Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Jehova o Matlafatsa Bahlanka ba Hae ba Tšepahalang
JESU o itse: “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:20) Empa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba kholisehile hore o tla ba matlafatsa. (Pesaleme ea 18:2; Nahume 1:7) Naheng e ’ngoe ea Afrika moo mosebetsi oa khotso oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng ka matla, Jehova o ile a matlafatsa bahlanka ba hae ho sa tsotellehe ho otloa le ho tšoaroa, joalokaha tlaleho e latelang e bontša.
Tlaleho ea bolela: “Molebeli oa potoloho le baena ba bane ba moo ba ile ba tšoaroa ka sehlōhō ’me ba lahleloa ka ntloaneng e nyenyane eo ka tloaelo ho bolokoang lintja tse lahlehileng ho eona. Ba ile ba bolokoa moo ka matsatsi a 123 ba apere feela liaparo tsa ka hare ’me ba ne ba sa lumelloe le ho ea ntloaneng ea boithuso.” Setho se seng sa Paramente se ile sa utloa ka maemo ao a bobatana ’me sa qala ho ipelaetsa, ’me qetellong, ka mor’a matsatsi a 123, baena ba ile ba lokolloa. Jehova o ile a matlafatsa baena bana ba tšepahalang ka moea oa hae.
Phihlelo e ’ngoe e tsoang hona naheng ena e bontša liphello tse molemo tsa mosebetsi oa rōna oa boboleli. Tlaleho ena ea bolela: “Motseng o mong, batho ba ne ba tumme ka pefo le bofetoheli. Leha ho le joalo, hoba Lipaki tsa Jehova li bolele moo, ba bangata ba ile ba qala ho hlonepha ba boholong moo ’me ba qala ho kopanela mosebetsing oa sechaba o etsoang beke le beke mebileng.” Morena e mong oa moo O ile a batla ho tseba lebaka la phetoho e joalo boikutlong ba batho ’me a bolelloa: “E bile ka baka la thuto ea ‘moruti’ oa Lipaki tsa Jehova.” Paki ea bolela: “Ka tsatsi le leng morena eo a ’memela lapeng ha hae, ’me a nkhothalletsa ho tsoela pele ka mosebetsi ona o molemo. O ile a mpha mpho ea khoho e khōlō hore ke e’o e ja le lelapa la ka.” Lekhetlong le leng, ramotse oa moo o ile a etela moena, ’me moena a mo memela ka tlung eaba oa mo pakela. Ramotse a “kōpa ho fumana limakasine tse ling ’me a re: ‘Ha re lumele hore ho na le hoo e ho senyang. Tsoela pele u ipiletsa. Ha rea laeloa hore re u tšoare. Ke nahana hore haufinyane ’Muso o tla sebetsa bothata ba hao.’”
Pula-maliboho e ’ngoe e khethehileng ea ngola: “Ka morao ho liqoso tsa mongoli oa mokha oa bopolotiki, morena oa moo o ile a laela hore ke tšoaroe le ho koalloa seleng e litšila e neng e silafalitsoe ke moraha oa liphoofolo. Ke ile ka bolokoa ka lefifing lena ka matsatsi a mahlano. Ha ke le tseleng e eang moo, ke ile ka rapela Jehova ’me ka hopola Pesaleme ea 50:15. Balebeli ba moo ba ne ba nkhauhela ’me ba se ke ba koalisisa lemati e le hore nka ’na ka phefumoloha moea o hloekileng. Ka mor’a matsatsi a mahlano ke kene teronkong ena, ke ile ka lekoa ha ke ne ke fuoa pōli hore ke e ise ho morena oa moo, ke sa lebeloa. Kaha ha nka ba ka baleha, ke ile ka fuoa bolokolohi tsatsi le leng le le leng ho tloha ka 3:00 mantsiboea ho ea ho 7:00 ka shoalane. Ke ne ke kopana le baena, ’me re ne re bolela ’moho. Le hoja ke ile ka kula nakong ena e boima ’me lira tsa ka li hopotse hore ke tla shoa, Jehova le ka mohla ha a ka a ntlohela. Phihlelo ena e nkatamelitse haufi le Jehova, ’me ke kholisehile hore le ka mohla mahloriso a ke ke a nkarohanya le batho ba Jehova.”—Bapisa Ba-Roma 8:35-39.
Lipaki tsa Jehova li ananela kamoo Molimo o li matlafatsang linakong tsa bothata. Li boetse li ananela bao ba li bontšang mosa ha li ntse li tsoela pele ka mosebetsi ona oa bohlokoa ka ho fetisisa o bolokang bophelo oa ho bolela litaba tse molemo. Jehova a ke ke a lebala mosa o joalo.—Mattheu 25:40.