Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng le Tšepisitsoeng
Jerusalema—Setsi sa Liketsahalo Tsa Bibele
HA BOHOLO ba lichaba bo e-na le motse oa moreneng, motse-moholo o nang le setulo sa puso, liithuti tsa Bibele li ka ’na tsa nahana hore Jerusalema ke motse oa moreneng oa batho ka kakaretso. Ho joalo hobane lintho tsa bohlokoa tse etsahetseng moo li bohlokoa ho rōna kaofela.
Ka holimo, u ka bona pono eo u neng u ka e bona haeba u ne u eme tututsoaneng e ka boroa ho Jerusalema.a Likhohlo tse peli li kopana setsiketsing sa lifate tse ntšo. Khohlo ea Kedrone e hlaha e theosa ka lehlakoreng le letona; ka bophirima, kapa ka lehlakoreng le letšehali, ke Khohlo ea Hinnome, eona motso oa lebitso la Bibele Gehenna. (Mattheu 10:28; 23:33, NW) Lipakeng (setsiketsing se chabetsoeng ke letsatsi ka pel’a marako a ntseng a le teng) ke moo ho neng ho hahiloe Motse oa Davida oa boholo-holo. Ka har’a marako ho na le mehaho e ’meli e khethehileng ea Masolomane sebakeng se neng se hahiloe mehleng ea pele. Haufi-ufi le lerako ke tora e ’mala o moputsoa bo phatsimang ea kereke ea Masolomane, ’me ka morao ke tora e khōloanyane ea khauta ea Tora ea Lefika.
Empa ke hobane’ng ha Jerusalema, ’me haholo-holo sebaka se bataletseng moo hona joale ho emeng mehaho e ’meli e nang le litora, e le sa bohlokoa ho uena? Ke tlaleho efe ea Bibele eo setšoantšo sa pheleu e tšoasitsoeng sefateng se u hopotsang eona? Mohlomong ke ea Abrahama. E, ke eena ea ileng a tsamaea le mora oa hae Isaaka ho ea Thabeng ea Moria, eo ka ho totobetseng e neng e le haufi kapa e le pel’a leralla le phahameng moo u bonang litora tse peli. Ka tumelo, Abrahama o ne a ikemiselitse ho etsa mora oa hae ea ratoang sehlabelo, empa lengeloi la thibela letsoho la hae. Eaba Abrahama o fumana “pheleu . . . e tšoasehile lihlahleng ka manaka” ’me a e etsa sehlabelo “bakeng sa mora oa hae.” Ka hona ho talima Jerusalema ho ka ’na ha hopotsa ka ketsahalo ena e hapang.—Genese 22:1-13.
Mahlabelo a mang a ile a etsoa haholo hamorao ha Salomone a hahela Jehova tempele e ntlehali sebakeng se bataletseng moo mehaho e nang le litora e leng teng hona joale. (2 Likronike 3:1) Leka ho bona ka mahlo a kelello Baiseraele ba tlang mona ba etsoa likarolong tsohle tsa naha ka mahlabelo a bona a liphoofolo bakeng sa mekete ea selemo le selemo. O neng o halalela ho feta eohle e ne e le oa Letsatsi la Lipheko. Ka letsatsi leo, ho ne ho khethoa phooko e ’ngoe e romelloa “feelleng, e be ea Azazele,” mohlomong e theosa ka Khohlo ea Kedrone e nt’o leba boroa-bochabela ho ea lefeelleng la Judea. Phooko e ’ngoe le poho li ne li bolaoa ’me mali a tsona a sebelisetsoa ho ba sehlabelo se etsetsang baprista le batho pheko. Mali a mang a ne a bile a isoa ka morao ho lesira ka Sehalalelisisong sa tempele. Ka hona u ka sheba setšoantšo sena u hopotse seo sohle ka kelellong ea hao.—Levitike 16:1-34.
Mahlabelo ana ’ohle a neng a etsoa Jerusalema a ne a tšoantšetsa sehlabelo se phethahetseng sa Jesu Kreste. Bosiung ba hae ba ho qetela lefatšeng, e leng nakong ea ha khoeli e tolokile, Jesu o ile a phutheha le baapostola ba hae ho keteka Paseka ea ho qetela e loketseng. E ne e le ka tlung e ka holimo eo ho neng ho nahanoa hore e ne e le karolong e ka holimo ea motse ho ea ka letsohong le letšehali (ka bophirima) la sebaka sa tempele. Hoba Jesu a qete ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea, a nkela baapostola Thabeng ea Mehloare, e ka mose ho Khohlo ea Kedrone, ka bochabela (ka letsohong le letona) ho tempele.—Luka 22:14-39.
E le thuso bakeng sa ho bona sena ka mahlo a kelello, sheba setšoantšo se ka tlaase, se nkiloeng ho shebiloe ’nģa bochabela se nkeloa ka hare ho Jerusalema, mohlomong ho tloha sebakeng seo Jesu a neng a tšoaretse Sejo sa Morena sa Mantsiboea ho sona. Setšoantšong sena, ka tlaase letsohong le letšehali u bona tora (e ’mala o moputsoa ha e khantšitsoe ke ngoeli) ea kereke ea Masolomane sebakeng sa leralla la tempele. Khohlo ea Kedrone e itse qelele ka bochabela (ka tlas’a mola oo setšoantšo se qalang ho oona) e nt’o ba lifate tsa Tšimo ea Gethesemane. Holimo ka letsohong le letona ke Thaba ea Mehloare.
Khoeli e tla be e batla e tolokile hape ka la 22 Tlhakubele, 1989, ha liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tla be li kopana (hoba letsatsi le likele) bakeng sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, li ikhopotsa lefu la sehlabelo la Jesu.b Ka kōpo ak’u itokisetse ho ba moo. Ka letsatsi leo, u ka ’na ua boetse ua batla ho nahanisisa ka liketsahalo tse ling tsa nakong e fetileng tse likolohang Jerusalema le ho e pota-pota mabapi le ho tšolla ha Jesu moea oa hae lefung. Ka tsela eo Jesu o ile a phahamisa toka ea Jehova ’me batho ba lumelang a ba lopolla sebeng le lefung.—1 Ba-Korinthe 11:23-26; Ba-Heberu 9:11-28.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a 1989 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova e na le setšoantšo sena se seholoanyane.
b Bona The Watchtower, June 15, 1977, leqephe 383 bakeng sa lintlha tse eketsehileng malebana le ho bala nako bakeng sa ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]
Polokelo ea Litšoantšo (Near Eastern History) Est.
Polokelo ea Litšoantšo (Near Eastern History) Est.