KHAOLO EA 11
“Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
1, 2. (a) Josefa o ile a ba tlas’a ho hloka toka hofe ho feteletseng? (b) Jehova o ile a lokisa ho hloka toka hoo joang?
E NE e le ho hloka toka ho feteletseng. Mohlankana e mong ea bohehang o ne a sa etsa tlolo ea letho ea molao, leha ho le joalo o ile a iphumana a koaletsoe teronkong, a qosoa ka bohata ka teko ea ho beta. Empa lena e ne e se lekhetlo la pele a tšoaroa ka ho hloka toka. Lilemo pejana, ha a le lilemo li 17, mohlankana enoa, Josefa, o ne a ile a tsuoa tlase ke baholoane ba hae, ha sala hanyenyane feela hore ba mo bolaee. Ho tloha moo o ile a rekisoa bokhobeng naheng esele. Ha a le moo o ile a hana ho hoka-hokoa ke mosali oa mong’a hae. Mosali enoa ea hannoeng o ile a rera qoso ea bohata, e leng eona e ileng ea etsa hore a tšoaroe. Ka masoabi, ho ne ho bonahala ho se ea buellang Josefa.
2 Leha ho le joalo, Molimo ea ‘ratang ho loka le toka’ o ne a ntse a shebile. (Pesaleme ea 33:5) Jehova o ile a nka khato ho lokisa ho hloka toka hoo, a tsamaisa litaba ka tsela eo ka eona qetellong Josefa a ileng a lokolloa. Ho feta moo, Josefa ea neng a lahletsoe “teronkong” o ile a qetella a behiloe boemong bo phahameng ba boikarabelo le ba tlhompho e ikhethang. (Genese 40:15; 41:41-43; Pesaleme ea 105:17, 18) Qetellong, Josefa o ile a boleloa a se molato, ’me a sebelisa boemo ba hae bo phahameng ho ntšetsa pele morero oa Molimo.—Genese 45:5-8.
Josefa o ile a koalloa “teronkong” ka ho hloka toka
3. Ke hobane’ng ha ho sa makatse ha kaofela ha rona re batla ho tšoaroa ka tsela e nang le toka?
3 Na tlaleho e kang ee ha e re ame maikutlo? Ke mang ho rona ea e-s’o ka a bona kapa a tšoaroa ka ho hloka toka? Ke ’nete hore kaofela ha rona re batla ho tšoaroa ka tsela e nang le toka, e se nang leeme. Sena ha se makatse, kaha Jehova o re file litšobotsi tse bonahatsang botho ba hae, ’me toka ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae tse ka sehloohong. (Genese 1:27) E le hore re tsebe Jehova hantle, re lokela ho utloisisa boikutlo ba hae ka toka. Ka tsela eo re ka ananela ka ho tebileng le ho feta litsela tsa hae tse babatsehang ’me ra susumelletseha ho mo atamela.
Toka ke Eng?
4. Hangata batho ba nka hore toka ke eng?
4 Hangata batho ba nka hore toka ke ho sebelisa melao ka tsela e se nang leeme feela. Buka ea Right and Reason—Ethics in Theory and Practice e bolela hore “toka e amahanngoa le molao, ho ba tlas’a tlamo e itseng, litokelo le boikarabelo, ’me e ahlola ka ho hloka leeme kapa ka ho tšoaneleha.” Leha ho le joalo, toka ea Jehova ha se feela ho sebelisa melao e itseng e le ho phetha boikarabelo bo itseng kapa tlamo e itseng.
5, 6. (a) Mantsoe a puo ea qalong a fetoletsoeng e le “toka” a bolela’ng? (b) Ho bolela’ng hore Molimo o na le toka?
5 Ho pharalla le ho teba ha toka ea Jehova ho ka utloisisoa hamolemo ka ho hlahloba mantsoe a puo ea qalong a sebelisitsoeng ka Bibeleng ha ho buuoa ka toka. Hona le mantsoe a mararo a ka sehloohong a sebelisitsoeng Mangolong a Seheberu. Le leng la ’ona leo hangata le fetoleloang e le “toka,” le ka boela la fetoleloa e le “se nepahetseng.” (Genese 18:25) Mantsoe a mang a mabeli oona hangata a fetoleloa e le “ho loka.” Mangolong a Segerike lentsoe le fetoleloang e le “ho loka” le bolela ho “ho nepa kapa ho ba le toka.” Kahoo ho hlakile hore ho loka le toka lia amana.—Amose 5:24.
6 Kahoo, ha Bibele e re Molimo o na le toka, e re bolella hore o etsa se nepahetseng le se hlokang leeme le hore o etsa joalo a sa feto-fetohe, a se na leeme. (Baroma 2:11) Ha e le hantle, ke ho sa utloahaleng ho nahana hore a ka etsa ho hong ho fapaneng. Elihu ea tšepahalang o ile a re: “Ha se ntho e utloahalang hore Molimo oa ’nete a etse bokhopo le hore Ea Matla ’Ohle a etse ntho e fosahetseng!” (Jobo 34:10) Ha e le hantle, ho ke ke ha etsahala hore Jehova a hloke toka. Hobane’ng? Ho na le mabaka a mabeli a bohlokoa.
7, 8. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ke ke a etsa ho hlokang toka? (b) Ke’ng se susumelletsang Jehova ho etsa ho lokileng, kapa ho nang le toka litšebelisanong tsa hae?
7 Lebaka la pele, oa halalela. Joalokaha re bone Khaolong ea boraro, Jehova o hloekile hape o khabane ka ho ke keng ha lekanngoa. Ka hona, a ke ke a etsa ho sa lokang, kapa ho hlokang toka. Nahana hore na seo se bolela’ng. Ho halalela ha Ntate oa rona oa leholimo ho re fa mabaka a matla a ho lumela hore le ka mohla a ke ke a tšoara bana ba hae hampe. Jesu o ne a kholisehile ka seo. Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae lefatšeng, o ile a rapela a re: “Ntate ea halalelang, ke kopa u ba sireletse [barutuoa] molemong oa lebitso la hao.” (Johanne 17:11) “Ntate ea halalelang” e sebelisoa ha ho buuoa ka Jehova feela ka Mangolong. Sena se loketse, kaha ha ho ntate oa motho ea ka bapisoang le eena ka khalalelo. Jesu o ne a lumela ka tieo hore barutuoa ba hae ba ne ba tla sireletseha tlas’a tlhokomelo ea Ntate ea hloekileng le ea se nang sekoli le ea arohileng ka ho feletseng sebeng sohle.—Matheu 23:9.
8 Lebaka la bobeli, lerato le se nang boithati ke tšobotsi e ka sehloohong ea botho ba Molimo. Lerato leo le mo susumelletsa ho ba ea lokileng, kapa ea nang le toka litšebelisanong tsa hae le ba bang. Empa ho hloka toka ha mefuta-futa, ho akarelletsa lehloeo la morabe, khethollano le ho bontša leeme, hangata ho susumetsoa ke meharo le boithati, e leng tse hananang le lerato. Ha e bua ka Molimo ea lerato, Bibele e re tiisetsa hore “Jehova o lokile, o rata liketso tse lokileng.” (Pesaleme ea 11:7) Jehova o re ka eena: “’Na, Jehova, ke rata toka.” (Esaia 61:8) Na ha se ho tšelisang ho tseba hore Molimo oa rona oa thaba ha ho etsoa se nepahetseng, kapa se nang le toka?—Jeremia 9:24.
Mohau le Toka ea Jehova e Phethahetseng
9-11. (a) Toka ea Jehova e amana joang le mohau oa hae? (b) Toka ea Jehova le mohau oa hae li bonahala joang tseleng eo a sebetsanang le batho ba baetsalibe ka eona?
9 Toka ea Jehova, feela joaloka litšobotsi tse ling tsohle tsa botho ba hae boo ho seng bo ka bapisoang le bona, e phethahetse, ha e haelloe ke letho. Ha a rorisa Jehova, Moshe o ile a ngola a re: “Ke Lefika, lintho tsohle tseo a li etsang li phethahetse hobane litsela tsohle tsa hae li na le toka. Ke Molimo ea tšepahalang le ea se nang leeme, o lokile ’me oa hlompheha.” (Deuteronoma 32:3, 4) Ponahatso e ’ngoe le e ’ngoe ea toka ea Jehova ha e na sekoli. Ha ho mohla e nyehlileng haholo ebile ha ho mohla e leng sehloho.
10 Toka ea Jehova e amana haufi le mohau oa hae. Pesaleme ea 116:5 e re: “Jehova o na le kutloelo-bohloko ebile o lokile [“o na le toka,” The New American Bible]. Molimo oa rona o mohau.” Ka sebele, Jehova o na le toka ebile o mohau. Litšobotsi tseo tse peli ha li hanane. Taba ea hore Jehova o mohau ha e bolele hore ha a sa tla etsa lintho ka toka, le teng ha a etsa lintho ka toka, ha ho bolele hore ke Molimo ea se nang mohau. Ho e-na le hoo, o atisa ho bonahatsa litšobotsi tseo tse peli ka nako e le ’ngoe, esita le ketsahalong e le ’ngoe. Nahana ka mohlala o latelang.
11 Batho bohle ba futsitse boetsalibe, kahoo ba tšoaneloa ke kotlo ea sebe e leng lefu. (Baroma 5:12) Empa Jehova ha a thabele ho shoa ha baetsalibe. Ke “Molimo ea ikemiselitseng ho tšoarela, ea utloelang batho bohloko le ea mohau.” (Nehemia 9:17) Leha ho le joalo, kaha oa halalela, a ke ke a lumella ho se loke. Joale, o ne a ka bontša batho ba futsitseng boetsalibe mohau joang? Karabo e fumanoa ho e ’ngoe ea linnete tsa bohlokoahali tsa Lentsoe la Molimo, e leng tokisetso ea tefo ea topollo eo Jehova a e entseng ho pholosa moloko oa batho. Re tla ithuta ka ho eketsehileng ka tokisetso ena e lerato Khaolong ea 14. E na le toka ka ho feletseng ebile e mohau ka ho fetisisa. Ka eona, Jehova a ka hauhela baetsalibe ba bakileng ha ka nako e tšoanang a boloka litekanyetso tsa toka ea hae e phethahetseng.—Baroma 3:21-26.
Toka ea Jehova e Ama Maikutlo
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha toka ea Jehova e re hulela ho eena? (b) Davida o ile a etsa qeto efe ka toka ea Jehova, hona see se ka re tšelisa joang?
12 Toka ea Jehova ha e etse hore re mo tšabe, empa e re hulela ho eena ’me e etsa hore re mo rate. Bibele e hlalosa ka ho hlaka kamoo toka, kapa ho loka ha Jehova, ho nang le kutloelo-bohloko kateng. A re hlahlobeng tse ling tsa litsela tse amang maikutlo tseo Jehova a sebelisang toka ea hae ka tsona.
13 Toka ea Jehova e phethahetseng e mo susumelletsa ho bontša botšepehi ho bahlanka ba hae. Davida o ne tseba hore Jehova ke motsoalle ea tšephalang kaha o ne a mo tšepahalla. Hape o ne a ithutile ho hongata ka Jehova tseleng eo a neng a sebetsana le metsoalle e meng ea hae kateng. Kahoo o ile a re: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela batho ba hae ba tšepahalang. Ba tla lula ba sirelelitsoe.” (Pesaleme ea 37:28) Ke tiiso e tšelisang hakaakang! Le ka mohla Molimo oa rona a ke ke a lahla ba tšepahalang ho eena. Ka hona re ka itšetleha ka ho ba haufi le eena le ka tlhokomelo ea hae e lerato. Toka ea hae e tiisa sena!—Liproverbia 2:7, 8.
14. Molao oo Jehova a neng a o file Iseraele o ile oa totobatsa ho ameha ha hae ka ba bothateng joang?
14 Toka ea Molimo e ela hloko litlhoko tsa ba mahlomoleng. Ho ameha ha Jehova ka ba bothateng ho totobatsoa ke Molao oo a ileng a o fa Iseraele. Ka mohlala, Molao o ne o e-na le litokisetso tse khethehileng ho tiisa hore ho hlokomeloa likhutsana le bahlolohali. (Deuteronoma 24:17-21) A tseba hore na bophelo bo ka ba thata hakae malapeng a joalo, Jehova ka boeena e ile ea e-ba ntate oa bona oa Moahloli le Mosireletsi, ea ‘etsang hore khutsana le mohlolohali ba ahloloe ka toka.’ (Deuteronoma 10:18; Pesaleme ea 68:5) Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore haeba ba hlasela basali le bana ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa, ka sebele o ne a tla utloa sello sa bona. O ile a re: “Ke tla halefa haholo.” (Exoda 22:22-24) Le hoja Jehova e se Molimo ea halefang habonolo, liketso tsa ka boomo tsa ho hloka toka li qholotsa khalefo ea hae e lokileng, haholo-holo ha ho hatakeloa ba tlase le ba sitoang ho itšireletsa.—Pesaleme ea 103:6.
15, 16. Ke bopaki bofe bo ikhethang ka ho fetisisa ba ho hloka leeme ha Jehova?
15 Jehova o boetse o re tiisetsa hore ha a ‘tšoare motho leha e le ofe ka leeme ebile ha a amohele tjotjo.’ (Deuteronoma 10:17) Ho fapana le batho ba bangata ba nang le matla kapa tšusumetso, Jehova ha a susumetsoe ke maruo a lintho tse bonahalang kapa ponahalo ea ka ntle. Ha a na khethollo leha e le hona ho ea ka tšobotsi. Ak’u nahane ka bopaki bo ikhethang ba ho hloka leeme ha Jehova. Monyetla oa ho ba barapeli ba hae ba ’nete, ba nang le tebello ea ho phela ka ho sa feleng, ha oa lekanyetsoa ho ba itseng feela ba seng bakae ba phahameng sechabeng. Ho e-na le hoo, “o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.” (Liketso 10:34, 35) Tebello ena e babatsehang e bulehetse bohle ho sa tsotellehe boemo ba bona sechabeng, ’mala oa bona oa letlalo, kapa naha eo ba phelang ho eona. Na ee ha se eona toka ea sebele?
16 Ho na le tšobotsi e ’ngoe ea toka ea Jehova e phethahetseng eo re lokelang ho nahanisisa ka eona le ho e ananela, e leng tsela eo a sebelisanang ka eona le ba tlolang litekanyetso tsa hae tse lokileng.
Ha a Tlohele ea Molato Hore a se ke a Fuoa Kotlo
17. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha leeme le teng lefatšeng lena le sa eme toka ea Jehova pele.
17 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Kaha Jehova ha a lumelle ho se loke, ke hobane’ng ha batho ba sotlehile hakaale ebile bobolu bo le bongata tjee lefatšeng?’ Ho hang leeme le joalo ha le eme toka ea Jehova pele. Ho hloka toka ho hongata lefatšeng lena le khopo ke phello ea sebe seo batho ba se futsitseng ho Adama. Lefatšeng leo ho lona batho ba sa phethahalang ba ikhethetseng litsela tsa bona tsa boetsalibe, ho hloka toka ho atile empa ho tla fela haufinyane.—Deuteronoma 32:5.
18, 19. Ke’ng e bontšang hore Jehova ha a na ho mamella ka ho sa feleng ba tlolang melao ea hae e lokileng ka boomo?
18 Le hoja Jehova a bontša mohau o moholo ho ba atamelang ho eena ka tieo, ha a na ho mamella ka ho sa feleng boemo bo tlisetsang lebitso la hae le halalelang thohako. (Pesaleme ea 74:10, 22, 23) Molimo oa toka ha se ea ka songoang. Ha a na ho sireletsa baetsalibe ba ka boomo kotlong e lokelang tsela ea bona. Jehova ke “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato le ’nete, . . . empa ho hang [ha a] tlohele ea molato hore a se ke a fuoa kotlo.” (Exoda 34:6, 7) Tumellanong le mantsoe ao, ka linako tse ling Jehova o ile a fumana ho hlokahala hore a fane ka kotlo ho ba tlolang melao ea hae e lokileng ka boomo.
19 Ka mohlala, nahana ka litšebelisano tsa Molimo le Iseraele ea boholo-holo. Esita leha ba se ba le Naheng e Tšepisitsoeng, Baiseraele ba ile sitoa ho tšepahalla Jehova ka makhetlo. Le hoja litsela tsa bona tsa bobolu li ne li “utloisa [Jehova] bohloko,” ha aa ka a ba lahla hang-hang. (Pesaleme ea 78:38-41) Ho e-na le hoo, ka mohau o ile a ba fa menyetla ea hore ba fetole tsela ea bona. O ile a ipiletsa ka tieo a re: “Ha ke thabele ho bona motho ea khopo a shoa empa ke thabela hore a fetole litsela tsa hae e le hore a tsoele pele a phela. Baiseraele, tlohelang lintho tse mpe tseo le li etsang e le hore le se ke la shoa.” (Ezekiele 33:11) Kaha o nka bophelo e le ba bohlokoa, Jehova o ile a romela baprofeta ba hae khafetsa e le hore Baiseraele ba ka furalla litsela tsa bona tse khopo. Empa, ka kakaretso batho bao ba lipelo li thata ba ile ba hana ho mamela le ho baka. Qetellong, ka lebaka la lebitso la hae le halalelang le sohle seo le se emelang, Jehova o ile a ba nehela ho lira tsa bona.—Nehemia 9:26-30.
20. (a) Litšebelisano tsa Jehova le Iseraele li re ruta eng ka eena? (b) Ke hobane’ng ha tau e amahanngoa le boteng ba Molimo le terone ea hae?
20 Litšebelisano tsa Jehova le Iseraele li re ruta ho hongata ka eena. Re ithuta hore mahlo a hae a bonang hohle a hlokomela ho sa lokang ’me o angoa ka ho teba ke seo a se bonang. (Liproverbia 15:3) Hape ke ho tšelisang ho tseba hore o batla ho bontša mohau haeba ho e-na le motheo oa hore a o bontše. Ho feta moo, re ithuta hore ha ho mohla a bang lepotlapotla ho phetha toka. Ka lebaka la mamello ea Jehova, batho ba bangata ba etsa qeto e fosahetseng ea hore ha ho mohla a tla liha kahlolo holim’a ba khopo. Empa seo ha se ’nete ho hang, kaha litšebelisano tsa Molimo le Iseraele li boetse li re ruta hore ho se fele pelo ha Molimo ho na le meeli. Jehova o emela ho loka ka tieo. Ho fapana le batho ba atisang ho tsila-tsila ho sebelisa toka, ha ho mohla a hlokang sebete sa ho emela se nepahetseng. Ka ho loketseng, tau e tšoantšetsang toka e nang le sebete e amahanngoa le boteng ba Molimo le terone ea hae.a (Ezekiele 1:10; Tšenolo 4:7) Kahoo re ka kholiseha hore o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa ho hloka toka lefatšeng lena. Ha e le hantle, tsela eo a ahlolang ka eona e ka akaretsoa ka tsela ena: Ho tiea ha ho hlokahala, ho ba mohau ha ho khoneha.—2 Petrose 3:9.
Ho Atamela Haufi le Molimo oa Toka
21. Ha re nahanisisa ka tsela eo Jehova a sebelisang toka ka eona, re lokela ho nahana joang ka eena, hona hobane’ng?
21 Ha re nahanisisa ka tsela eo Jehova a bonahatsang toka ka eona, ha rea lokela ho nahana ka eena e le moahloli ea se nang boikutlo, ea sehloho ea amehileng feela ka ho ahlola bafosi. Ho e-na le hoo, re lokela ho nahana ka eena e le Ntate ea lerato empa ea tiileng eo kamehla a sebetsanang le bana ba hae ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang. Joaloka Ntate ea nang le toka, kapa ea lokileng, Jehova o leka-lekanya ho tiea ha hae mabapi le se nepahetseng le kutloelo-bohloko e mosa ho bana ba hae ba lefatšeng, ba hlokang thuso le tšoarelo ea hae.—Pesaleme ea 103:10, 13.
22. A iphaphathile ka toka ea hae, Jehova o entse hore re khone ho ba le tebello efe, hona ke hobane’ng ha a sebetsana le rona ka tsela ee?
22 Re lokela ho leboha hakaakang hore ebe toka ea Molimo ha e akarelletse feela ho liha kahlolo holim’a bafosi! A iphaphathile ka toka ea hae, Jehova o entse hore re khone ho ba le tebello e thabisang e le kannete, ea ho phela ka ho sa feleng, ka phetheho lefatšeng leo ho lona ‘bohle ba tla etsa lintho tse lokileng kamehla.’ (2 Petrose 3:13) Molimo oa rona o sebetsana le rona ka tsela ena hobane toka ea hae e mo susumelletsa ho batla litsela tsa ho pholosa ho e-na le ho ahlola. Ka sebele, ho utloisisa ho pharalla ha toka ea Jehova hamolemo ho re hulela ho eena! Likhaolong tse latelang, re tla hlahloba ka hloko litsela tseo ka tsona Jehova a bonahatsang tšobotsi ena e ratehang.
a Ho thahasellisang ke hore Jehova o itšoantša le tau ha a liha kahlolo holim’a Iseraele e sa tšepahaleng.—Jeremia 25:38; Hosea 5:14.