Jerusalema le Tempele eo Jesu a Neng a e Tseba
KAPELE ka mor’a tsoalo ea Jesu, Josefa le Maria ba ile ba mo isa Jerusalema—motseng oo Ntate oa hae oa leholimo a neng a behile lebitso la Hae ho oona. (Lu 2:22-39) Ha a le lilemo li 12, Jesu o ile a ea sebakeng seo hape, bakeng sa Paseka. Mesuoe e neng e le tempeleng e ile ea makatsoa ke kutloisiso ea hae. (Lu 2:41-51) Mosebetsi oa ho haha tempele eo, oo e neng e le karolo ea lenaneo la kaho la Heroda e Moholo, o ile oa tsoela pele ka “lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng.”—Joh 2:20.
Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ne a e-ba teng meketeng Jerusalema, moo hangata a neng a ruta matšoele. Ka makhetlo a mabeli o ile a leleka ba ananyang chelete le ba rekisang lebaleng la tempele.—Mat 21:12; Joh 2:13-16.
Ka leboea ho tempele, letamong la Bethzatha, Jesu o ile a folisa monna ea neng a kutse ka lilemo tse 38. Mora oa Molimo o ile a boela a tutubolla mahlo a monna ea foufetseng, a mo bolella hore a e’o itlhatsoa letamong la Siloame le karolong e ka boroa ea motse.—Joh 5:1-15; 9:1, 7, 11.
Hangata Jesu o ne a etela metsoalle ea hae, e leng Lazaro, Maria le Maretha ba lulang Bethani, e bohōle ba “hoo e ka bang lik’hilomithara tse tharo” ka bochabela ho Jerusalema. (Joh 11:1, 18, NW, ftn.; 12:1-11; Lu 10:38-42; 19:29; bona “Sebaka sa Jerusalema,” leqepheng la 18.) Matsatsi a seng makae pele ho lefu la hae, Jesu o ile a ea Jerusalema a tsamaea ka tsela ea Thaba ea Mehloaare. Ka mahlo a kelello, mo bone ha a ema a talima ka nģa bophirimela a bona motse ’me a o llela. (Lu 19:37-44) Setšoantšo seo u se bonang holimo leqepheng le latelang se bontša tsela eo a ileng a bona motse ka eona ha a le moo. Ka mor’a moo a kena Jerusalema a palame petsana ea esele, mohlomong a sebelisa e ‘ngoe ea liheke tsa motse tse ka bochabela. Matšoele a ile a mo thoholetsa e le Morena oa Iseraele oa nakong e tlang.—Mat 21:9-12.
Pele Jesu a e-shoa, ho ile ha etsahala liketsahalo tsa bohlokoa libakeng tse Jerusalema kapa tse haufi le eona: serapeng sa Gethesemane, moo Jesu a ileng a rapela teng; holong ea Sanhedrine; ntlong ea Kaifase; paleiseng ea ‘Musisi Pilato, ’me sa ho qetela ke Golgotha.—Mar 14:32, 53–15:1, 16, 22; Joh 18:1, 13, 24, 28.
Ka mor’a hore a tsohe bafung, Jesu o ile a bonahala Jerusalema le libakeng tse e potolohileng. (Lu 24:1-49) Ka mor’a moo, a nyolohela leholimong a le Thabeng ea Mehloaare.—Lik 1:6-12.
[Setšoantšo se Qanollang leqepheng la 31]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Jerusalem/Herod’s Temple
Likarolo Tsa Tempele
1. Sehalalelisiso
2. Sehalalelo
3. Aletare ea Nyehelo ea Secheso
4. Leoatle le Entsoeng ka ho Qhibilihisoa
5. Lebala la Baprista
6. Lebala la Iseraele
7. Lebala la Basali
8. Lebala la Balichaba
9. Lerako (Soreg)
10. Mathule a Borena
11. Mathule a Solomone
TEMPELE
Heke
Lebala la Baprista
Heke
Sehalalelisiso Sehalalelo Aletare ea Lebala la Lebala la
Nyehelo ea Iseraele Basali
Secheso
Leoatle le Entsoeng
ka ho Qhibilihisoa
Heke Mathule
Lerako (Soreg) a Solomone
Lebala la Balichaba
Heke
Mathule a Borena
Liheke
Tora ea Antonia
Borokho
Holo ea Sanhedrine?
PHULA EA TYROPOEONE
Letamo la Siloame
Kotopo ea Metsi
Ntlo ea Kaifase?
Paleise ea ‘Musisi
Golgotha?
Golgotha?
Letamo la Bethzatha
Serapa sa Gethesemane?
THABA EA MEHLOAARE
PHULA EA KIDRONE
Seliba sa Gihone
Ene-rogele
PHULA EA HINOME (GEHENA)
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Seo motho a se bonang ha a sheba bochabela ho pholletsa le Jerusalema ea kajeno: (A) sebaka sa tempele, (B) serapa sa Gethesemane, (C) Thaba ea Mehloaare, (D) lefeella la Juda, (E) Leoatle le Shoeleng
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Seo motho a se bonang ka bophirimela ha a le Thabeng ea Mehloaare mehleng ea Jesu