Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ha Johanne a bona “bongata bo boholo” bo nehela tšebeletso e halalelang tempeleng ea Jehova, bo ne bo nehelana ka eona bo le karolong efe ea tempele?—Tšenolo 7:9-15.
Hoa utloahala ho bolela hore bongata bo boholo bo rapela Jehova ho le leng la mabala a lefatšeng a tempele ea hae ea moea e khōlō, haholo-holo le tšoanang le lebala le ka ntle la tempele ea Solomone.
Linakong tse fetileng, ho ’nile ha boleloa hore ka kutloisiso ea moea bongata bo boholo bo ka har’a Lekhotla la Balichaba la mehleng ea Jesu kapa boa le tšoantšetsa. Leha ho le joalo, lipatlisiso tse eketsehileng li ile tsa senola bonyane mabaka a mahlano ao ka ’ona ho seng joalo. La pele, hase litšobotsi tsohle tsa tempele ea Heroda tse tšoanang le tsa tempele ea Jehova ea moea e khōlō. Ka mohlala, tempele ea Heroda e ne e e-na le Lekhotla la Basali le Lekhotla la Iseraele. Banna le basali ba ne ba ka kena ka Lekhotleng la Basali, empa ke banna feela ba neng ba lumeletsoe ho kena ka Lekhotleng la Iseraele. Mabaleng a lefatšeng a tempele ea Jehova ea moea e khōlō, banna le basali ha baa arohana borapeling ba bona. (Bagalata 3:28, 29) Kahoo, ha ho letho le tšoanang le Lekhotla la Basali le Lekhotla la Iseraele tempeleng ea moea.
La bobeli, ho ne ho se na Lekhotla la Balichaba lipolaneng tseo Molimo a faneng ka tsona tsa mohaho oa tempele ea Solomone kapa ea ponong ea Ezekiele; ebile le ne le le sieo tempeleng eo Zorobabele a ileng a e haha bocha. Kahoo, ha ho na lebaka la ho bolela hore ho hlokahala hore Lekhotla la Balichaba le phethe karolo e itseng tokisetsong ea tempele ea Jehova ea moea e khōlō ea borapeli, haholo-holo ha ho hlahlojoa lebaka le latelang.
La boraro, Lekhotla la Balichaba le ile la ahoa ke Morena Heroda oa Moedomo bakeng sa ho itlotlisa le hore a ratoe ke Baroma. Heroda o ile a qala ho nchafatsa tempele ea Zorobabele mohlomong ka 18 kapa ka 17 B.C.E. The Anchor Bible Dictionary ea hlalosa: “Seo ’muso oa moemphera oa [Roma] Bophirimela o neng o se hloka . . . e ne e le tempele e khōloanyane ho feta ea metse e tšoanang le eona e ka bochabela.” Leha ho le joalo, ho ne ho se ho entsoe qeto ea hore na tempele eo e tla ba khōlō hakae. Buka e hlalosang mantsoe e re: “Le hoja Tempele ka boeona ho ne ho tla hlokahala hore e lekane le tsa pele [ea Solomone le ea Zorobabele], Thaba ea Tempele e ne e sa beheloa meeli ea hore na e be khōlō hakae.” Kahoo, Heroda o ile a atolosa sebaka sa tempele ena ka ho eketsa seo mehleng ena ho ’nileng ha thoe ke Lekhotla la Balichaba. Ke hobane’ng ha mohaho oa mofuta oo o ne o ka ba le seo o se tšoantšetsang tokisetsong ea tempele ea Jehova ea moea?
La bone, hoo e ka bang e mong le e mong—lifofu, lihole le Balichaba ba sa bollang—ba ne ba ka kena Lekhotleng la Balichaba. (Matheu 21:14, 15) Ke ’nete hore lekhotla lena le ile la phetha morero oa lona bakeng sa Balichaba ba bangata ba sa bollang ba neng ba batla ho etsetsa Molimo linyehelo. Ke hona moo ka linako tse ling Jesu a ileng a buisana le bongata ’me ka makhetlo a mabeli a leleka ba ananyang chelete le barekisi, a bolela hore ba hlompholotse ntlo ea Ntat’ae. (Matheu 21:12, 13; Johanne 2:14-16) Ho ntse ho le joalo, The Jewish Encyclopedia e re: “Lekhotla lena le ka ntle, ha e le hantle e ne e se karolo ea Tempele. Mobu oa lona o ne o sa halalele, ’me ho ne ho ka kena mang kapa mang ho lona.”
La bohlano, lentsoe la Segerike (hi·e·ron’) le fetoletsoeng e le “tempele” le sebelisitsoeng ha ho buuoa ka Lekhotla la Balichaba “le bolela mohaho oohle, eseng mohaho oa Tempele ka ho khetheha,” kamoo ho bolelang A Handbook on the Gospel of Matthew, ea Barclay M. Newman le Philip C. Stine. Ho fapana le hoo, lentsoe la Segerike (na·os’) le fetoletsoeng e le “tempele” ponong ea Johanne ea bongata bo boholo le tobile haholoanyane. Moelelong oa tempele ea Jerusalema, hangata le bolela Sehalalelo sa Lihalalelo, mohaho oa tempele, kapa sebaka se ka har’a meeli ea tempele. Ka linako tse ling le fetoleloa e le “sehalalelo.”—Matheu 27:5, 51; Luka 1:9, 21; Johanne 2:20.Bongata bo boholo bo sebelisa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu. Bo hloekile moeeng kaha bo ‘hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me bo li soeufalitse maling a Konyana.’ Kahoo, bo boleloa bo lokile ka kutloisiso ea ho ba metsoalle ea Molimo le ea hore bo tla pholoha matšoenyeho a maholo. (Jakobo 2:23, 25) Ka litsela tse ngata, bo tšoana le basokolohi ba Iseraeleng ba ileng ba ipeha tlas’a selekane sa Molao ’me ba sebeletsa hammoho le Baiseraele.
Ho hlakile hore basokolohi bao ba ne ba sa sebeletse lebaleng le ka hare, moo baprista ba neng ba sebeletsa teng. Litho tsa bongata bo boholo ha li lebaleng le ka hare la tempele ea Jehova ea moea, e leng lebala le emelang boemo ba ho ba bara ba phethahetseng, ba lokileng boo litho tsa “boprista bo halalelang” ba Jehova li leng ho bona ha li sa ntse li le lefatšeng. (1 Petrose 2:5) Empa joalokaha moholo oa leholimo a boleletse Johanne, ha e le hantle bongata bo boholo bo sebakeng sa tempele se nkoang e le Lekhotla la Balichaba la moea. Eo ke tokelo e kaakang! E totobatsa hakaakang hore ho hlokahala hore e mong le e mong a lule a hloekile moeeng le boitšoarong!
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 31]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Tempele ea Solomone
1. Mohaho oa Tempele
2. Lebala le ka Hare
3. Lebala le ka Ntle
4. Litepisi Tse Eang Lebaleng la Tempele