Jehova—Mohloli oa Toka ea ’Nete le ho Loka ha ’Nete
“Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka.”—DEUTERONOMA 32:4, NW.
1. Ke hobane’ng ha ka tlhaho re hloka toka?
FEELA joalokaha e mong le e mong ka tlhaho a hloka lerato, ka ho tšoanang, kaofela ha rōna re labalabela ho tšoaroa ka toka. Ho joalokaha setsebi sa Moamerika ho tsa lipolotiki Thomas Jefferson a ile a ngola, “[toka] ke tšekamelo ea tlhaho le eo motho a tsoaloang le eona, . . . joalokaha e le karolo ea sebōpeho sa maikutlo, pono, kapa kutlo ea rōna.” Sena ha se makatse, kaha Jehova o re bōpile ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26) Ka sebele, o re file litšobotsi tse bonahatsang botho ba hae, tseo e ’ngoe ea tsona e leng toka. Ke ka lebaka leo ka tlhaho re hlokang toka re bileng re lakatsang ho phela lefatšeng le nang le toka ea ’nete le ho loka ha ’nete.
2. Toka ke ea bohlokoa hakae ho Jehova, ’me ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re utloisise se boleloang ke toka ea bomolimo?
2 Ka Jehova, Bibele ea re tiisetsa: “Litsela tsohle tsa hae ke toka.” (Deuteronoma 32:4, NW) Empa lefatšeng le tletseng ho hloka toka, ha ho bonolo ho utloisisa se boleloang ke toka ea bomolimo. Leha ho le joalo, ka se ngotsoeng Lentsoeng la Molimo, re ka hlokomela kamoo Molimo a sebelisang toka kateng esita le ho ananela litsela tsa Molimo tse babatsehang le ho feta. (Baroma 11:33) Ho utloisisa toka ho ea ka kutloisiso ea Bibele ke habohlokoa hobane mohlomong e ka ’na eaba seo re se utloisisang ka toka se susumelitsoe ke likhopolo tsa batho. Ho ea ka pono ea batho, toka e ka ’na ea nkoa e le ho sebelisa tsamaiso ea molao ka tsela e se nang leeme. Kapa joalokaha rafilosofi Francis Bacon a ile a ngola, “toka e akarelletsa ho fa motho e mong le e mong se mo lokelang.” Leha ho le joalo, toka ea Jehova e akarelletsa se fetang seo hōle.
Toka ea Jehova e Thoba Pelo
3. Ke eng se ka ithutoang ka ho hlahloba mantsoe a puo ea qalong a sebelisitsoeng ka Bibeleng e leng toka le ho loka?
3 Botebo ba toka ea Molimo bo ka utloisisoa hamolemonyana ka ho hlahloba tsela eo mantsoe a puo ea qalong a sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng.a Ho thahasellisang ke hore ka Mangolong ha ho na phapang e kaalo pakeng tsa toka le ho loka. Ha e le hantle, ka linako tse ling mantsoe a Seheberu a sebelisoa ka tsela e tšoanang, joalokaha re bona ho Amose 5:24 (NW), moo Jehova a phehellang batho ba hae ka matla: “Toka a e hlahe feela joaloka metsi, le ho loka joaloka molapo o phoroselang o phallang kamehla.” Ho feta moo, mantsoe “toka le ho loka” a atisa ho hlaha a le ’moho ho hatisa ntlha.—Pesaleme ea 33:5, NW; Esaia 33:5; Jeremia 33:15, NW; Ezekiele 18:21; 45:9, NW.
4. Ho bolela eng ho sebelisa toka, ’me tekanyetso ea ho qetela ea toka ke eng?
4 Mantsoe aa a Seheberu le a Segerike a fana ka moelelo ofe? Ho sebelisa toka ka kutloisiso ea Mangolo ho bolela ho etsa se lokileng le se hlokang leeme. Kaha Jehova ke eena ea fanang ka melao le melao-motheo ea boitšoaro, kapa ea se lokileng le se hlokang leeme, tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona ke eona tekanyetso ea ho qetela ea toka. Theological Wordbook of the Old Testament e hlalosa hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho loka (tseʹdheq) “le bolela tekanyetso e lumelloang ke molao, ea boitšoaro ’me ha e le hantle ka [Testamenteng ea Khale] tekanyetso eo ke boleng le thato ea Molimo.” Kahoo, tsela eo Molimo a sebelisang melao-motheo ea hae ka eona, ’me ka ho khetheha tsela eo a sebetsanang le batho ba sa phethahalang ka eona, e bontša bohlokoa ba toka ea ’nete le ho loka ha ’nete.
5. Ke litšobotsi life tse tlamahaneng le toka ea Molimo?
5 Mangolo a bontša ka ho hlaka hore toka ea bomolimo e thoba pelo ho fapana le ho ba e hatellang le e sa tenyetseheng. Davida o ile a bina: “Jehova o rata toka, ’me ha a na ho tlohela ba hae ba tšepahalang.” (Pesaleme ea 37:28, NW) Toka ea Molimo e mo susumelletsa ho tšepahala le ho bontša bahlanka ba hae kutloelo-bohloko. Toka ea bomolimo e nahanela litlhoko tsa rōna ’me e siela ho se phethahale ha rōna sebaka. (Pesaleme ea 103:14) Seo hase bolele hore Molimo o lumella bokhopo, kaha ho etsa joalo ho ne ho tla khothalletsa ho hloka toka. (1 Samuele 3:12, 13; Moeklesia 8:11) Jehova o ile a hlalosetsa Moshe hore Eena ‘o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o tletse mohau le ’nete.’ Le hoja a ikemiselitse ho tšoarela liphoso le litlōlo tsa molao, Molimo ha a na ho lokolla ba tšoaneloang ke kotlo kotlong.—Exoda 34:6, 7.
6. Jehova o sebetsana le bana ba hae ba lefatšeng joang?
6 Ha re nahanisisa ka tsela eo Jehova a sebelisang toka ka eona, ha rea lokela ho nahana ka eena e le moahloli ea thata, ea amehileng feela ka ho liha kahlolo ho bafosi. Ho fapana le hoo, re lokela ho nahana ka eena e le ntate ea lerato empa ea tiileng eo kamehla a sebetsanang le bana ba hae ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang. Moprofeta Esaia o ile a re: “Jehova, u ntat’a rōna.” (Esaia 64:8) Joaloka Ntate ea nang le toka le ea lokileng, Jehova o leka-lekanya ho tiea ha hae ka se nepahetseng le kutloelo-bohloko e mofuthu ho bana ba hae ba lefatšeng, ba hlokang ho thusoa kapa ho tšoareloa ka lebaka la maemo a thata kapa mefokolo ea nama.—Pesaleme ea 103:6, 10, 13.
Ho Hlakisa Seo Toka e Leng Sona
7. (a) Re ithuta eng ka toka ea bomolimo boprofeteng ba Esaia? (b) Jesu o phethile karolo efe ho ruteng lichaba toka?
7 Tšobotsi ea Jehova ea ho bontša kutloelo-bohloko ha a sebelisa toka e ile ea totobatsoa ka ho tla ha Mesia. Jesu o ile a ruta toka ea bomolimo ’me a phela tumellanong le eona, joalokaha moprofeta Esaia a ne a boletse esale pele. Ka ho hlakileng, toka ea Molimo e akarelletsa ho tšoara ka mosa batho ba tlas’a khatello. Kahoo, ha baa hatelleha hoo ba ke keng ba imoloha. Jesu, e leng “mohlanka” oa Jehova, o tlile lefatšeng ho tla “hlakisetsa lichaba” tšobotsi ena ea toka ea Molimo. ’Me ka holimo ho tsohle, o entse sena ka ho re behela mohlala o phelang oa seo toka ea bomolimo e se bolelang. E le “lehlomela la ho loka” la Morena Davida, Jesu o ne a thahasella ‘ho tla ahlōla ka toka, a thahasella ho loka.’—Esaia 16:5, BPN; 42:1-4; Matheu 12:18-21; Jeremia 33:14, 15.
8. Ke hobane’ng ha toka le ho loka li ile tsa pateha lekholong la pele la lilemo?
8 Ho hlakisoa ho joalo ha tšobotsi ena ea toka ea Jehova ho ne ho hlokahala ka ho khetheha lekholong la pele la lilemo C.E. Baholo ba Bajuda le baeta-pele ba bolumeli—bangoli, Bafarisi le ba bang—ba ne ba phatlalatsa ’me ba fana ka maikutlo a sothehileng ka toka le ho loka. Ka lebaka leo, batho feela ba tloaelehileng, ba neng ba fumana ho sa khonehe ho phela ka litekanyetso tseo bangoli le Bafarisi ba neng ba li beha, ho ka etsahala hore ba ile ba nahana hore ho loka ha Molimo ho ne ho le hōle haholo le hore ba ka ho finyella. (Matheu 23:4; Luka 11:46) Jesu o ile a bontša hore ho ne ho se joalo. O ile a khetha barutuoa ba hae har’a bona batho bana ba tloaelehileng, ’me a ba ruta litekanyetso tsa Molimo tsa ho loka.—Matheu 9:36; 11:28-30.
9, 10. (a) Bangoli le Bafarisi ba ile ba leka ho iponahatsa ba lokile joang? (b) Jesu o ile a senola joang hore mesebetsi ea bangoli le Bafarisi ke ea lefeela, hona hobane’ng?
9 Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba ne ba batla litsela tsa ho bontša “ho loka” ha bona, ka ho rapela kapa ho ntšetsa menehelo pontšeng. (Matheu 6:1-6) Hape ba ne ba leka ho bontša ho loka ha bona ka ho khomarela melao le likhopolo tse ngata bo se nang palo—bongata ba tsona e le tseo ba iqapetseng tsona. Boiteko boo bo ile ba etsa hore ba ‘fete toka le lerato tsa Molimo.’ (Luka 11:42) Mohlomong ba ne ba bonahala ba lokile ka ntle, empa ka hare ba ne ba ‘tletse ho se ee ka molao,’ kapa ho se loke. (Matheu 23:28) Ka mantsoe a bonolo feela, ba ne ba hlile ba tseba ho fokolang ka ho loka ha Molimo.
10 Ka lebaka leo, Jesu o ile a lemosa balateli ba hae: “Haeba ho loka ha lōna ho sa ate ho feta ha bangoli le Bafarisi, ho hang ha le na ho kena ’musong oa maholimo.” (Matheu 5:20) Phapang e khōlō pakeng tsa toka ea bomolimo eo Jesu a neng a e bonahatsa le ea bangoli le Bafarisi ba hlooho li thata ba neng ba nahana hore ba lokile e bile sesosa sa liqabang tse ngata pakeng tsa bona.
Toka ea Bomolimo ha e Bapisoa le Toka e Sothehileng
11. (a) Ke hobane’ng ha Bafarisi ba ne ba botsa Jesu mabapi le ho phekola ka Sabatha? (b) Karabo ea Jesu e ile ea senola eng?
11 Nakong ea tšebeletso ea hae Galilea nakong ea selemo selemong sa 31 C.E., Jesu o ile a bona monna e mong ea nang le letsoho le omeletseng ka synagogeng. Kaha e ne e le Sabatha, Bafarisi ba ile ba botsa Jesu: “Na ho lumelloa ke molao ho phekola ka sabatha?” Ho fapana le hore ba ikutloe ba hlile ba amehile ka monna enoa ea futsanehileng ea kulang, ba batla ho fumana lebaka la boikaketsi la ho nyatsa Jesu, joalokaha potso ea bona e bontša. Hase feela Jesu a ileng a utloisoa bohloko ke lipelo tsa bona tse hlokang mohau! Ka ho tšoanang o ile a akhela potso e tobileng ho Bafarisi: “Na ho lumelloa ke molao ho etsa ketso e molemo . . . ka sabatha?” Ha ba ntse ba khutsitse, Jesu a ikarabela potsong ea hae ka ho ba botsa hore na ba ne ba ke ke ba pholosa nku e oetseng ka sekoting ka Sabatha na.b “Motho ke oa bohlokoa hakaakang ho feta nku!” Jesu o ile a beha mabaka ka tsela e utloahalang e ke keng ea hanyetsoa. O ile a phetha: “Kahoo ho lumelloa ke molao [kapa ho lokile] ho etsa ntho e ntle ka sabatha.” Le ka mohla toka ea Molimo ha ea lokela ho feneketsoa ka lineano tsa batho. Ka mor’a ho hlakisa ntlha ena, Jesu o ile a tsoela pele ’me a folisa letsoho la monna eo.—Matheu 12:9-13; Mareka 3:1-5.
12, 13. (a) Ho fapana le bangoli le Bafarisi, Jesu o ile a bontša joang hore o thahasella ho thusa baetsalibe? (b) Phapang ke efe pakeng tsa toka ea bomolimo le ea ho itokafatsa?
12 Haeba Bafarisi ba ne ba sa tsotelle hakaalo ba kulang nameng, e tlameha ebe ba ne ba sa tsotelle ba futsanehileng moeeng le ho feta. Pono ea bona e sothehileng ka ho loka e entse hore ba hlokomolohe le ho khesa babokelli ba lekhetho le baetsalibe. (Johanne 7:49) Leha ho le joalo, ba bangata ba joalo ba ile ba arabela thutong ea Jesu, ntle ho pelaelo ba hlokometse hore o lakatsa ho ba thusa eseng ho ba fa kahlolo. (Matheu 21:31; Luka 15:1) Leha ho le joalo, Bafarisi ba ile ba nyenyefatsa boiteko ba Jesu ba ho folisa ba kulang moeeng. Ba ile ba honotha ka ho nyefola: “Monna enoa o amohela baetsalibe ka mofuthu ’me o ja le bona.” (Luka 15:2) Ha a arabela qoso ea bona, Jesu o ile a boela a etsa papiso ea molisa. Feela joalokaha molisa a thaba ha a fumana nku e lahlehileng, ka ho tšoanang le mangeloi leholimong aa thaba ha moetsalibe a le mong a baka. (Luka 15:3-7) Jesu ka boeena o ile a thaba ha a khonne ho thusa Zakiase ho baka tseleng ea hae ea pele ea boetsalibe. O ile a re: “Mora oa motho o tletse ho batla le ho pholosa se neng se lahlehile.”—Luka 19:8-10.
13 Likhohlano tsena li bontša ka ho hlaka phapang e pakeng tsa toka ea bomolimo, e batlang ho folisa le ho pholosa, le ho itokafatsa, ho batlang ho phahamisa ba seng bakae feela le ho nyatsa ba bangata. Meetlo e se nang thuso le lineano tse entsoeng ke batho li entse hore bangoli le Bafarisi ba ikhohomose hape ba inke e le ba bohlokoa, empa ka ho loketseng Jesu o ile a bontša hore “ba hlokomolohile litaba tse tōma haholoanyane tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.” (Matheu 23:23) E se eka re ka etsisa Jesu ka ho sebelisa toka ea ’nete ho sohle seo re se etsang ’me hape re ele hloko leraba la ho itokafatsa.
14. O mong oa mehlolo eo Jesu a e entseng o bontša joang hore toka ea bomolimo e nahanela maemo a motho?
14 Le hoja Jesu a ile a hlokomoloha melao e hatellang ea Bafarisi, o ile a boloka Molao oa Moshe. (Matheu 5:17, 18) Ka ho etsa joalo, ha aa ka a lumella hore ho tiea ha Molao oo o lokileng ho koahele melao-motheo ea oona. Ha mosali ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali ka lilemo tse 12 a ne a ama liaparo tsa hae ’me a fola, Jesu o ile a re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse; tsamaea ka khotso.” (Luka 8:43-48) Mantsoe a Jesu a bontšang kutloelo-bohloko a tiisa hore toka ea Molimo e ile ea nahanela maemo a hae. Le hoja ka tloaelo a ne a sa hloeka ’me ha e le hantle a tlōtse Molao oa Moshe ka ho ba har’a letšoele, tumelo ea hae e ne e tšoaneloa ke ho putsoa.—Levitike 15:25-27; bapisa le Baroma 9:30-33.
Ho Loka ke ha e Mong le e Mong
15, 16. (a) Papiso ea Jesu ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani e re ruta eng ka toka? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ba ba “lokileng ka ho fetisisa”?
15 Ntle le ho totobatsa tšobotsi ena ea kutloelo-bohloko, Jesu o ile a boela a ruta barutuoa ba hae hore toka ea bomolimo e lokela ho akarelletsa batho bohle. E ne e le thato ea Jehova hore a ‘tlisetse lichaba ho loka.’ (Esaia 42:1) Ena ke e ’ngoe ea lintlha tse totobatsoang ke e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu tse tummeng ka ho fetisisa, e leng ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. Papiso eo e ne e arabela potso e neng e botsitsoe ke monna e mong ea neng a rutehile Molaong ea neng a batla ho “ipaka a lokile.” O ile a botsa, “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” ntle ho pelaelo a lakatsa ho lekanyetsa boikarabelo ba hae ba boahelani ho sechaba sa Bajuda feela. Mosamaria oa papisong ea Jesu o ile a bontša ho loka ha bomolimo, kaha o ile a ikemisetsa ho sebelisa nako ea hae le chelete ea hae ho thusa motho eo a sa mo tsebeng oa sechaba se seng. Jesu o ile a phetha papiso ea hae ka ho eletsa ea neng a mo botsitse potso: “U ’ne u etse ho tšoanang ka bouena.” (Luka 10:25-37) Haeba le rōna ka ho tšoanang re etsa se molemo ho batho bohle ho sa tsotellehe ’mala oa bona kapa semelo sa morabe, re tla be re etsisa toka ea Molimo.—Liketso 10:34, 35.
16 Ka lehlakoreng le leng, mohlala oa bangoli le Bafarisi o re hopotsa hore haeba re sebelisa toka ea bomolimo, ha rea lokela ho ba ba “lokileng ka ho fetisisa.” (Moeklesia 7:16) Ho batla ho khahlisa ba bang ka ho iponahatsa re lokile kapa ho etsa hore melao e entsoeng ke batho e be ea bohlokoa ka ho feteletseng ho ke ke ha etsa hore re amoheloe ke Molimo.—Matheu 6:1.
17. Ke hobane’ng ha e hlile e le habohlokoa ho bonahatsa toka ea bomolimo?
17 Lebaka le leng leo Jesu a ileng a hlakisetsa lichaba boleng ba toka ea Molimo ka lona e ne e le hore barutuoa bohle ba hae ba khone ho ithuta ho bontša tšobotsi ena. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Mangolo a re phehella ka matla ho ba “baetsisi ba Molimo,” ’me litsela tsohle tsa Molimo ke tsa toka. (Baefese 5:1) Ka ho tšoanang, Mikea 6:8 (NW) e hlalosa hore e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a li hlokang ke hore re “sebelise toka” ha re ntse re tsamaea le Molimo oa rōna. Ho feta moo, Sofonia 2:2, 3 e re hopotsa hore haeba re lakatsa ho patoa letsatsing la bohale ba Jehova, re lokela ho ‘batla ho loka’ pele letsatsi leo le fihla.
18. Ho tla arabeloa lipotso life sehloohong se latelang?
18 Ka hona matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko ke eona “nako e amohelehang ka ho khethehileng” ea ho sebelisa toka. (2 Bakorinthe 6:2) Re ka kholiseha hore haeba joaloka Jobo, re “ikapesa ka ho loka” ’me ‘toka e e-ba kobo ea rōna,’ Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Jobo 29:14) Ho ba le tumelo tokeng ea Jehova ho tla re thusa joang ho talima bokamoso ka tšepo? Ho feta moo, ha re ntse re emetse “lefatše le lecha” la ho loka, toka ea bomolimo e re sireletsa joang moeeng? (2 Petrose 3:13) Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Mangolong a Seheberu, ho ameha mantsoe a mararo a sehlooho. Le leng la ’ona (mish·patʹ) le atisa ho fetoleloa e le “toka.” A mang a mabeli (tseʹdheq le lentsoe le leng le amanang le lona tsedha·qahʹ) hangata a fetoleloa e le “ho loka.” Lentsoe la Segerike le fetoleloang e le “ho loka” (di·kai·o·syʹne) le hlalosoa e le “boemo ba ho ba ea lokileng kapa ea nang le toka.”
b Mohlala oa Jesu o ne o loketse hantle hobane molao oa molomo oa Bajuda o ne o ba lumella ka ho toba hore ba thuse phoofolo e bothateng ka Sabatha. Liketsahalong tse ling tse ’maloa, ho bile le phehisano ka eona taba ena, e leng hore na ho lumelloa ke molao ho folisa ka Sabatha.—Luka 13:10-17; 14:1-6; Johanne 9:13-16.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke eng se boleloang ke toka ea bomolimo?
◻ Jesu o ile a ruta toka lichabeng joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho loka ha Bafarisi ho ne ho khopame?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa toka?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Jesu o ile a hlakisa botebo ba toka ea bomolimo