Lerato Hao le Pharaletse Hakae?
BARNACLE ke sebopuoa se senyenyane, se nang le khetla se phelang metsing. Ke batho ba fokolang ba nahanang haholo ka eona. Leha ho le joalo, barnacle e na le matla a mang a tsotehang! E tseba ho itšoarella linthong. Lekunutu la eona ke lefe? E etsa sekhomaretsi se matla hoo lera la botenya ba 0,0762 mm feela le ka hlokang matla a arolang a 493 kg/sq cm! Mang kapa mang ea kileng a leka ho khoramolla barnacle moo e itšoarelletseng teng o tla paka matla a eona a tlamahanyang.
Bakreste ba tloaelane le ho hong ho tšoanang le hoo. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova lefatšeng o entsoe ka batho ba tsoang lichabeng tsohle, lipuong tsohle, merabeng eohle, le lihlopheng tsohle tsa boahisane. Empa o kopane ka ho tiileng. Lekunutu la oona ke lefe? Le oona, o na le matla a tlamahanyang, a matla haholoanyane ho feta sekhomaretsi sa barnacle e tlasana. Moapostola Pauluse o ile a re bolella hore na matla ao a tlamahanyang ke eng ha a ngola: “Le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:14.
Koana, hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bitsoang lerato e sebeletsang ho kopanya. Ho loannoe lintoa tse ngata ka lebitso la “lerato la naha.” Lerato la boithati le ka ’na la isa moneng. “Lerato la leruo ke motso oa libe tsohle.” (1 Timothea 6:10) Le mehla ea kajeno e thata lebaka le leng la boteng ba eona ke hore batho ba bangata ke “baithati.”—2 Timothea 3:1, 2.
Joale, ke lerato la mofuta ofe le sebeletsang ho kopanya Bakreste? Lerato leo e seng la boithati, le pharallang.
Mohloli oa Lerato Lee o Hokae?
Potso ena e arabeloa ka mantsoe a mararo a makhutšoaane a ngotsoeng ke moapostola Johanne: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, TLP) Lerato la Jehova le bontšitsoe ke mosa oa hae ho rōna. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo re nang le eona qalehong ea eona e tsoa ho eena. “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng, e tsoa holimo.” (Jakobo 1:17) Hona ke ’nete le ka lefatše la sebele leo re le thabelang, ’me haholo-holo mahlohonolo a moea a fanoang ka bongata bo boholo ho Bakreste ba ananelang.
Jesu Kreste o ile a re hlokomelisa ka pontšo e tsotehang e tsoelang pele ea lerato la Jehova, a re: “O [Jehova] chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba khopo.” (Mattheu 5:45) ’Me lerato la Jehova ho batho ka kakaretso le fetela ka nģane ho ho fana ka mahlohonolo a bonahalang, hobane Jesu o hlalositse: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mor’a oa oona ea tsoetsoeng a ’notsi; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ke lerato lefe le pharaletseng le neng le ka ba teng?
Ka ho bontša lerato le joalo ho batho, Jehova o bontša lerato le metseng ka ho tiileng motheong. Puong ea Segerike, lerato leo le bitsoa a·gaʹpe. Jehova o bontša lerato lena le ho Bakreste. Leha ho le joalo, lerato la hae ho bona ke le tomanyana. Ha motho a arabela leratong la Molimo, Jehova o bontša phi·liʹa, lentsoe la Segerike le bolelang “botsoalle” kapa “kameho.” Jesu o-oa re tiisetsa: “Ntate oa le rata e le eena, kahobane le nthatile.”—Johanne 16:27, bapisa NW.
Etsisa Lerato la Molimo
Lerato le sebeletsang e le tlamo e kopanyang ho Bakreste le latela mohlala o babatsehang oa Jehova ka boeena. Joalokaha moapostola Johanne a boletse: “Rea mo rata, kahobane e le eena ea re ratileng pele.” (1 Johanne 4:19) Lerato le joalo ke letšoao la Mokreste oa ’nete ’me, ka sebele, ke tholoana ea moea o halalelang oa Molimo.—Johanne 13:34, 35; Ba-Galata 5:22.
Lerato la Mokreste pele ho tsohle le ka ho khetheha le tlameha ho tobisoa ho Ntate oa hae oa leholimo. Joale, o lokela ho bontša lerato ho batho ba bang. (Mattheu 22:37-39) Kaha lerato la Molimo ke le akaretsang, lerato la rōna ho balumeli ’moho le rōna le lona le tlameha ho ba le pharaletseng, ‘le ahlameng.’ Ka baka leo, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Korinthe ho re: “Lōna ba-Korinthe, molomo oa rōna o le ahlametse, pelo tsa rōna li le ahlametse. . . . ahlamang le lōna.”—2 Ba-Korinthe 6:11-13.
Re ka etsisa lerato le pharaletseng la Jehova joang? A re nahaneng ka mehlala e fokolang.
‘Ahlamisa’ Lerato ka Lapeng
Pauluse o lemositse hore “mehleng ea qetello” ho ne ho tla ba le khaello ea “lerato la hlaho.” (2 Timothea 3:1-3) Leha ho le joalo, ka lelapeng la Bokreste, lerato le lokela ho ba lengata, lerato le theiloeng motheong (a·gaʹpe) le lerato la botsoalle, le nang le kameho (phi·liʹa).—Mattheu 10:37; Ba-Efese 5:28; Tite 2:4.
Ho bontša lerato ha ho bonolo kamehla. Hangata mathata a chelete aa khentša ka lapeng. Molekane e mong oa lenyalo ka linako tse ling a ka ’na a khopisoa ke ho jelloa nako ke molekane e mong. Mosali a ka ’na a ikutloa hore o hlokomolohiloe kapa o nkiloe ha bobebe. Bacha ba bangata ba ikutloa hore batsoali ba bona ha ba ba utloisise. Mathata aa le a tšoanang a ka rarolloa joang?
Ha e le hantle, tharollo ke hore e mong le e mong ea amehang a etsise mohlala oa Molimo ’me a ‘ahlamise’ lerato la hae. Pauluse o khothalitse: “Basali, ikokobetseng ka tlase ho banna ba lōna, joale ka ha ho tšoaneleha Moreneng. Banna, ratang basali ba lōna, ’me le se ke la ba halefela. Bana, utloang batsoali ba lōna nthong tsohle; hobane ke taba e khahlisang Morena. Bo-ntat’a bana, se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.”—Ba-Kolosse 3:18-21.
Ka sebele ho rapella thuso ea ho bontša lerato hoa sebetsa ha mathata a hlaha. Ho joalo le ka puisano e ntle ea lelapa le puisano ea kamehla ea Bibele. (Deuteronoma 6:4-9) E le motheo bakeng sa puisano e joalo e lerato, malapa a mangata a ho fumane ho thusa ho sebelisa sehlooho “Lentsoe la Molimo lea Phela” ho Molula-Qhooa le se reng “Bacha ba Botsa” makasineng oa Tsoha!
Lerato le Pharaletseng ka Phuthehong
Hoa soabisa ha batsoali le bana ba hlōleha ho ratana. Ho boetse hoa soabisa ha Bakreste hammoho ba hlōleha ho bontšana lerato. Moapostola Johanne o-oa tiisa: “Ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng?”—1 Johanne 4:20.
Lerato le re thusa ho lebella se molemohali ho baena ba rōna ba moea. (1 Ba-Korinthe 13:4, 7) Re ka ’na ra bona moena oa rōna a loana le mathata—mohlomong a bile a ‘kotula seo a se jetseng’ ka liketso tsa pejana tsa booatla. (Ba-Galata 6:7) Leha ho le joalo, lerato le tla re thusa ho boloka boikutlo bo nepahetseng ho eena. Re tla qoba menahano e kang, ‘Ke ne ke mo belaella kamehla.’ Esita le haeba moena oa rōna a fokola tumelong, re ka bontša mamello e kang ea Jehova ho ba fokolang, ’me re ka leka ho etsisa mohau oa Hae o lerato.—2 Petrose 3:9.
Lerato le teng har’a bahlanka ba Jehova le thusa ho tiisa Bakreste ba bacha ho feta mathata a lilemo tsa bocha. Ha ngoanana e monyenyane oa Moafrika a botsoa hore na o thusitsoe ke eng ho khomarela borapeli ba ’nete, o ile a hlalosa: “Ke nahana hore ha se seo ke ithutileng sona feela Bibeleng empa lerato leo ke le boneng ha ke e-ea libokeng tsa Bokreste le kamoo ke ileng ka amoheloa, ke tsona tse ileng tsa nkhahla haholo.”
E, lerato le pharaletseng le ka sebeletsa ho tlamahanya phutheho hammoho. Empa hopola, lerato la Jehova le finyella batho bohle. Re ka mo etsisa joang ho see?
Ho Rata Bao Re sa Ba Tsebeng
Jesu o ile a totobatsa tsela e ’ngoe e ikhethang ea ho bontša lerato le ho batho bao re sa ba tsebeng. O itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) E, Lipaki tsa Jehova li bontša lerato la tsona ho ba bang ha li bolella batho bao li sa ba tsebeng ho hang litaba tse molemo.
Ho rata batho ka kakaretso ho susumelletsa Bakreste ho thusa basele le ka litsela tse ling. Joaloka Mosamaria oa setšoantšo sa Jesu, ba leka ho ba baahelani ba molemo, ‘ba etsa bohle hantle,’ hangata ka liphello tse thabisang tse sa lebelloang. (Ba-Galata 6:10; Luka 10:29-37) Ka mohlala, ngoanana e mong e monyenyane Alaska ea neng a kopanela mosebetsing oa ho bolela evangeli lik’hilomithara tse ka bang 260 ho tloha lapeng habo o ile a kopana le lelapa le mathateng a boima a lichelete leo koloi ea lona e neng e robehile. Hoba a utloe ka tsietsi ea lona, ntate oa ngoananyana a khanna lik’hilomithara tse 520 ho ea thusa. Hona hoa fana ka monyetla oa ho bolella lelapa ka merero ea Jehova le ’Muso oa hae. Hoba ba ithute Bibele, monna le mosali ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova. Hona joale, le bona ba fumana thabo ea ho arolelana litaba tse molemo le ba bang.—Liketso 20:35.
Na U ka Rata Ba U Hloileng?
Leha ho le joalo, lerato la Bokreste le fetela ka nģane ho ho rata basele. Jesu o ile a khothaletsa barutuoa ba hae hore: “Ratang bao e leng lira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang; le tle le be bana ba Ntat’a lōna ea maholimong; hobane o chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba khopo.”—Mattheu 5:44, 45.
Na ho hlile ho bonolo ho rata ba re hlorisang? Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova Jeremane ea Bonazi li ile tsa otloa hampe ’me tsa qobelloa ho sebetsa mosebetsi o thata li bile li fuoa lijo tse nyenyane haholo. Ka ho hlakileng, li ne li ke ke tsa ikutloa li e-na le lerato le kameho (phi·liʹa) e kaalo-kaalo ho ba li hlorisang. Leha ho le joalo, li ile tsa ba bontša lona lerato (a·gaʹpe) la motheo leo Jehova a le bontšitseng batho bohle. Ka hona, ha ho khoneha, Lipaki li ne li arolelana molaetsa o phelisang oa ’nete le bahlorisi. ’Me tse ling tsa lira tsena qetellong li ile tsa fetoha Bakreste.
Ba bangata ba hlorisang bahlanka ba Molimo ba etsa joalo ke ho se tsebe, joaloka Saule, eo hamorao e bileng moapostola Pauluse. (Ba-Galata 1:13, 14) Ha re hlokomela hore bahlorisi ba joalo, ka tsela e ’ngoe, ke likofuto tsa leshano la Satane, re thusoa ho ba le boikutlo bo lerato haholoanyane ho bona.—2 Ba-Korinthe 4:4.
Jehova, Molimo o bonolo le o nang le boikutlo, o thabela ho putsa ba bontšang lerato le pharaletseng ka lapeng, ka phuthehong, ho basele le ho lira. Lerato le joalo le tlamahanya litho tsa lelapa le tsa phutheho hammoho ka ho tiileng, joalokaha sekhomaretsi sa barnacle se e nolofaletsa ho itšoarella ka matla lefikeng. Ho feta moo, lerato le khothalletsa ba kantle ho tla le ho tla kopanela bonngoeng ba Bokreste. Na joale ha re na lebaka la ho arabela ka kananelo leratong la Molimo ka ho pharalatsa lerato la rona ka ho eketsehileng? Ka sebele ho joalo! Kahoo a re ‘tsoeleng pele ho hōla leratong leo.’—1 Ba-Thessalonika 4:9,10.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Bakeng sa Thuto ea Hao
Sehlooho sena ke sa borobong sa “tholoana ea moea.” U ka fumana lihlooho tse ling letotong lena likhatisong tsa Molula-Qhooa tsa la 15 Phupjoane, la 1 Phupu, la 15 Loetse, la 1 Mphalane, la 15 Mphalane, la 15 Pulungoana, le la 15 Tšitoe 1985. Mohlomong u ka thabela ho iketsetsa lenaneo la thuto ea botho hore u bale hape boitsebiso bona bo botle ba Mangolo.