Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Ba ke ke ba U Hlōla”
NAHENG e ’ngoe ea Amerika e Bohareng, banna ba hlometseng ba 15 ba ile ba nka ba babeli ba Lipaki tsa Jehova malapeng a bona ka likhoka ’me ba ba tlisa sehlopheng sa banna ba 75 ba hlometseng ka melangoana le limachete. Ba rohaka Lipaki ka mahlapa ’me ba li fetisetsa ho sehlopha se seng sa banna ba hlometseng ka ho tšoanang ba ka bang 350. Ba ne ba lebelletse hore baena bana ba babeli ba tla tšoha ’me ba sekisetse ho se nke lehlakore hoa bona hoa Bokreste ka ho kopanela le masole a bona. (Esaia 2:4) Empa Lipaki tsa ema li tiile ’me tsa hana ho kopanela tšebetsong ea sesole. Ka hona tsa hlahleloa teronkong, ha litho tsa likereke tse ngata li ile tsa sekisetsa ’me tsa nyolohela maralleng le masole.
Letsatsing le hlahlamang baena ba ile ba isoa toropong e khōlō bakeng sa nyeoe e ’ngoe. Ha ba ntse ba tsamaea, balebeli ba ba bolella hore ba fetotsoe maikutlo. Baena ba arabela: “Ka sebele ke ’nete hore re fetotsoe maikutlo! Hona joale ha re ntše mang kapa mang kotsi; ha re masholu, matahoa, bafebi.” Ha ea boholong a mametse taba ea bona, a bontša mosa ’me a ba lakaletsa mahlohonolo, a re, “Haeba e mong le e mong a ne a tšoana le lōna, lintho li ne li tla fapana . . . ’me e se e ka Molimo oa lōna Jehova a ka le sireletsa.” Eaba joale baa lokolloa.
Ke hobane’ng ha ho hlorisoa Bakreste ba se nang kotsi, ba khotso ba phahamisang litekanyetso tsa Molimo tsa ho loka? Ke hobane ‘hase karolo ea lefatse’ le liketso tsa lona tsa bopolotiki. (Johanne 17:16, NW) Ke matšeliso a makaakang ho tseba hore le hoja Satane le lefatše la hae ba tla loantša bahlanka ba Jehova, ba ke ke ba hlōla! (Jeremia 1:19) Hona ho pakiloe e le ’nete naheng ena, ’me ho lokeloa ho babatsoa ea boholong bakeng sa ho utloisisa boemo ba Lipaki tsa Jehova ba ho se nke lehlakore.
◻ Mantsoe a Jeremia a boetse a ipakile e le ’nete phihlelong e tsoang naheng e ’ngoe ea Afrika moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng. Hoba e hlalose mathata ao baena ba fetang tlas’a oona ha ba leka ho thusa batho ho ithuta haholoanyane ka merero e babatsehang ea Jehova, tlaleho e re: “Ka lebaka la boemo ba batho ba Jehova ba ho se nke lehlakore, baena ba rōna ba bangata ba kentsoe teronkong, hangata ka linako tse hlahlamanang. Ba otloa hampe-mpe, baa shapuoa, le ho hatelloa ka litsela tsohle ho siteloa matsoalo a bona a Bokreste. Tabeng e ’ngoe, hoba ho otloa ka sehlōhō ho hlōlehe ho roba botsepehi ba moena e mong, masole a mang a rera ho ’molaea ka sekhukhu. Ha ofisiri e khōlō e tseba ka morero oa bona, ka seqo a kenella ’me ka sekhukhu a etsa hore a lebisoe motseng o mong, kahoo a pholosa bophelo ba hae.”
Ho hlorisoa hona ha hoa emisa Lipaki tsa Jehova hore li se ke tsa bolela litaba tse molemo joalokaha Molimo o laetse. (Mattheu 24:14) Jehova o li tšehetsa ka moea oa hae ’me o hlohonolofatsa boemo ba tsona bo tšepahalang. Tlaleho e tsoang hona naheng ena e boetse e re: “Ho sa tsotellehe mathata a sebele a feteletseng, tlala, mafu, ntoa e tšabehang ka har’a naha, le mahloriso, ka karolelano ho bile le keketseho ea karolo ea 17 lekholong lenaneng la bahoeletsi.” Ba bileng teng sehopotsong ba eketseha ka karolo ea 21 lekholong, ’me karolo ea 21 lekholong ea bahoeletsi bohle ea sebeletsa e le bo-pula-maliboho ka Motseanong 1984.
Kahoo baena ba rōna ba thabile le hoja ba hlorisoa. Ba tšepa Jehova ’me ba hopotsoa mantsoe a Jeremia: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”—Jeremia 1:19.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Jehova o tšehetsa Lipaki tsa hae tse hlorisoang