tse hlano a le sekolong, Chris o lokisetsa ho fana ka puo ea hae ea pele ea metsotso e 45. Na u sebelisa tokisetso ee hamolemo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Ho ba sebui se hloahloa ho ka u thusa litšobotsing tsohle tsa bophelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela