Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 4/1 maq. 17-22
  • Ba Loantšang Molimo ba ke ke ba Hlōla!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Loantšang Molimo ba ke ke ba Hlōla!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahlanka ba Jehova Baa Hlaseloa
  • Pele-ea-pele ka Mosebetsi oa Boboleli!
  • Ba Batla Lebaka la Boikaketsi
  • Rea Hlorisoa Empa ha re Koenehe
  • Ha ho na Sebetsa se Etselitsoeng ho re Loantša se Tla Atleha
  • Le be Sebete Joaloka Jeremia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Likahlōlo tsa Molimo Li Tlameha Ho Phatlalatsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Ba Hloiloeng ke Lichaba Tsohle”
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • “Nke ke ka Khutsa”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 4/1 maq. 17-22

Ba Loantšang Molimo ba ke ke ba Hlōla!

“Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla.”—JEREMIA 1:19.

1. Jeremia o ile a lumela thōmo efe, ’me mosebetsi oa hae o ile oa tsoela pele ho fihlela neng?

JEHOVA o ile a rōma Jeremia e monyenyane hore e be moprofeta ho lichaba. (Jeremia 1:5) Sena se etsahetse pusong ea Morena Josiase ea molemo oa Juda. Tšebeletso ea Jeremia ea ho profeta e ile ea tsoela pele ho pholletsa le nako ea pherekano pele Babylona e hapa Jerusalema le ho kenella nakong ea ho isoa ha batho ba Molimo kholehong.—Jeremia 1:1-3.

2. Jehova o ile a tsosa Jeremia molota joang, ’me ho loantša moprofeta eo ho ne ho bolela’ng?

2 Ha ho pelaelo hore melaetsa ea kahlolo eo Jeremia a neng a lokela ho e bolela e ne e tla tsosa khanyetso. Kahoo, Molimo o ile a mo matlafalletsa se neng se larile ka pele. (Jeremia 1:8-10) Ka mohlala, moprofeta enoa o ile a tsosoa molota ke mantsoe ana: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.” (Jeremia 1:19) Ho loantša Jeremia ho ne ho tla bolela ho loantša Molimo. Kajeno, Jehova o na le sehlopha sa bahlanka seo e kang moprofeta seo mosebetsi oa sona o tšoanang le oa Jeremia. Joaloka eena, se bolela ka sebete lentsoe la Molimo la boprofeta. Molaetsa ona o ama batho le lichaba hantle kapa hampe, ho itšetlehile ka hore na ba arabela molaetsa ona ka tsela efe. Joaloka mehleng ea Jeremia, ho na le ba loantšang Molimo ka ho hanyetsa bahlanka ba hae le mosebetsi oa bona oo ba o filoeng ke Molimo.

Bahlanka ba Jehova Baa Hlaseloa

3. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba ’nile ba hlaseloa?

3 Batho ba Jehova ba ’nile ba hlaseloa ho tloha mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Linaheng tse ngata, batho ba rerileng bokhopo ba ’nile ba batla ho thibela—e, ho khutsisa—ho phatlalatsoa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ba ’nile ba susumetsoa ke Mohanyetsi e moholo oa rōna, Diabolose, ea ‘tsamaeang joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.’ (1 Petrose 5:8) Hoba “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fele ka 1914, Molimo o ile a beha Mora oa hae e le Morena e mocha oa lefatše, ’me a mo fa taelo e reng: “Busa har’a lira tsa hao.” (Luka 21:24; Pesaleme ea 110:2, NW) Ha Kreste a sebelisa matla a hae, o ile a leleka Satane leholimong ’me a mo qobella hore a felle lefatšeng. Kaha Diabolose oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, o tšollela khalefo ea hae ho Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona. (Tšenolo 12:9, 17) Liphello tsa litlhaselo tsee tse sa khaotseng tse etsoang ke baa ba loantšang Molimo e ’nile ea e-ba life?

4. Batho ba Jehova ba ile ba feta har’a liteko life nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, empa ho ile ha etsahala’ng ka 1919 le ka 1922?

4 Bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova ba ile ba tobana le liteko tse ngata tsa tumelo nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Ba ne ba songoa le ho etselletsoa, ba lelekisoa ke mahoohoo le ho otloa. Joalokaha Jesu a boletse esale pele, ba ile ba ‘hlouoa ke lichaba tsohle.’ (Matheu 24:9) Nakong eo ka eona maikutlo a neng a phahame ka lebaka la ntoa, lira tsa ’Muso oa Molimo li ile tsa sebelisa leqheka le neng le sebelisitsoe ho Jesu Kreste. Ka bohata li ile tsa neta batho ba Jehova ka bohlaba-phio, ’me tsa hla tsa hlasela hona khubung ea mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng o bonahalang. Ka May 1918, ho ile ha ntšoa mangolo a ’muso a laelang hore ho tšoaroe mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, J. F. Rutherford le bo-mphato ba hae ba haufi ba supileng. Banna bana ba robeli ba ile ba ahloloa haboima ’me ba isoa chankaneng e khōlō ea Atlanta, Georgia, U.S.A. Likhoeli tse robong hamorao ba ile ba lokolloa. Ka May 1919 lekhotla la maipiletso le potolohang le ile la fihlela qeto ea hore nyeoe ea baqosuoa e ne e sebelitsoe ka leeme, ’me ka lebaka leo kahlolo e ile ea busetsoa morao. Nyeoe eo e ile ea busetsoa morao hore e tle e mameloe bocha, empa hamorao ’muso o ile oa hula qoso eo, ’me Mor’abo rōna Rutherford le bo-mphato ba hae ba hlakoloa molato ka ho feletseng. Ba ile ba tsosolosa mosebetsi oa bona, ’me likopano tse ileng tsa tšoareloa Cedar Point, Ohio, ka 1919 le ka 1922 li ile tsa fa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso matla a macha.

5. Lipaki tsa Jehova li ile tsa feta har’a eng Jeremane ea Bonazi?

5 Mebuso ea bompoli e ile ea hlaha ka bo-1930, ’me Jeremane, Italy le Japane li ile tsa ikopanya ho etsa mebuso ea Selekane. Qalong ea leshome leo la lilemo, batho ba Molimo ba ile ba hlaseloa ka mahloriso a sehlōhō, haholo-holo Jeremane ea Bonazi. Ho ile ha behoa lithibelo. Ha phenyekolloa matlo, ’me beng ba ’ona ba tšoaroa. Ba likete ba ile ba kenngoa likampong tsa mahloriso kahobane ba ile ba hana ho koenehela tumelo ea bona. Ntoa e loantšang Molimo le batho ba hae e ne e tobisitsoe ntlheng ea hore Lipaki tsa Jehova li fele tu! ’musong oo oa bompoli.a Ha Lipaki li e-ea makhotleng a Jeremane ho ea loanela litokelo tsa tsona, Lekala la Toka la ’Muso le ile la lokisetsa qeto e telele ho tiisa hore li ke ke tsa atleha. E ne e re: “Makhotla ha aa lokela ho hlōleha ka lebaka la seo ho bonahalang e le ho iphaphatha le melao e tloaelehileng; empa a lokela ho batla le ho fumana litsela tsa ho phetha boikarabelo ba ’ona ba bohlokoa ho sa tsotellehe mathata a tloaelehileng.” Sena se ne se bolela hore ho ke ke ha e-ba le toka. Manazi a ne a e-na le maikutlo a hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o kotsi, kapa ke oa bora le hore ‘o sitisa ho hahuoa ha Sechaba sa Bokomonisi.’

6. Ke boiteko bofe bo ileng ba etsoa ho emisa mosebetsi oa rōna nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a moo?

6 Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, batho ba Molimo ba ile ba thibeloa le ho sitisoa Australia, Canada le linaheng tse ling tse tsebahalang e le karolo ea British Commonwealth—Afrika, Asia le lihlekehlekeng tsa Caribbean le tsa Pacific. United States, lira tse nang le tšusumetso le batho ba thetsitsoeng ba ile ba tlisa “khathatso ka molao-taelo.” (Pesaleme ea 94:20, NW) Ho ntse ho le joalo, ho ile ha loaneloa hore litsekisano tsa ho lumelisa folakha le melao ea libaka e thibelang boboleli ba ntlo le ntlo li rarolloe ka makhotleng, ’me likahlolo tse molemo tse ileng tsa etsoa United States li ile tsa haha lerako le matla le sireletsang tokoloho ea borapeli. Ka thuso ea Jehova, boiteko ba sera ha boa ka ba atleha. Ha ntoa e lala Europe, lithibelo li ile tsa tlosoa. Lipaki tse likete tse neng li koaletsoe likampong tsa mahloriso li ile tsa lokolloa, empa tsekisano e ne e e-s’o fele. Hang-hang ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha qaleha Ntoa ea Mantsoe. Lichaba tsa Europe Bochabela li ile tsa hatella batho ba Jehova haholoanyane. Ba boholong ba ile ba nka bohato ba ho sitisa le ho emisa mosebetsi oa rōna oa ho paka, ho thibela ho ajoa ha lingoliloeng tsa Bibele le ho felisa likopano tsa rōna tse tšoaroang phatlalatsa. Ba bangata ba ile ba kenngoa chankaneng kapa ba isoa likampong tsa mosebetsi o boima.

Pele-ea-pele ka Mosebetsi oa Boboleli!

7. Lipaki tsa Jehova li fetile har’a maemo afe Poland, Russia le linaheng tse ling lilemong tsa morao tjee?

7 Ha mashome a lilemo a ntse a feta, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ile oa lumelloa. Le hoja Poland e ne e ntse e le tlas’a puso ea Bokomonisi, e ile ea lumella hore ho tšoaroe likopano tsa letsatsi le le leng ka 1982. Ho ile ha tšoaroa likopano tsa machaba moo ka 1985. Likopano tse khōlō tsa machaba li ile tsa latela ka 1989, ’me ba likete ba tsoang Russia le Ukraine ba ne ba le teng. Selemong seo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa amoheloa ka molao Hungary le Poland. Hoetla ka 1989, Lerako la Berlin le ile la putlama. Likhoeli tse seng kae hamorao, re ile ra amoheloa ka molao Jeremane Bochabela, ’me nakoana ka mor’a moo ho ile ha tšoaroa kopano ea machaba Berlin. Qalong ea bo-1990 ho ile ha etsoa boiteko ba ho iteanya le barab’abo rōna ba Russia. Ba bang ba boholong Moscow ba ile ba atameloa, ’me ka 1991, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao. Ho tloha ka nako eo, mosebetsi o eketsehile haholo Russia le lirephabliking tseo e neng e le karolo ea seo e kileng ea e-ba Soviet Union.

8. Batho ba Jehova ba ile ba etsahalloa ke eng lilemong tse 45 tsa ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše?

8 Le hoja mahloriso a ile a fokotseha libakeng tse ling, a ile a tota ho tse ling. Lilemo tse 45 ka mor’a hore ntoa ea bobeli ea lefatše e lale, linaha tse ngata li ile tsa hana ho amohela Lipaki tsa Jehova ka molao. Ho phaella moo, re ile ra thibeloa kapa ha thibeloa mosebetsi oa rōna linaheng tse 23 Afrika, tse 9 Asia, tse 8 Europe, tse 3 Latin America le lichabeng tse ling tse 4 tsa lihlekehleke.

9. Bahlanka ba Jehova ba ile ba feta har’a maemo afe Malawi?

9 Lipaki tsa Jehova tsa Malawi li ile tsa thulana le mahloriso a sehlōhō qalong ea 1967. Joaloka Bakreste ba ’nete, balumeli-’moho le rōna ba sebakeng seo ba ne ba sa reke likarete tsa mokha oa lipolotiki ka lebaka la ho se jele paate. (Johanne 17:16) Ka mor’a seboka sa Malawi Congress Party ka 1972, ho ile ha tsosolosoa liketso tsa bobatana. Barab’abo rōna ba ile ba lelekoa malapeng a bona ’me ba haneloa ka mesebetsi. Ba likete ba ile ba baleha naheng eo ho qoba hore ba bolaoe. Empa na ba loantšang Molimo le bahlanka ba hae ba ile ba hlōla? Le hanyenyane! Hoba maemo a fetohe, ka 1999 bahoeletsi ba ’Muso bao tlhōrō ea bona e fihlang ho 43 767 ba ile ba tlaleha Malawi, ’me ba fetang 120 000 ba ile ba e-ba teng likopanong tsa setereke moo. Ho hahiloe ofisi e ncha ea lekala motse-moholo.

Ba Batla Lebaka la Boikaketsi

10. Joaloka tabeng ea Daniele, bahanyetsi ba batho ba Molimo ba mehleng ee ba entse’ng?

10 Bakoenehi, baruti le ba bang ba sitoa ho mamella molaetsa oa rōna o tsoang Lentsoeng la Molimo. Tlas’a khatello e etsoang ke bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, bahanyetsi ba batla seo ho thoeng ke tsela ea molao ea ho lokafatsa ntoa ea bona khahlanong le rōna. Ka linako tse ling ho sebelisoa maqiti afe? Ha e le hantle, ba rerang bolotsana ba ile ba khetha ho etsa’ng ha ba hlasela moprofeta Daniele? Ho Daniele 6:4, 5 (NW), rea bala: “Balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse kamehla ba ne ba batla ho fumana boikaketsi khahlanong le Daniele mabapi le ’muso; empa ho hang ho ne ho se boikaketsi kapa ntho e bolileng eo ba neng ba khona ho e fumana, kahobane e ne e le ea ka tšeptjoang ’me ho hang ha hoa ka ha fumanoa ho se tsotelle kapa ntho e bolileng ho eena. Ka lebaka leo banna bana ba shahlileng ba ne ba re: ‘Ho hang ha re na ho fumana lebaka la boikaketsi ho Daniele enoa, haese hore re le fumane khahlanong le eena molaong oa Molimo oa hae.’” Hoa tšoana le kajeno, bahanyetsi ba batla lebaka la boikaketsi. Ba itlatlarietsa ka “lihlopha tsa bokhelohi tse kotsi” ’me ba leka ho reha Lipaki tsa Jehova lebitso leo. Ka ho re senya lebitso, ho re etselletsa le ho bua mashano ka rōna, ba hlasela borapeli ba rōna le ho khomarela ha rōna melao-motheo ea bomolimo.

11. Bahanyetsi ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba ’nile ba bua lipolelo life tsa bohata?

11 Linaheng tse ling, lihlopha tsa bolumeli le tsa lipolotiki ha li batle ho lumela hore re sebelisa “mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo.” (Jakobo 1:27) Le hoja mosebetsi oa rōna oa Bokreste o etsoa linaheng tse 234, bahanyetsi ba bolela hore ‘bolumeli ba rōna ha bo tsejoe.’ Nakoana pele ho kopano e ’ngoe ea machaba ka 1998, koranta e ’ngoe ea Athene e ile ea qotsa moruti oa Greek Orthodox a bolela hore “[Lipaki tsa Jehova] hase ‘bolumeli bo tsejoang,’” ho sa tsotellehe qeto ea Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho e sa lumellaneng le maikutlo ao. Matsatsi a se makae ka mor’a moo, koranta e ’ngoe motseng oona oo e ile ea qotsa ’muelli e mong oa kereke a re: “[Lipaki tsa Jehova] e ke ke ea e-ba ‘phutheho ea Bokreste,’ kaha ha ho letho ho tsona le tšoanang le tumelo ea Bokreste e leng ho Jesu Kreste.” Sena sea makatsa kaha ha ho na sehlopha se seng sa bolumeli se hatisang hore ho etsisoe Jesu ho feta Lipaki tsa Jehova!

12. Ha re loana ntoa ea rōna ea moea, re tlameha ho etsa’ng?

12 Re batla ho sireletsa le ho theha litaba tse molemo ka molao. (Bafilippi 1:7) Ho feta moo, re ke ke ra koenehela kapa ra fokotsa ho khomarela ha rōna ka tieo litekanyetso tsa Molimo tsa ho loka. (Tite 2:10, 12) Joaloka Jeremia, ‘re itlama matheka, ’me re bolela tsohle tseo Jehova a re laelang tsona,’ re sa lumelle ba loantšang Molimo hore ba re tšose ka eng kapa eng. (Jeremia 1:17, 18) Lentsoe le Halalelang la Jehova le bontšitse ka ho hlaka tsela e nepahetseng eo re lokelang ho e nka. Ho hang ha re batle ho itšetleha ka “letsoho [le fokolang] la nama” kapa hona ho batla ‘setšabelo moriting oa Egepeta,’ ke hore, lefatšeng lena. (2 Likronike 32:8; Esaia 30:3; 31:1-3) Ha re loana ntoa ea moea, re lokela ho tsoela pele ho tšepa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna, re mo lumelle hore a tsamaise mehato ea rōna, ’me re se ke ra itšetleha ka kutloisiso ea rōna. (Liproverbia 3:5-7) Ntle leha re tšehelitsoe ke Jehova ’me re lebetsoe ke eena, mosebetsi oohle oa rōna e tla ba “lefeela.”—Pesaleme ea 127:1.

Rea Hlorisoa Empa ha re Koenehe

13. Ke hobane’ng ha ho ka thoe tlhaselo e sehlōhō ka ho fetisisa ho Jesu e ile ea hlōleha?

13 Mohlala o ka sehloohong oa motho ea sa koeneheleng boinehelo ho Jehova ke Jesu, eo ka bohata a ileng a qosoa ka bohlaba-phio le ho kena-kenana le tsamaiso ea sechaba. Ka mor’a ho hlahloba nyeoe ea Jesu, Pilato o ne a ikemiselitse ho mo lokolla. Empa letšoele, le neng le susumetsoa ke baeta-pele ba bolumeli, le ile la hooa hore Jesu a khokhotheloe thupeng, le hoja a ne a se na molato. Bakeng sa hae, ba ile ba re ho lokolloe Barabase—monna ea neng a kentsoe chankaneng ka lebaka la bohlaba-phio le polao! Pilato o ile a boela a leka ho phoka bahanyetsi bao ba lihlooho li thata, empa qetellong o ile a inehela ho itlatlarietseng ha sechaba. (Luka 23:2, 5, 14, 18-25) Le hoja Jesu a ile a shoella thupeng, tlhaselo e sehlōhō ka ho fetisisa e ileng ea etsoa ho Mor’a Molimo ea se nang molato e ile ea hlōleha ka ho feletseng, kaha Jehova o ile a tsosa Jesu le ho mo phahamisetsa ka letsohong la Hae le letona. Ka Jesu ea tlotlisitsoeng, ho ile ha tšolloa moea o halalelang ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., ka tsela eo ha thehoa phutheho ea Bokreste, eo e leng “pōpo e ncha.”—2 Bakorinthe 5:17; Liketso 2:1-4.

14. Phello e ile a e-ba efe ha lihlopha tsa bolumeli ba Sejuda li hanyetsa balateli ba Jesu?

14 Nakoana ka mor’a moo, lihlopha tsa bolumeli li ile tsa sokela baapostola, empa balateli bao ba Kreste ha baa ka ba khaotsa ho bua ka lintho tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng. Barutuoa ba Jesu ba ile ba rapela: “Jehova, lebisa tlhokomelo litšokelong tsa bona, ’me u nehe makhoba a hao hore a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” (Liketso 4:29) Jehova o ile a arabela thapeli ea bona ka ho ba tlatsa moea o halalelang le ka ho ba matlafatsa hore ba ntšetse pele phatlalatso ea bona ka sebete. Ka potlako baapostola ba ile ba boela ba laeloa hore ba khaotse ho bolela, empa Petrose le baapostola ba bang ba ile ba araba: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ho sokeloa, ho tšoaroa le ho shapuoa li ne li ke ke tsa ba sitisa ho atolosa tšebeletso ea bona ea ’Muso.

15. Gamaliele e ne e le mang, ’me ke keletso efe eo a ileng a e fa bahanyetsi ba bolumeli ba balateli ba Jesu?

15 Babusi ba bolumeli ba ile ba itšoara joang? “Ba [ile ba] ikutloa ba hlabehile ka ho tebileng ’me ba ne ba batla ho . . . felisa [baapostola].” Leha ho le joalo, mosuoe e mong oa Molao ea bitsoang Gamaliele, eo e neng e le Mofarisi, o ne a le teng, ’me o ne a hlomphuoa ke batho bohle. Ha a ntšelitse baapostola ka ntle ho holo ea Sanhedrine ka nakoana, o ile a eletsa bahanyetsi bao ba bolumeli: “Banna ba Iseraele, ikeleng hloko mabapi le hore na le rera ho etsa’ng mabapi le banna bana. . . . Ke re ho lōna, Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele; (hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa; empa haeba o tsoa ho Molimo, ha le na ho khona ho ba liha;) ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le le ba hlileng ba loantšang Molimo.”—Liketso 5:33-39.

Ha ho na Sebetsa se Etselitsoeng ho re Loantša se Tla Atleha

16. Ka mantsoe a hao, u ka hlalosa joang seo Jehova a se tiisetsang batho ba hae?

16 Keletso ea Gamaliele e ne e utloahala, ’me re ananela ha ba bang ba re buella. Hape rea lumela hore tokoloho ea borapeli e ’nile ea fumanoa ka liqeto tsa makhotla tse etsoang ke baahloli ba seng leeme. Leha ho le joalo, ho khomarela ha rōna Lentsoe la Molimo ha ho thabise baruti ba Bokreste-’mōtoana le baeta-pele ba bang ba Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:1-3) Le hoja bona le ba ba susumetsang ba re loantša, re tiisetsoa sena: “‘Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena ha se na ho atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova, ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na,’ ho bolela Jehova.”—Esaia 54:17, NW.

17. Le hoja bahanyetsi ba re loantša, ke hobane’ng ha re le sebete?

17 Lira tsa rōna li re loantša ntle ho lebaka, empa ha re nyahame. (Pesaleme ea 109:1-3) Le ka mohla re ke ke ra lumella ba hloileng molaetsa oa rōna oa Bibele hore ba re tšose hore re koenehele tumelo ea rōna. Le hoja re lebeletse hore ntoa ea rōna ea moea e tiise matla, re tseba phello. Joaloka Jeremia, re tla latsoa phethahatso ea mantsoe ana a boprofeta: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.” (Jeremia 1:19) E, rea tseba hore ba loantšang Molimo ba ke ke ba hlōla!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng,“Ba Ile ba Tšepahala le ho Hloka Tšabo Har’a Khatello ea Manazi,” leqepheng la 24-8.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba ’nile ba hlaseloa?

• Bahanyetsi ba ’nile ba loantša batho ba Jehova ka litsela life?

• Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore ba loantšang Molimo ba ke ke ba hlōla?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Jeremia o ile a tiisetsoa hore Jehova o tla ba le eena

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Baphonyohi ba likampo tsa mahloriso

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Pefo ea mahoohoo khahlanong le Lipaki tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

J. F. Rutherford le bo-mphato ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Tabeng ea Jesu, ba loantšang Molimo ha baa ka ba hlōla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela