Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 16 leq. 135-leq. 138 ser. 5
  • Botsitso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botsitso
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa Joang Hore ke be Sebui se Hloahloa sa Phatlalatsa?
    Tsoha!—2004
  • Kenyelletso e Tsosang Thahasello
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Cheseho
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Talima Bamameli
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 16 leq. 135-leq. 138 ser. 5

Thuto 16

Botsitso

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Ema, sisinyeha le ho bua ka mokhoa o iketlileng, le o nang le seriti o bontšang ho phutholoha.

Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa?

Haeba u e-na le botsitso, bamameli ba hao ba tla lebisa tlhokomelo ho seo u se buang ho e-na le ho e lebisa ho uena.

HO TLOAELEHILE hore sebui se tšohe ha se il’o fana ka puo, haholo-holo haeba se sa fane ka lipuo khafetsa. Mohoeletsi a ka ’na a tšoha ha a kena matlong a pele a seng makae ka letsatsi le itseng tšebeletsong ea tšimo. Ha Jeremia a ne a fuoa thōmo ea ho ba moprofeta, o ile a arabela: “Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” (Jer. 1:5, 6) Jehova o ile a thusa Jeremia ’me le uena o tla u thusa. Ka mor’a nako e itseng, u ka ba le botsitso.

Sebui se nang le botsitso se phutholohile. Ho phutholoha hona ho bonahala boemong ba sona ba ’mele. Boemo ba sona ba ’mele ke ba tlhaho ’me bo tšoanela ketsahalo. Se tsamaisa matsoho a sona ka tsela e nang le morero. Lentsoe la sona le senola maikutlo ’me le laolehile.

Le hoja u ka ’na ua nahana hore tlhaloso ena ea motho ea nang le botsitso ha e u tšoanele, le uena u ka ntlafatsa. Joang? E-re re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha sebui se tšoha ’me se haelloa ke botsitso. Lebaka la hoo e ka ’na ea e-ba la ponahalo.

Ha u talimane le phephetso ’me u batla ho etsa hantle empa u sa tiisehe hore na u tla e hlōla, ua tšoenyeha. Ka lebaka leo, boko bo laela ’mele hore o hlahise lero le lengata la adrenaline. Ho tsoa ha lero lena ho ka etsa hore pelo e otle ka matla, ha fetola lebelo leo motho a phefumolohang ka lona, ha eketsa mofufutso, kapa esita le ho etsa hore matsoho le mangole a thothomele le lentsoe le thothomele. ’Mele oa hao o leka ho u thusa hore u sebetsane le boemo ba hao ka ho u fa matla a eketsehileng. Phephetso ke ho etsa hore matla ana a eketsehileng a u thuse ho nahana hantle le ho fana ka puo e mafolofolo.

Kamoo U ka Fokotsang ho Tšoenyeha Kateng. Hopola hore ke ntho ea tlhaho hore motho a ikutloe a tšoenyehile. Leha ho le joalo, hore u boloke botsitso, u lokela ho tseba ho fokotsa ho tšoenyeha ’me u sebetsane le boemo ba hao ka mokhoa o khutsitseng le o nang le seriti. U ka finyella see joang?

Lokisetsa ka botlalo. Iphe nako ha u lokisetsa puo ea hao. Tiisa hore u utloisisa taba ea hao hantle. Haeba u ikhethela lintlha tseo u tla li tšohla puong ea hao, nahanela seo bamameli ba hao ba seng ba se tseba ka taba eo le seo u rerileng ho se finyella. Sena se tla u thusa ho khetha boitsebiso bo molemo haholo. Haeba qalong seo se u thatafalla, buisana le sebui se nang le phihlelo ka bothata boo. Se ka u thusa hore u ithute boitsebiso le bamameli ba hao hantle. Ha u kholisehile hore u na le boitsebiso bo tla ruisa bamameli ba hao molemo ’me bo hlakile ka kelellong, takatso ea hao ea ho bo bolella ba bang e tla qala ho pupetsa ho tšoenyeha hoo u ka ’nang ua ba le hona ka nehelano eo.

Lebisa tlhokomelo e khethehileng kenyelletsong ea hao. Tseba hore na u il’o qala joang. Hang feela ha puo ea hao e se e tsoela pele, ho tšoha ha hao ho tla kokobela.

Mehato e tšoanang ea motheo ea sebetsa ha ho lokisetsoa tšebeletso ea tšimo. U se ke ua nahana feela ka taba eo u batlang ho e tšohla empa u nahane le ka hore na batho bao u tla beng u ba pakela ke ba mofuta ofe. Lokisetsa kenyelletso ea hao ka hloko. Rua molemo phihlelong ea bahoeletsi ba hōlileng tsebong.

U ka ’na ua nahana hore u tla ba le botsitso bo boholoanyane haeba u sebelisa puo e baloang ha u fana ka eona ka pel’a sehlopha. Bonneteng, sena se ka etsa hore u tšoenyehe haholo nako le nako ha u fana ka puo. Ke ’nete hore libui tse ngata li sebelisa lintlha tse ngata tse ngotsoeng, ha tse ling li sebelisa tse ’maloa. Empa ntho e ka fetolang monahano oa hao le ho fokotsa ho tšoenyeha ha hao hase mantsoe a leng pampiring, empa ke kholiseho e leng pelong ea hao ea hore seo u se lokiselitseng bamameli ba hao se hlile se molemo.

Itlhakisetse nehelano ea hao ka lentsoe le phahameng. Boitlhakiso bo joalo bo tla u fa sebete sa ho itlhalosa. Ha u ntse u itlhakisa, u hōlisa tekanyo eo u hopolang lintho ka eona e le hore li ka itlela habonolo feela ha u fana ka puo ea hao. Etsa hore boitlhakiso ba hao e be ba sebele. Bona bamameli ba hao ka mahlo a kelello. Lula tafoleng kapa u eme, hantle feela kamoo u neng u tla etsa kateng ha u fana ka puo.

Rapela Jehova hore a u thuse. Na o tla arabela thapelo eo? “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Joh. 5:14) Haeba u lakatsa ho hlompha Molimo le ho thusa batho ho rua molemo Lentsoeng la hae, ka sebele o tla araba thapelo ea hao. Tiisetso eo e ka u matlafatsa haholo hore u phethe kabelo ea hao. Ho feta moo, ha u ntse u hlaolela litholoana tsa moea—lerato, thabo, khotso, bonolo le boitšoaro—u tla ba le boikutlo ba kelello bo hlokahalang bakeng sa ho sebetsana le maemo u e-na le botsitso.—Bagal. 5:22, 23.

Fumana phihlelo. Ha u ntse u kopanela tšebeletsong ea tšimo hangata, ho tšoha ha hao ho tla kokobela. Ha u arabela hangata libokeng tsa phutheho, ho tla ba bonolo haholoanyane hore u bue ka pel’a ba bang. Ha lenane la lipuo tseo u fanang ka tsona phuthehong le ntse le eketseha, mohlomong ho tšoenyeha hoo u bang le hona pele u fana ka lipuo ho tla fokotseha. Na u rata ho ba le menyetla e eketsehileng ea ho bua? Joale ithaopele lipuo sekolong ha ba bang ba sa khone ho phetha likabelo tsa bona.

Ha u se u nkile mehato e boletsoeng ka holimo, u tla fumana ho le molemo ho hlahloba matšoao ao ka ho hlakileng a bontšang hore motho ha aa phutholoha. Ho tseba matšoao ao le ho ithuta kamoo u ka sebetsanang le ’ona kateng ho tla u thusa ho bua ka mokhoa o bontšang ho ba le botsitso. Matšoao ao e ka ’na ea e-ba a amanang le ponahalo kapa lentsoe.

Matšoao a Bonahalang. Ho ba le botsitso ha hao kapa ho se be le bona ho bonahatsoa ke boemo ba hao ba ’mele le tsela eo u sebelisang matsoho a hao ka eona. Ha re qale pele ka matsoho. Ho isa matsoho ka morao, ho a lepeletsa feela kapa ho tšoara sefalana sa sebui; ho kenya le ho ntša matsoho ka lipokothong khafetsa, ho qhoaela baki le ho e qhoaolla, ho itšoara lerameng, nkong, ho tšoara likhalase tsa mahlo kantle ho sepheo; matsoho a bapalang ka oache, pentšele, reng kapa pampiri e ngotseng lintlha; ho etsa lipontšo tsa matsoho tse sa reng letho—lintho tsena kaofela li bontša ho hloka botsitso.

Ho hloka sebete ho ka boela ha bonahala ka ho isa maoto pele le morao khafetsa, ho sekamisetsa ’mele koana le koana, ho ema lipasha, ho ema u inamisitse hlooho, ho inyeka molomo khafetsa, ho koenya mathe hangata le ho phefumoloha ka potlako le ka mokhoa oo e seng oa tlhaho.

Ka ho etsa boiteko bo hlokolosi matšoao ana a bontšang ho tšoha a ka laoloa. Sebeletsa ho le le leng feela ka nako. Lemoha moo bothata bo leng teng ’me u hlahlobe esale pele hore na u lokela ho etsa’ng ho bo thibela. Ha u etsa boiteko bo joalo, ponahalo ea hao e tla fana ka bopaki ba hore u na le botsitso.

Matšoao a Lentsoe. Bopaki ba lentsoe le bontšang ho tšoha bo ka akarelletsa lentsoe le phahameng ka mokhoa o sa tloaelehang kapa le thothomelang. Mohlomong u thetha sekhohlela khafetsa kapa u bua ka potlako haholo. Mathata ana le mekhoanyana eo e ka hlōloa ka ho etsa boiteko bo khothetseng ba ho laola lentsoe.

Ha u tšohile, etsa khefu hore u tsebe ho hula moea o mongata ho se hokae pele u e-ea sethaleng. Leka ho etsa hore ’mele oohle oa hao o phutholohe. Ho e-na le ho nahana ka ho tšoha ha hao, ameha haholo ka hore na ke hobane’ng ha u batla ho bolella bamameli ba hao lintho tseo u li lokiselitseng. Pele u qala ho bua, sheba bamameli ba hao ka motsotsoana, batla sefahleho se nang le botsoalle ’me u bososele. Sethathong bua butle ’me u ntan’o ikakhela ka setotsoana puong ea hao.

Seo U ka se Lebellang. U se ke ua lebella hore ho tšoha hohle ho tla nyamela. Libui tse ngata tse nang le phihlelo ea lilemo lia tšoha pele li ema ka pel’a bamameli. Leha ho le joalo, li ithutile ho laola ho tšoha ha tsona. Sebui se seng se joalo se itse: “Ke ntse ke ikutloa ke e-na le letsoalonyana, empa hona joale ke khona ho le laola.”

Haeba u etsa boiteko bo tiileng ba ho felisa matšoao a bonahalang a ho tšoha, bamameli ba hao ba tla u talima u le sebui se nang le botsitso. Ho ka ’na ha etsahala hore u ’ne u tšohe, empa bamameli ba ka ’na ba se ke ba ho hlokomela ho hang.

Hopola, ho phahama ha lero la adrenaline le hlahisang matšoao a ho tšoha ho boetse ho fana ka matla a eketsehileng. A sebelisetse ho bua ka mafolofolo.

Ha ho hlokahale hore u lete ho fihlela u e-ea sethaleng pele u itlhakisetsa lintho tsena kaofela. Ithute ho ba le botsitso le ho laoleha le ho bua ka boikutlo bo loketseng bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi. Ho etsa joalo ho tla u thusa haholo hore u be le sebete ha u e-ea sethaleng le tšebeletsong ea tšimo, e leng moo se hlokahalang haholo teng.

KAMOO U KA HLAOLELANG BOTSITSO KATENG

Lokisetsa hantle.

Itlhakisetse nehelano ea hao ka lentsoe le phahameng.

“Lahlela moroalo oa hao ho Jehova” ka thapelo.—Pes. 55:22.

Kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo, itloaetse ho arabela hangata libokeng ’me u ithaopele likabelo tse eketsehileng sekolong.

Lemoha matšoao a bontšang ho haelloa ke botsitso ’me u ithute mokhoa oa ho a thibela kapa ho a laola.

BOITLHAKISO: Beke e ’ngoe le e ’ngoe ka khoeli, leka ho arabela hangata Thutong ea Molula-Qhooa le Thutong ea Buka ea Phutheho. Hlokomela hore ho tšoha ho qala ho kokobela ha u arabela ka lekhetlo la bobeli kapa la boraro sebokeng se le seng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela