Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/97 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšehetsa ka Botlalo Lenaneo la Seboka sa Phatlalatsa la Phutheho ea Heno
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ke Hobane’ng ha U Batla ho Fana ka Puo ea Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Nka Etsa Joang Hore ke be Sebui se Hloahloa sa Phatlalatsa?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 9/97 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Ho lokela hore ho etsoe joang haeba sebui se abetsoeng ho fana ka puo ea phatlalatsa se sa fihle ka nako sebokeng?

Maemong a mang, ketsahalo e ke keng ea qojoa e thibela mor’abo rōna hore a fihle ka nako ho tla fana ka puo eo a e abetsoeng. Haeba ho e-na le lebaka la ho lumela hore o tla tloha a fihla, baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho tsoela pele ka Thuto ea Molula-Qhooa; Seboka sa Phatlalatsa se ka latela ka morao. Ho thoe’ng haeba ho hlakile hore sebui ha se na ho fihla? Mohlomong se seng sa libui tsa phutheho se ka fana ka puo leha e le efe eo se neng se se se e lokiselitse.

Hangata ho lokisetsa ka hloko esale pele ho thibela bothata bona. Ea khethetsoeng ho fana ka likabelo tsa lipuo tsa phatlalatsa o lokela ho iteanya le sebui se seng le se seng bonyane beke pele e le hore a se hopotse ka kabelo ea sona. Khopotso ena e lokela ho akarelletsa nako ea seboka, aterese ea Holo ea ’Muso le nomoro ea fono, le litaelo tse hlakileng tsa hore se fumane moo holo e leng teng. Sebui se lokela ho hlokomela makolopetso ana ka hloko. Se lokela ho nka kabelo ena ka botebo, se lokise litaba tsa sona kamoo ho hlokahalang kateng e le hore se ka phethahatsa boikarabelo bona. Haeba ho hlaha ntho e ’ngoe e neng e sa lebelloa, e tla se thibela ho fana ka puo eo, se lokela ho iteanya le motho ea abetsoeng ho fana ka likabelo tsa lipuo tsa phatlalatsa kapele e le hore ho ka etsoa tokisetso e ’ngoe. Ho lokela hore ho etsoe boiteko bo bong le bo bong ho thibela liphetoho tsa motsotso oa ho qetela. Haeba sebui se liehile ’me se tla siuoa ke nako ka metsotso e seng mekae, se ka etsa hore se letsetse Holong ea ’Muso e le hore barab’abo rōna ba ka tseba hore na ba nke bohato bofe.

Ho utloisisa seo likabelo tsa puo ea phatlalatsa li leng sona, ho lokisetsa hantle esale pele le likhopotso, le ho falimehela boemo, li ka tiisa hore phutheho e tla thabela puo ea phatlalatsa e molemo beke le beke.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela