Letsatsi la Molimo la Phetetso
JOALOKAHA re bone sehloohong se fetileng, ho na le mabaka a mangata ao ka ’ona ho leng phoso hore re batle ho iphetetsa. Ho phoso hobane qetellong, ha ho rarolle letho. Ho phoso hobane ho tiisa bora ho e-na le hore ho hahe litlamo tse kopanyang tsa setsoalle. Ho phoso hobane ho senya botho ba ea koetlang mehopolo ea ho batla ho iphetetsa.
Leha ho le joalo, lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa, leo ka lona ho iphetetsa ha batho ho leng phoso le bonoa mantsoeng a Moshe ho Iseraele: “Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o mohau.” (Deuteronoma 4:31) Kaha Molimo o mohau, re lokela ho ba mohau joaloka oona. Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “’Me joale, e-bang lereko, joale ka ha ntat’a lōna le eena a le lereko.”—Luka 6:36.
Leha ho le joalo, Bibele e boetse e hlalosa Jehova joaloka “Molimo oa liphetetso.” (Pesaleme ea 94:1) Moprofeta Esaia o bua ka “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova” le “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” (Esaia 61:2) Ke joang Molimo o ka bang mohau oa ba oa batla ho iphetetsa? ’Me haeba re lokela ho etsisa mohau oa Molimo, ke hobane’ng ha re sa lokela ho mo etsisa ka ho iphetetsa?
Ho arabela potso ea pele, Molimo o mohau hobane o rata batho, ’me o tšoarela haholo kamoo o ka khonang ka teng ka nako e telele e le hore o ka fa batho monyetla oa ho fetola litsela tsa bona. Ba bangata, joaloka moapostola Pauluse, ba sebelisitse hamolemo mohau ona. Empa Molimo o boetse o batla ho iphetetsa—ka kutloisiso ea ho batla toka—hobane mohau o joalo o tsoela pele ho fihlela ha nako e itseng e fela empa eseng ka ho sa feleng. Ha ba bang ba bontšitse hore ba ke ke ba fetola litsela tsa bona, Molimo o tla liha kahlolo nakong e bitsoang hore ke letsatsi la phetetso.
Ho arabeleng potso ea bobeli, che, ha rea lokela ho batla ho iphetetsa hobane Molimo o batla phetetso. Molimo o phethahetse tokeng. Batho ha baa phethahala. Molimo o bona mahlakore ’ohle a taba ’me ka mehla o etsa qeto e loketseng. Re ke ke ra tšepeloa ho etsa ho tšoanang. Ke kahoo Pauluse a ileng a eletsa: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” (Ba-Roma 12:19) Molemong oa rōna, re tlameha ho tlohella phetetso matsohong a Jehova.
Hobane’ng Letsatsi la Liphetetso?
Leha ho le joalo, libakeng tse ngata Bibele e lumela tlhokahalo ea ho ikarabella ha mofosi ea sa bakeng. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore Molimo, ka Jesu, o tla tlisa “ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (2 Ba-Thessalonika 1:8) Re na le mabaka a matle a ho nka mantsoe ao ka ho teba. Hobane’ng?
Lebaka le leng ke hore, kajeno bongata bo phehella ho phephetsa bobusi ba ’Mōpi, bo hlokomoloha melao ea hae e lokileng. Ebang ba ipolela hore ba lumela ho Molimo kapa ba sa lumele, boitšoaro ba bona bo bontša hore ha ba ikutloe ba ikarabella ho Molimo. Mantsoe a mopesaleme a sebetsa ho bohle ba joalo: “Na ea khopo o hlomphollela’ng Molimo? O itse pelong ea hae: ‘U ke ke ua ikarabella?’” (Pesaleme ea 10:13, NW) Ka sebele, Jehova a ke ke a lumella hore a songoe ka mokhoa ona ka ho sa feleng. Le hoja e le Molimo o lerato, o boetse ke Molimo oa toka. O tla ela hloko mehoo ea bao kannete ba amehileng ka toka: “Tsoha, Jehova! Oho Molimo, otlollela letsoho la hao holimo. U se ke ua lebala ba malimabe!”—Pesaleme ea 10:12.
Ho feta moo, batho ba phephetsang molao ba senya lefatše leo re phelang ho lona. Ba silafatsa moea, naha, le metsi; ba tlatsa lefatše ka ho hloka toka le ka liketso tse sehlōhō. ’Me ba bokella lik’hemik’hale, nuclear, le libetsa tse ling tse bolaeang ho tšosa moloko oa batho. Ke habohlokoa hore Molimo o kenelle e le hore ho ka ba le bokamoso bo sireletsehileng bakeng sa moloko oa batho o ikokobelitseng. (Tšenolo 11:18) Ho kenella hona ke hoo Esaia a ileng a ho bitsa letsatsi la phetetso.
Letsatsi la Molimo la Phetetso le Tla Finyella Eng?
Ho latela Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words, Mangolong a Segerike, lentsoe bakeng sa phetetso, ha le sebelisoa mabapi le Molimo, ka sebele le bolela “‘se etsoang ka baka la toka,’ eseng joalokaha hangata ho etsahala ka phetetso ea batho, e etsoang ka baka la ho utloa bohloko kapa feela e tsoang boikutlong ba khalefo.” Ka hona, phetetso ea Molimo khahlanong le lira tsa hae e ke ke ea e-ba nako ea tšollo ea mali e sa laoleheng, joaloka lehloeo le mabifi la batho. Bibele ea re bolella: “Ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho loela barapeli molekong, le ho bolokela bakhopo hlokofatso ea letsatsi la kahlolo.”—2 Petrose 2:9.
Bahlanka ba Molimo ba talima pele letsatsing la Molimo la phetetso e le nako eo tsamaiso e lokileng e tla beng e bolokoa ’me ba lokileng ba namoleloa ho hatelloeng ke ba khopo. Hona ha ho bolele hore ba lonya kapa ba batla ho iphetetsa. Bibele ea lemosa: “Ea tlakang litlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.” (Liproverbia 17:5) Ho fapana le hoo, ba hlaolela mohau le kutloelo-bohloko, ’me ba tlohella Molimo ho etsa qeto efe kapa efe ka phetetso.
Ke ’nete, ha ho bonolo bakeng sa batho ba halefileng ho etsa ka tsela ena. Empa ho ka khoneha, ’me ba bangata ba entse joalo. Ka mohlala, Pedro lilemong tsa hae tsa bongoana o ne a sa thaba ’me moholoane oa hae o ne a atisa ho mo otla. Kahoo o ile a hōla a le mabifi, hangata o ne a baka mathata ao mapolesa a neng a lokela ho nka khato ka ’ona ’me o ne a ntšetsa bohale boo a neng a bo utloa ka moholoane oa hae ho mosali le ngoana oa hae. Qetellong, o ile a mamela e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me hamorao a qala ho ithuta Bibele. Oa hlalosa: “Ka thuso ea Jehova, ke ile ka fetoha, ’me hona joale, ho e-na le hore ke loantše batho, ke ba thusa ke le moholo oa Mokreste.” Ka thuso ea Bibele le moea o halalelang, ba bang ba bangata-ngata ba ile ba fetoha ka ho tšoanang ho tloha ho beng le lonya kapa ho rata ho iphetetsa ea e-ba ba bontšang lerato le mamello ho ba bang.
U Tla Etsa Eng?
Ho hopola ho tla ha letsatsi la Molimo la liphetetso ho tla re thusa ho sebelisa hamolemo mamello ea Jehova. Empa monyetla oa ho etsa joalo o lekanyelitsoe. Haufinyane letsatsi leo le tla fihla. Moapostola Petrose o bontšitse hore na ke hobane’ng ha le e-s’o fihle: “Morena ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.”—2 Petrose 3:9.
Joale, ho potlakile, ho itokisetsa hona joale bakeng sa letsatsi la Molimo la ho ikarabella ka ho ithuta Mangolo le ho sebelisa keletso ea ’ona. Sena se tla re thusa ho latela mantsoe a mopesaleme: “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo, u se ke ua hlora; ebe etlaba u etsa bobe. Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.”—Pesaleme ea 37:8, 9.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ka mor’a letsatsi la Molimo la phetetso, ‘ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše’