Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 15 maq. 148-157
  • Jesu o “Tlisitse Toka Lefatšeng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o “Tlisitse Toka Lefatšeng”
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mora o Tšoana le Ntate
  • Jesu oa Hlakisa “Hore na Toka ke Eng”
  • Mohlala o Phelang oa Toka
  • Morena oa Bomesia o “Tlisitse Toka Lefatšeng”
  • Jehova—Mohloli oa Toka ea ’Nete le ho Loka ha ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
    Atamela ho Jehova
  • Toka Haufinyane Bakeng sa Lichaba Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Etsisa Jehova—Sebelisa Toka le ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 15 maq. 148-157
Jesu o phethola tafole e sebelisoang ke batho ba chenchang chelete ebile o ba laela hore ba tsoe ka tempeleng.

KHAOLO EA 15

Jesu o “Tlisitse Toka Lefatšeng”

1, 2. Ke ketsahalong efe moo Jesu a ileng a halefa, hona hobane’ng?

JESU o ne a bonahala a halefile ’me e le ka lebaka le utloahalang. U ka ’na oa fumana ho le thata ho nahana ka eena ka tsela ena, kaha e ne e le motho ea ikokobelitseng. (Matheu 21:5) Ke ’nete hore o ile a ithiba ka tsela e phethahetseng, kaha khalefo ea hae e ne e le e lokileng.a Empa ke eng e neng e halefisitse motho eo ea ratang khotso hakaale? Ho hloka toka ho feteletseng.

2 Jesu o ne a rata tempele e Jerusalema haholo. E ne e le sona feela sebaka se halalelang lefatšeng lohle, se etselitsoeng ho rapela Ntate oa hae ea leholimong. Bajuda ba tsoang linaheng tse ngata ba ne ba nka maeto a malelele ho ea rapela moo. Le Balichaba ba tšabang Molimo ba ne ba tla teng, ba kena mabaleng a tempele a beheletsoeng ka thoko hore ba a sebelise. Empa qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a kena sebakeng sa tempele moo a ileng a khahlametsoa ke pono e nyonyehang. Motho o ne a ke ke a re sebaka seo ke ntlo ea borapeli. E ne eka ke ’maraka! Se ne se tletse bahoebi le batho ba chenchang chelete. Joale ho hloka toka ho ne ho le hokae moo? Batho bana ba ne ba sebelisa tempele ea Molimo e le sebaka feela tjee sa ho tlatlapa batho esita le ho ba hanyapetsa. Joang?—Johanne 2:14.

3, 4. Ke ho hanyapetsa hofe ho neng ho etsoa tlung ea Jehova, hona Jesu o ile a nka khato efe ho lokisa boemo?

3 Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba behile molao oa hore ke chelete e itseng ea tšepe feela e ka sebelisoang ha ho lefshoa lekhetho la tempele. Baeti ba ne ba lokela ho chencha chelete ea bona e le hore ba fumane chelete eo ea tšepe. Kahoo ba chenchang chelete ba ne ba hlomme litafole hona ka tempeleng, ba lefisa chelete e itseng nako le nako ha ba chencha chelete. Khoebo ea ho rekisa liphoofolo le eona e ne e hlile e atleha. Baeti ba batlang ho nyehela mahlabelo ba ne ba ka ’na ba reka ho mohoebi leha e le ofe motseng, empa bahlokomeli ba tempele ba ne ba ka ’na ba hana linyehelo tsa bona ka le reng ha li tšoanelehe. Empa linyehelo tse rekoang moo sebakeng sa tempele tsona joang kapa joang li ne li tla amoheleha. Kaha batho ba ne ba le mohaung oa bona, ka linako tse ling bahoebi bao ba ne ba ba patalisa chelete e ngata haholo.b E ne e se taba ea hore ba mpa ba etsa chelete e ngata feela. Ba ne ba batla chelete e ngata hoo ho neng ho tšoana le ha eka ba utsoetsa batho.

4 Jesu o ile a sitoa ho mamella ho hloka toka hoo. Eo e ne e le ntlo ea Ntate oa hae! O ile a etsa sephali sa marapo ’me a lelekela mehlape ea likhomo le linku ka ntle ho tempele. A ntan’o ea ho ba chenchang chelete a phethola litafole tsa bona. Ak’u nahane feela ha chelete eo eohle ea tšepe e se e qhalakane hohle holim’a ’mabole o aliloeng fatše! Ka bohale o ile a re ho ba rekisang maeba: “Tlosang lintho tsena mona!” (Johanne 2:15, 16) Ha ho bonahale eka ho na le ea ileng a iteta sefuba ho hanyetsa monna enoa ea sebete.

“Tlosang lintho tsena mona!”

Mora o Tšoana le Ntate

5-7. (a) Bophelo ba Jesu pele e e-ba motho oa nama bo ile ba susumetsa boikutlo ba hae ka toka joang, hona re ka ithuta eng ha re hlahloba mohlala oa hae? (b) Jesu o ile a sebetsana le ho hloka toka ho qaliloeng ke Satane joang, hona o tla etsa seo hape joang nakong e tlang?

5 Ho hlakile hore bahoebi bao ba ile ba khutla. Lilemo tse ka bang tharo hamorao, Jesu o ile a sebetsana le ho hloka toka ho tšoanang, lekhetlong lena a qotsa mantsoe a Jehova ha a ne a nyatsa ba entseng ntlo ea hae “lehaha la masholu.” (Jeremia 7:11; Matheu 21:13) Ha e le hantle, ha Jesu a bona batho ba hanyapetsoa le tempele ea Molimo e silafatsoa, o ile a ikutloa joaloka Ntate oa hae. ’Me seo ha se makatse. Jesu o ne a rutiloe ke Ntate oa hae oa leholimo ka lilemo tse limilione tse se nang palo. Ka hona, o ne a susumetsoa ka ho teba ke boikutlo ba Jehova ba toka. E bile mohlala o phelang oa polelo e reng, “mora o tšoana le ntate.” Kahoo haeba re batla ho bona tšobotsi ea Jehova ea toka ka ho hlaka, tsela e molemohali ea ho etsa seo ke ho nahanisisa ka mohlala oa Jesu Kreste.—Johanne 14:9, 10.

6 Mora ea mong oa Jehova o ne a le teng ha ka ho hloka toka Satane a bitsa Jehova Molimo raleshano ’me a belaella ho loka ha puso ea hae. Eo e ne e le tšenyo e kaakang ea lebitso! Hamorao Mora o ile a boela a utloa ha Satane a re ha ho motho ea tla sebeletsa Jehova ka ho hloka boithati, a susumetsoa ke lerato. Ka sebele liqoso tsena tsa bohata li ne li utloisa pelo e lokileng ea Mora bohloko. E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha a tseba hore o ne a tla phetha karolo ea bohlokoa ho bontša hore Satane o leshano! (2 Bakorinthe 1:20) O ne a tla etsa seo joang?

7 Joalokaha re ithutile Khaolong ea 14, Jesu Kreste o ile a fana ka karabo e feletseng le ea makhaola-khang qosong ea Satane ea hore libopuoa tsa Jehova ha li tšepahale. Ka tsela eo Jesu o ile a rala motheo oa ho tlosa mashano lebitsong la Jehova le halalelang ho akarelletsa le leshano la hore bobusi ba hae ha bo na toka. E le ’Muelli e Moholo oa Jehova, Jesu o tla sebelisa toka ea Molimo hohle bokahohleng. (Liketso 5:31) Tsela eo a phetseng ka eona ha a le lefatšeng le eona e ne e bonahatsa toka ea Molimo. Jehova o ile a re ka eena: “Ke tla mo fa moea oa ka ’me o tla bontša lichaba hore na toka ke eng.” (Matheu 12:18) Jesu o ile a phethahatsa mantsoe ao joang?

Jesu oa Hlakisa “Hore na Toka ke Eng”

8-10. (a) Lineano tse sa ngoloang tsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda li ile tsa khothalletsa ho khesa bao e seng Bajuda le basali joang? (b) Melao e sa ngoloang e ile ea fetola molao oa Jehova oa Sabatha moroalo joang?

8 Jesu o ne a rata Molao oa Jehova a bile a o mamela. Empa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba ne ba sotha Molao ’me ba o sebelisa hampe. Jesu o ile a re ho bona: “Le malimabe lona bangoli le Bafarisi, baikaketsi! . . . Le tlohetse litaba tsa bohlokoa haholo tsa Molao e leng toka, mohau le botšepehi.” (Matheu 23:23) Ka ho hlakileng, mesuoe eo ea Molao oa Molimo e ne e sa hlakise hantle “hore na toka ke eng.” Ho e-na le hoo, e ne e etsa hore toka ea Molimo e se ke ea bonahala ka ho hlaka. Joang? Nahana ka mehlala e seng mekae.

9 Jehova o ne a laetse batho ba hae hore ba ikarole lichabeng tsa bohetene tse ba potolohileng. (1 Marena 11:1, 2) Leha ho le joalo, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba chesehang ka ho feteletseng ba ne ba khothalletsa sechaba ho khesa batho bohle bao e seng Bajuda. Mishnah e ne e bile e e-na le molao o reng: “Likhomo ha lia lokela ho siuoa matlong a baeti a balichaba kaha ba belaelloa ka hore ba robala le liphoofolo.” Lehloeo le joalo ho bohle bao e seng Bajuda le ne le hloka toka le bile le sa tsamaisane le sepheo sa Molao oa Moshe. (Levitike 19:34) Melao e meng e entsoeng ke batho e ne e nyenyefatsa basali. Molao o mong o sa ngoloang o ne o re mosali o lokela ho tsamaea a setse monna oa hae morao, eseng a bapile le eena. Monna o ne a sa lumelloa ho buisana le mosali phatlalatsa, esita le mosali oa hae. Basali ba ne ba tšoana le makhoba, ba sa lumelloa ho fana ka bopaki ka khotla. Ho ne ho bile ho e-na le thapelo e hlophisitsoeng eo ka eona banna ba neng ba leboha Molimo ka hore ebe ha se basali.

10 Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba bipelitse Molao oa Molimo ka letoto la melao le melaoana e behiloeng ke batho. Ka mohlala, molao oa Sabatha o ne o thibela feela ho sebetsa ka Sabatha, o behella letsatsi leo ka thoko e le la ho rapela, ho ikhatholla moeeng le ho phomola. Empa Bafarisi ba ile ba etsa hore molao oo e be moroalo. Ba ile ba ipha mosebetsi oa ho etsa qeto ea hore na ha e le hantle “mosebetsi” ke’ng. Ba ile ba bolela lintho tse 39 tseo ba neng ba re ke mosebetsi, tse kang ho kotula le ho tsoma. Sena se ile sa hlahisa lipotso tse sa feleng. Ha motho a bolaea letsetse ka Sabatha, na o ne a tsoma? Ha motho a kha lijo-thollo tse seng kae tseo a li jang a ntse a tsamaea, na o ne a kotula? Ha a phekola motho ea kulang, na o ne a sebetsa? Lipotso tseo li ile tsa arajoa ka melao e thata, e qanolotsoeng.

11, 12. Jesu o ile a hanyetsa lineano tsa Bafarisi tseo e seng tsa Mangolo joang?

11 Jesu o ne a tla thusa batho ho utloisisa seo toka e leng sona boemong boo joang? O ile a hanyetsa baeta-pele bao ba bolumeli ka sebete ka lithuto tsa hae le ka tsela eo a neng a phela ka eona. Pele, nahana ka tse ling tsa lithuto tsa hae. O ile a nyatsa phatlalatsa melao ea bona e mengata-ngata e entsoeng ke batho, a re: “Le entse lentsoe la Molimo ntho e se nang thuso ka lebaka la moetlo oa lona.”—Mareka 7:13.

12 Jesu o ile a ruta ka matla hore Bafarisi ba fositse tabeng ea molao oa Sabatha ka hore ha e le hantle, ba ne ba sa utloisise sepheo sohle sa molao oo. O ile a hlalosa hore Mesia ke “Morena oa Sabatha,” kahoo o na le tokelo e feletseng ea ho phekola batho ka Sabatha. (Matheu 12:8) Ho hatisa ntlha eo, o ile a phekola batho ka mohlolo ka Sabatha. (Luka 6:7-10) Ho phekola hoo e ne e le selelekela sa pholiso eo a tla e etsa lefatšeng lohle nakong ea Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete. Lilemo tseo tse Sekete ka botsona e tla ba Sabatha e feletseng, ha batho bohle ba tšepahalang qetellong ba tla phomola ka mor’a lilemo tse makholo-kholo ba imetsoe ke moroalo oa sebe le lefu.

13. Ke molao ofe o ileng oa qala ho sebetsa e le litholoana tsa tšebeletso ea Kreste lefatšeng, hona o ne o fapane joang le o bileng teng pele ho oona?

13 Jesu o ile a boela a hlakisa seo toka e leng sona ha molao o mocha, e leng “molao oa Kreste,” o qala ho sebetsa ka mor’a hore a qete tšebeletso ea hae lefatšeng. (Bagalata 6:2) Ho fapana le o neng o le teng pele ho oona, e leng Molao oa Moshe, molao ona o mocha o ne o sa itšetleha haholo ka letoto la litaelo tse ngotsoeng, empa o ne o itšetlehile ka melao-motheo. Leha ho le joalo, o ne o akarelletsa litaelo tse seng kae tse tobileng. E ’ngoe ea tsona ke eo Jesu a ileng a e bitsa “taelo e ncha.” Jesu o ile a ruta balateli ba hae kaofela hore ba ratane joalokaha a ba ratile. (Johanne 13:34, 35) Ha e le hantle, lerato le nang le boitelo e ne e lokela ho ba letšoao le ka sehloohong la bohle ba phelang ka “molao oa Kreste.”

Mohlala o Phelang oa Toka

14, 15. Jesu o ile a bontša joang hore o elelloa meeli ea matla a hae a bolaoli, hona ke hobane’ng ha see se khothatsa?

14 Jesu ha aa ka a ruta ka lerato feela. O ne a phela ka “molao oa Kreste.” O ne o laola tsela eo a phelang ka eona. Nahana ka litsela tse tharo tseo ka tsona mohlala oa Jesu o ileng oa hlakisa hore na toka ke eng.

15 Ea pele, Jesu o ne a le hlokolosi ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e hlokang toka. Mohlomong u hlokometse hore liketso tse ngata tse hlokang toka li bakoa ke ha batho ba sa phethahalang ba ikhohomosa ’me ba tlola meeli e loketseng ea bolaoli ba bona. Jesu ha aa ka a etsa seo. Ketsahalong e ’ngoe, monna e mong o ile a tla ho Jesu ’me a re: “Mosuoe, e-re abuti oa ka a nkarolele lefa.” Jesu o ile a arabela joang? “Monn’a heso, ke mang ea nkentseng moahloli kapa motho ea rarollang litaba tsa lona?” (Luka 12:13, 14) Na seo ha se se babatsehang? Matla a Jesu a ho nahana, bokhoni ba hae ba ho ahlola, esita le matla a bolaoli ao Molimo a mo fileng ’ona a ne a feta a motho leha e le ofe lefatšeng empa o ile a hana ho itšunya-tšunya tabeng ena, kaha o ne a sa fuoa matla a ho etsa seo. Jesu o ’nile a inyenyefatsa ka tsela ena, esita le lilemong tse likete tseo a li phetseng pele e e-ba motho oa nama. (Juda 9) ’Nete ea hore ka boikokobetso Jesu o tšepa hore Jehova o tla etsa qeto ka seo e leng toka e senola ho hongata ka eena.

16, 17. (a) Jesu o ile a bontša toka joang ha a bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo? (b) Jesu o ile a bontša joang hore boikutlo ba hae ka toka bo ne bo tletse mohau?

16 Ea bobeli, Jesu o ile a bonahatsa toka ka tsela eo a neng a bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ka eona. O ne a sa bontše khethollo. Ho e-na le hoo, o ne a ikitlaelletsa ho finyella batho ba mefuta eohle, ebang ke barui kapa mafutsana. Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba ne ba qhelela mafutsana ka thoko, ba bitsa batho feela tjee ka tsela e eisang ba re ke ʽam-ha·ʼaʹrets, kapa “batho ba naha.” Ka sebete Jesu o ile a lokisa ho hloka toka hoo. Ha a ne a ruta batho litaba tse monate kapa, maemong a mang ha a ne a e-ja le batho, a ba fepa, a ba phekola, esita le hona ho ba tsosa bafung, o ne a phahamisa toka ea Molimo ea batlang ho finyella “batho ba mefuta eohle.”c—1 Timothea 2:4.

17 Ea boraro, boikutlo ba Jesu ka toka bo ne bo tletse mohau o tebileng. O ne a etsa boiteko ba ho thusa baetsalibe. (Matheu 9:11-13) O ne a sa tsilatsile ho thusa batho ba se nang matla a ho itšireletsa. Ka mohlala, Jesu ha aa ka a imatahanya le baeta-pele ba bolumeli ha ba khothalletsa ho se tšepe Balichaba bohle. Ka mohau o ile a thusa ba bang ba bona le ho ba ruta, le hoja thomo ea hae e ka sehloohong e ne e le ea ho thusa sechaba sa Bajuda. O ile a lumela ho phekola ka mohlolo molaoli oa lebotho la Roma, a re: “Ha ho na motho eo ke fumaneng a e-na le tumelo e matla hakana Iseraele.”—Matheu 8:5-13.

18, 19. (a) Jesu o ile a phahamisa seriti sa basali ka litsela life? (b) Mohlala oa Jesu o re thusa joang ho bona kamano e teng pakeng tsa sebete le toka?

18 Ka ho tšoanang, Jesu o ne a sa tšehetse likhopolo tse atileng ka basali. Ho e-na le hoo, ka sebete o ne a etsa se lokileng. Basali ba Basamaria ba ne ba nkoa ba sa hloeka joaloka Balichaba. Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a qeaqea ho bolella mosali oa Mosamaria molaetsa selibeng sa Sikare. Ha e le hantle, ke ho mosali enoa moo Jesu a ileng a itsebahatsa phatlalatsa ka lekhetlo la pele hore ke eena Mesia ea tšepisitsoeng. (Johanne 4:6, 25, 26) Bafarisi ba ne ba re basali ba se ke ba rutoa Molao oa Molimo, empa Jesu o ile a sebelisa nako e ngata le matla a ruta basali. (Luka 10:38-42) Le hoja neano e ne e ruta hore basali ba ke ke ba tšepeloa ho fana ka bopaki bo tšepahalang, Jesu o ile a hlompha basali ba ’maloa ka ho ba fa tokelo ea hore e be bona ba pele ba mo bonang ka mor’a hore a tsohe bafung. O ile a ba a ba bolella hore ba ee ho barutuoa ba hae ba banna ba ba bolelle ka ketsahalo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa!—Matheu 28:1-10.

19 Ka sebele, Jesu o ile a hlakisetsa lichaba toka. Maemong a mangata o ne a etsa seo ka ho ipeha kotsing e kholo. Mohlala oa Jesu o re thusa ho bona hore ho phahamisa toka ea ’nete ho hloka sebete. Ka ho loketseng, o bitsoa “Tau ea leloko la Juda.” (Tšenolo 5:5) Hopola hore tau e tšoantšetsa toka e tletseng sebete. Leha ho le joalo, haufinyane Jesu o tla tlisa toka ka tekanyo e kholo le ho feta. O tla tlisa “toka lefatšeng” ka kutloisiso e feletseng.—Esaia 42:4.

Morena oa Bomesia o “Tlisitse Toka Lefatšeng”

20, 21. Morena oa Bomesia o phahamisitse toka lefatšeng ka bophara le ka hare ho phutheho ea Bokreste joang mehleng ee ea rona?

20 Ho tloha ha Jesu e e-ba Morena oa Bomesia ka 1914, o ile a phahamisa toka lefatšeng. Joang? O jere boikarabelo ba ho phethahatsa boprofeta boo a bo boletseng ho Matheu 24:14. Balateli ba Jesu ba lefatšeng ba rutile batho ba linaha tsohle ’nete e mabapi le ’Muso oa Jehova. Joaloka Jesu, ba ’nile ba bolela ba sa ee ka tšobotsi ba bile ba sebelisa toka, ba batla ho fa motho e mong le e mong, mocha kapa motho e moholo, morui kapa mofutsana, monna kapa mosali monyetla oa ho tseba Jehova, Molimo oa toka.

21 Jesu o boetse o phahamisa toka ka phuthehong ea Bokreste, eo e leng hlooho ea eona. Joalokaha ho profetiloe, o fana ka “limpho e leng banna,” bana ke baholo ba tšepahalang ba Bakreste ba etellang phutheho pele. (Baefese 4:8-12) Ha ba alosa mohlape oa Molimo oo e leng oa bohlokoa, banna bao ba latela mohlala oa Jesu Kreste oa ho phahamisa toka. Ba lula ba hopola hore Jesu o batla hore linku tsa hae li tšoaroe ka toka ho sa tsotellehe maemo, botumo kapa lintho tse bonahalang.

22. Jehova o ikutloa joang ka ho hloka toka ho atileng lefatšeng kajeno, hona o khethile Mora oa hae hore a etse’ng ka hona?

22 Leha ho le joalo, haufinyane Jesu o tla tlisa toka lefatšeng ka tsela eo ho e-song ho be le e tšoanang le eona. Ho hloka toka ho atile lefatšeng lena le silafetseng. Ngoana e mong le e mong ea bolaoang ke tlala ke phofu ea ho hloka toka ho se nang mabaka. Haholo-holo ha re nahana ka chelete le nako tse senngoang ho hlahisoa libetsa tsa ntoa ho bile ho khotsofatsoa litakatso tse se nang meeli tsa boithati tsa ba batlang menyaka. Ho shoa ha batho ba limilione ho sa hlokahale selemo le selemo ke o mong feela oa mefuta ea ho hloka toka, eo kaofela e qholotsang khalefo ea Jehova e lokileng. O khethile Mora oa hae bakeng sa ho loantša tsamaiso ena eohle e khopo ea lintho e le hore a felise ho hloka toka hohle ka ntoa e lokileng.—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-15.

23. Kreste o tla phahamisa toka ka ho sa feleng joang ka mor’a Armagedone?

23 Leha ho le joalo, ho phethahatsa toka ea Jehova ha ho hloke hore ho felisoe ba khopo feela. O boetse o khethile Mora oa hae hore a buse e le “Khosana ea Khotso.” Ka mor’a ntoa ea Armagedone, puso ea Jesu e tla tlisa khotso lefatšeng lohle ’me o tla busa “ka toka.” (Esaia 9:6, 7) Ka nako eo Jesu o tla thabela ho etsolla ho hloka toka hohle ho bakileng mesarelo le masoabi a mangata hakana lefatšeng. Ka botšepehi o tla phahamisa toka ea Jehova e phethahetseng ka ho sa feleng. Kahoo, ke habohlokoa hore re batle ho etsisa toka ea Jehova hona joale. A re boneng hore na re ka etsa seo joang.

a Ha a bontša khalefo e lokileng, Jesu o ne a etsisa Jehova ea halefisoang liketso tse mpe. (Nahume 1:2) Ka mohlala, ka mor’a hore Jehova a bolelle batho ba hae ba tsoileng tseleng hore ba entse ntlo ea hae “lehaha la masholu,” o ile a re: “Bohale ba ka le khalefo ea ka li tla theoleloa sebakeng sena.”—Jeremia 7:11, 20.

b Mishnah, e leng buka e buang ka histori ea Bajuda, e re lilemo tse seng kae hamorao ho ile ha e-ba le boipelaetso ka theko e phahameng haholo ea maeba a rekisoang tempeleng. Theko ea tsona e ile ea fokotsoa hang-hang ka hoo e ka bang li-percent tse 99! Ke bo-mang ba neng ba fumana phaello khoebong ee e hlamatsehang? Bo-rahistori ba bang ba bolela hore beng ba limmaraka tsa tempele e ne e le ba ntlo ea Moprista ea Phahameng, Anase, ’me e ne e le tsona tse neng li hlahisa karolo e kholo ea leruo le lengata la lelapa la moprista eo.—Johanne 18:13.

c Bafarisi ba ne ba nka hore batho ba tlase, ba sa rutehang Molaong, “ba rohakiloe.” (Johanne 7:49) Ba ne ba re motho ha aa lokela ho ruta batho bao kapa ho etsa khoebo le bona kapa ho ja le bona kapa hona ho rapela le bona. Ha motho a ne a ka lumella morali oa hae ho nyaloa ke e mong oa bona, hoo ho ne ho tla ba hobe ho feta ho mo nehella libatana. Ba ne ba nka tšepo ea tsoho e sa akarelletse batho ba tlase joalo.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Pesaleme ea 45:1-7 Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Morena oa Bomesia o tla tlisa toka e phethahetseng?

  • Matheu 12:19-21 Ho ea ka boprofeta, Mesia o ne a tla tšoara ba tlase joang?

  • Matheu 18:21-35 Jesu o ile a ruta hore toka ea sebele e tletse mohau joang?

  • Mareka 5:25-34 Jesu o ile a bontša joang hore toka ea Molimo e nahanela maemo ao motho a leng ho ’ona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela