Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 3/1 maq. 19-23
  • Toka e Khetholla Litsela Tsohle Tsa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Toka e Khetholla Litsela Tsohle Tsa Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona Toka e Leng Sieo
  • Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng ho Hloka Toka
  • Molimo o Lopolla Motho
  • Ho Phahamisa Topollo
  • Toka Haufinyane Bakeng sa Lichaba Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
    Atamela ho Jehova
  • Jehova—Mohloli oa Toka ea ’Nete le ho Loka ha ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Etsisa Jehova—Sebelisa Toka le ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 3/1 maq. 19-23

Toka e Khetholla Litsela Tsohle Tsa Molimo

“Lefika, mosebetsi oa oona o phethehile, hobane litsela tsa oona kaofela ke toka. Molimo oa botšepehi, oo ho seng ho hloka toka ho oona; o lokile ’me o khabane.”—DEUTERONOMA 32:4, NW.

1. Moshe o ile a totobatsa litšobotsi life tsa Jehova pineng ea hae ho bana ba Iseraele pele a e-shoa, hona ke hobane’ng ha a ne a tšoaneleha ho bua kamoo a buileng kateng?

JEHOVA, Moahloli ea phahameng, Monei-Molao, le Morena, “o rata ho loka le toka.” (Pesaleme ea 33:5, TLP; Esaia 33:22) Moshe, ’muelli oa selekane sa Molao le moprofeta “eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se talimane le sefahleho,” o ile a tloaelana haufi-ufi le litsela tse lokileng tsa Jehova. (Deuteronoma 34:10; Johanne 1:12) Nakoana pele Moshe a e-shoa, o ile a totobatsa tšobotsi e hlollang ea toka ea Jehova. A mametsoe ke phutheho eohle ea Iseraele, o ile a bua mantsoe a pina ena: “Lōna maholimo, sekehang litsebe, ’me ke tla bua; le uena lefatše, mamela mantsoe a molomo oa ka. . . . Ke tla bolela lebitso la Jehova: Rorisang Molimo oa rōna! Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile [“ke toka,” NW]: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.”—Deuteronoma 32:1, 3, 4.

2. Toka e ’nile ea khetholla mesebetsi eohle ea Molimo joang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

2 Toka e khetholla mesebetsi ea Jehova kaofela, ’me ka mehla e sebelisoa ka tsela e lumellanang ka ho phethahetseng le bohlale ba hae, lerato, le matla. Ho Jobo 37:23, mohlanka oa Molimo Elihu o ile a hopotsa Jobo: “Re ke ke ra finyella ho Ea matla ’ohle; o phahamile ka matla le ka toka, le ka ho loka ho sa khelosoeng.” Hape Morena Davida o ngotse: “Jehova ke morati oa toka, ’me a ke ke a tlohela [batho] ba hae ba tšepahalang.” (Pesaleme ea 37:28, NW) Ke tiisetso e tšelisang hakaakang! Litseleng tsa Molimo kaofela, le ka motsotsoana feela o ke ke oa lahla ba tšepahalang ho oona. Toka ea Molimo e tiisa sena!

Lebaka Leo ka Lona Toka e Leng Sieo

3. Ke eng e sieo har’a batho kajeno, ’me see se amme kamano ea motho le Molimo joang?

3 Kaha Jehova ke Molimo oa Toka, Ea ratang toka, le “’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše,” ke hobane’ng ha toka e le sieo hakaale har’a batho kajeno? (Esaia 40:28) Ho Deuteronoma 32:5 Moshe oa arabela: “Ba itšentse pel’a oona; ke bana ba litšila; ke mofuta o khelohileng, o nang le mano.” Mosebetsi oa motho o senyang o mo arohantse le ’Mōpi oa hae hoo ho hlalosoang mehopolo ea Molimo le litsela tsa oona li phahametse tsa motho “joale ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše.”—Esaia 55:8, 9.

4. Motho o khethile ho nka tsela efe, ’me see se mo isitse hokae?

4 Le ka mohla u se lebale hore ’Mōpi o ne a sa etsetsa motho hore a iketsetse lintho a sa tataisoe ke Eena. Ka nepo Jeremia o re lekanyetsa boemo, o re: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ho furalla ha motho litsela tse lokileng tsa Molimo le puso ea oona ho mo kentse tlas’a matla a sa bonahaleng a matla haholo a fapaneng ka ho felletseng, Satane Diabolose le mahlahana a hae a bademona. Moapostola Johanne o bolela ka khatiso: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Matla ana a bodemona ho hang ha a thahaselle ho phahamisa toka har’a batho.—1 Johanne 5:19.

5. Fana ka mehlala ea hore toka ha e eo lefatšeng kajeno.

5 Mohlala oa hore toka ha e eo mehleng ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho o ile oa totobatsoa ka 1984 ke ’muelli-kakaretso oa U.S., William French Smith. Ha a bua ka phuputso ea likahlolo tsa chankane linaheng tsa Amerika tse 12 pakeng tsa 1977 le 1983, Smith o itse: “Sechaba se nka hore batloli ba molao ba babe ka ho fetisisa—babolai, ba betang, ba rekisang lithethefatsi—ba sebeletsa likahlolo tse boima. Se fumanoeng ke lekala la boitsebiso . . . se bontša kamoo ho leng bobebe kateng hore linokoane tse seng li tiile lipelo li khutlele literateng ho ea etsa litlōlo tsa molao tse ncha.” Ha ho makatse hore e be Paul Kamenar oa Mokhatlo oa Molao oa Washington o itse: “Hangata tsamaiso ea toka e nyehlisoa haholo.”

6. (a) Boemo ba boitšoaro ba Juda e ne e le bofe pele e isoa botlamuoeng? (b) Habakuke o ile a botsa lipotso life, hona na lia sebetsa kajeno?

6 Toka e ne e nyehlile sechabeng sa Juda pele se oela matsohong a mabotho a Babylona ka 607 B.C.E. Kahoo, moprofeta oa Molimo Habakuke o ile a bululeloa ke Molimo ho re: “Molao o robetse, ha ho sa ahloleloa ka ho loka; hobane molotsana o likile ea lokileng, ’me kahlolo ea khopamisoa.” (Habakuke 1:4) Boemo bona ba ho hloka toka bo ile ba etsa hore moprofeta a botse Jehova: “U talimela’ng bathetsi? U khutsetsa’ng, ha molotsana a metsa ea mo fetisang ka ho loka?” (Habakuke 1:13) Kajeno, batho ba angoang ke tšebeliso ea ho hloka toka likarolong tsohle tsa mosebetsi oa motho ka ho tšoanang ba ka ’na ba botsa: Ke hobane’ng ha Molimo oa toka o tsoela pele ho talima ho hloka toka ho etsoang lefatšeng? Ke hobane’ng ha o lumella hore ‘kahlolo e khopamisoe’? Ke hobane’ng ha o ‘khutsitse’? Lipotso tsena ke tsa bohlokoa, ’me ke Lentsoe la bohlokoa la Molimo feela, Bibele, le fanang ka likarabelo tsa ’nete le tse khotsofatsang.

Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng ho Hloka Toka

7. (a) Ke hobane’ng ha motho a ile a lahleheloa ke Paradeise eo Molimo o neng o mo file eona? (b) Ke litseko life tse ileng tsa phahamisoa Edene, hona toka ea Molimo e ile ea arabela joang ho tsona?

7 Mesebetsi ea Molimo e phethehile, joalokaha Moshe a pakile hoo. Sena e ne e le ’nete mabapi le banyalani ba phethahetseng ba batho bao Molimo o ileng oa ba beha Paradeiseng ea Edene. (Genese 1:26, 27; 2:7) Tokisetso eo eohle e ne e le e phethahetseng bakeng sa boiketlo le thabo ea batho. Tlaleho ea Molimo ea re bolella: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.” (Genese 1:31) Empa kutloano e neng e le Edene ha ea ka ea tšoarella. Tlas’a tšusumetso ea sebopuoa sa moea sa mofetoheli, Eva le monna oa hae, Adama, ba ile ba khanneloa hore ba fetohele Jehova ka tsela eo A neng a ba busa ka eona. Joale ba ile ba qala ho belaella ho nepahala ha litaelo tsa Molimo. (Genese 3:1-6) Phephetso ena ea hore na puso ea Molimo e lokile e ile ea phahamisa litseko tsa bohlokoahali tsa boitšoaro. Tlaleho ea histori ea monna ea tšepahalang Jobo e bontša hore joale botšepehi ba libopuoa tsohle tsa Molimo le bona bo ne bo se bo belaelloa. Toka e ne e hloka hore ho fanoe ka nako ea ho rarolla litseko tsena tsa bohlokoa bokahohleng.—Jobo 1:6-11; 2:1-5; bona le Luka 22:31.

8. (a) Ke boemong bofe ba tlokotsi boo joale motho a iphumaneng a le ho bona? (b) Ho bonoa lehlaseli lefe la tšepo pineng ea Moshe?

8 Boemo ba tlokotsi boo batho ba leng ho bona, boo e leng phello ea ho lahla litsela tse lokileng tsa Molimo, bo akarelitsoe ke Pauluse ho Ba-Roma 8:22. Mono moapostola o ngotse: “Tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” Karolo e khōlō ea ho “feheloa” hoo le ho ba “tsietsing” e tlisitsoe ke hore toka ha e eo har’a batho kaha ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Empa re ka leboha Molimo o Matla ’Ohle ka hore o ke ke oa lumella ho khopamisoa ho joalo ha toka hore ho tsoele pele ka ho sa feleng! Ntlheng ena, hlokomela seo Moshe a ileng a tsoela pele ho se bua pineng ea hae, ho Deuteronoma 32:40, 41: “Ke phela ka ho sa feleng! Ha [’na Jehova] ke leotsa lerumo la ka le benyang, ’me letsoho la ka ha le tšoara kahlolo, ke tla iphetetsa ho lira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.”

9. Hlalosa kamoo letsoho la Jehova le ileng la “tšoara kahlolo” ha motho a mo fetohela.

9 Letsoho la Jehova le ile la “tšoara kahlolo” morao koana Edene. Ntle le tieho, ka nepo Molimo o ile oa ahlolela motho lefu ka hore ka boomo o ne a sa mamela litaelo tsa Oona. O ile oa bolella Adama: “U lerōle, ’me u tla khutlela leroleng.” (Genese 3:19) Makholo a lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a akaretsa liphello tse bohloko tse tletseng lelapa lohle la motho ka baka la tsela ea boetsalibe ea Adama. O ngotse: “Joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Ba-Roma 5:12.

10. Ke lipeo life tse peli tse ileng tsa hōla ho tloha bofetoheling ba Adama, ’me Jehova o arabetse joang?

10 Ka mor’a ho qaleha ha bofetoheli ba motho, Molimo o ile oa boela oa re: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:15, 17-19) Khōlo ea lipeo tsena tse peli e ’nile ea tsoela pele ka lilemo tse 6 000, ’me ka mehla ho ’nile ha e-ba le “hloeano” pakeng tsa tsona. Empa ho theosa le liketsahalo tsohle tse ntseng li fetoha lefatšeng, litsela tse lokileng tsa Jehova ha lia fetoha. Ka moprofeta oa hae Malakia, o re: “’Na Jehova, ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Sena se tiisitse hore litsela tsa Molimo tsa ho sebetsana le batho ba sa phethahalang ba bafetoheli ka mehla li ’nile tsa khetholloa ka toka. Le ka mohla Jehova ha aa ka a fapoha melao-motheo ea hae e phahameng, e lokileng, ha a ntse a etsa hore e lumellane le litšobotsi tsa hae tse babatsehang tsa bohlale, lerato, le matla.

Molimo o Lopolla Motho

11, 12. Ke joang Pesaleme ea 49 e hlalosang hantle tlokotsi ea motho?

11 Joaloka maoto a tlhapi e khōlō e bitsoang octopus, tšusumetso e khopo ea Satane e namme ho akarelletsa lelapa lohle la motho. Oho, batho ba tsietsing e kaakang eo ba hlokang ho lopolloa ho eona eseng feela kahlolong ea lefu e leketlileng holim’a bona empa hape le litsamaisong tse hlokang toka tsa puso ea batho ba sa phethahalang!

12 Tlokotsi e tšosang eo motho a iphumaneng a le ho eona ho tloha ha a ahloleloa lefu e boletsoe hantle pesalemeng e latelang ea bara ba Kore: “Mamelang litaba tsena, lōna lichaba kaofela; le sekehe litsebe, lōna batho bohle ba ahileng lefatšeng: bao e leng batho feela, le lōna marena, le ea ruileng le ea fumanehileng, bohle hammoho! Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae. Topollo ea bophelo ba motho e fetisa matla a hae, e tla ’ne e mo hlōle ka mehla. Ha ho kamoo motho a ka lopolloang hore a ’ne a phele ka ho sa feleng, a se ke a bona lebitla.” (Pesaleme ea 49:1, 2, 7-9) Ha re talima toka ea Molimo e senotsoeng, sena sohle se phethahetse!

13, 14. (a) Ke mang feela ea neng a ka lopolla motho, hona ke hobane’ng ha eo Molimo o mo khethileng e le ea loketseng hakaale? (b) Ke joang Jesu a fetohileng “e” lipallong tsa Molimo kaofela?

13 Joale, thuso e ka hlaha hokae? Ke mang ea ka lopollang motho matleng a lefu? Pesaleme ea arabela: “Molimo o tla hloibila moea oa ka matleng a nģalo ea bafu.” (Pesaleme ea 49:15) Ke lerato le leholo la Molimo feela, le sebetsang tumellanong le toka ea Oona, le ka lopollang motho “matleng a nģalo ea bafu.” Lipotso tsa rōna li arabetsoe ka ho eketsehileng bosiu ha Jesu a ne a buisana le Mofarisi ea seli Nikodema. Jesu o ile a ’molella: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Pele Mor’a Molimo a e-tla lefatšeng, o ne a phela le Ntat’ae leholimong. Bophelong ba hae pele e e-ba motho, o ne a boleloa e le ‘ea thabelang bana ba batho.’ (Liproverbia 8:31) Joale, ke ho loketseng hakaakang hore Jehova a khethe ho qolla sebopuoa sena sa moea—Mora oa Hae ea tsoetsoeng a ’notši—ho lopolla batho!

14 Mabapi le Jesu, Pauluse o itse: “Hobane lipallo tsa Molimo kaofela ha tsona ke e ho eena.” (2 Ba-Korinthe 1:20) E ’ngoe ea lipallo tsena tse tlalehiloeng ke moprofeta Esaia e boletsoe ho Mattheu 12:18, 21, moo re balang tjena mabapi le Jesu: “Bonang mohlanka oa ka eo ke ikhethetseng eena, moratuoa oa ka, eo moea oa ka o khahlisoang ke eena; ke tla bea Moea oa ka holim’a hae, ’me o tla bolella lichaba ho loka [“toka,” NW]. ’Me lichaba li tla tšepa lebitso la hae.—Bona Esaia 42:1-4.

15, 16. Ho ile ha khoneha joang hore Jesu a fetohe “Ra-bo-sa-feleng” oa bana ba Adama?

15 Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a hlakisa hore qetellong batho ba lichaba tsohle ba ne ba ka tšepa lebitso la hae ’me ka ho etsa joalo ba thabela melemo ea toka ea Molimo. Jesu o itse: “Joale ka Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.” (Mattheu 20:28) Molao o phethehileng oa Molimo o neng o filoe sechaba sa Iseraele o ne o re: “Bophelo bo lefuoe ka bophelo.” (Deuteronoma 19:21) Kahoo, ka mor’a hore Jesu a tele bophelo ba hae bo phethahetseng lefung ’me a tsosoe ka matla a Molimo hore a khutlele leholimong, o ne a le boemong ba ho nehelana ka molemo oa bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho ho Jehova e le tefo bakeng sa litokelo tsa bophelo tsa Adama. Ka tsela ena, Jesu o ile a fetoha “Adama oa morao [kapa oa bobeli]” ’me joale o filoe matla a ho nka bohato e le “Ra-bo-sa-feleng” ho bana bohle ba lumelang ba Adama.—1 Ba-Korinthe 15:45; Esaia 9:6.

16 Tsela ea Molimo ea poloko e tlang ka tokisetso ea oona e lerato ea sehlabelo sa topollo sa Mora oa oona, Jesu Kreste, e ‘bolelletsoe lichaba’ ka tsela eo. Hape ruri e khetholloa ka toka ea Molimo. Re lokela ho leboha hakaakang hore e be Molimo o lokisitse tsela bakeng sa hore ‘meea ea rōna e lopolloe matleng a nģalo ea bafu’!

Ho Phahamisa Topollo

17, 18. Ke selekane sefe seo C. T. Russell a ileng a kena ho sona ka bo-1870, empa ka 1878 Barbour o ile a mo nyarosa joang?

17 Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno ka mehla li ’nile tsa phahamisa thuto ea sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste. Hoa thahasellisa ho hopola hore mookameli oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, Charles Taze Russell, ka nako e ’ngoe e ne e le e mong oa bangoli le ba tšehetsang ka chelete makasine oa bolumeli o neng o bitsoa The Herald of the Morning. Qalong makasine oo o ne o hatisoa ke Mosabbatha, N. H. Barbour oa Rochester, New York, U.S.A. Russell o ne a le lilemong tsa bo-20, empa Barbour o ne a le moholo haholo.

18 Selekane seo se ile sa bonahala se tsamaea hantle ho fihlela ka 1878, ha ka tšohanyetso Barbour a hatisa sehlooho se neng se latola thuto ea topollo. Ha a hlalosa se ileng sa etsahala, Russell o itse: “Mong. Barbour . . . o ile a ngola sehlooho se seng bakeng sa The Herald se neng se latola thuto ea Ho Rekolloa—se neng se latola hore lefu la Kreste ke theko ea Topollo bakeng sa Adama le moloko oa hae, se bolela hore lefu la Morena oa rōna le ne le ke ke la koahela tefo ea kotlo ea libe tsa motho joalokaha motsoali oa lefatšeng a ke ke a talima ho hlaba ntsintsi ka nale le ho e utloisa bohloko ho fihlela e e-shoa e le tharollo e lokileng bakeng sa ketso e fosahetseng ea ngoan’a hae.”

19. (a) Russell o ile a arabela joang maikutlong a Barbour ka topollo? (b) Na takatso ea Russell mabapi le Molula-Qhooa e phethahalitsoe?

19 Russell o ne a ka ’na a qhekelloa ke ’mate oa hae ea neng a le moholoanyane, empa ha aa ka a qhekelloa. Ka likhoeli tse ’maloa, phehisano e ile ea tsoela pele ka har’a koranta eo, Barbour a latola topollo ’me Russell a ngola a e buella. Qetellong, Russell o ile a ikhula ka ho felletseng tšebelisanong le Barbour ’me a qala ho hatisa makasine ona, oo ka nako eo o neng o bitsoa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. C. T. Russell o ile a senola maikutlo ana ka makasine o mocha: “Ho tloha qalong, e bile ’muelli ea khethehileng oa Topollo; ’me, ka mohau oa Molimo, re tšepa hore o tla ba joalo ho isa qetellong.” Na tšepo ea mohlophisi Russell e phethahalitsoe? Ka sebele e phethahalitsoe! Tlhalosong, leqephe 2 la tokollo eona ena le bolela hore makasine ona “o khothalletsa ho lumela ho Morena ea busang hona joale, Jesu Kreste, eo mali a hae a tšolotsoeng a buletseng batho tsela ea ho fumana bophelo bo sa feleng.”

20. Ke lipotso life tse ntseng li e-s’o arabeloe?

20 Puisanong ea rōna ho tla fihlela joale, re ile ra sala morao tsela ea toka ea Molimo ha o batla mokhoa oa ho lopolla batho kahlolong ea sebe le lefu e leketlileng holim’a lelapa la motho. Lerato le ile la fana ka mokhoa oo. Leha ho le joalo, lipotso tse kang tsena li sa ntsane li e-s’o arabeloe: Melemo ea sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste e fumaneha joang? U ka fumana molemo joang ho eona, hona e ka ba kapele hakae? Sehlooho se latelang se fana ka likarabelo tseo ka tieo li tla eketsa tšepo ea hao ea hore toka e khetholla litsela tsohle tsa Molimo.

U ne u Tla Arabela Joang?

◻ Molimo o nka toka e le ea bohlokoa hakae?

◻ Ke hobane’ng ha ho e-na le ho hloka toka ho hongata hakaale har’a batho?

◻ Molimo o ile oa lokisetsa ho pholosa motho lefung joang?

◻ Molula-Qhooa o phahamisitse topollo ho isa boholeng bofe?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Moshe o bua mantsoe ana a pina ea hae mahoatateng a Moabe

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Molimo o ratile lefatše hakaalo hoo o ileng oa fana ka Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela