Khaolo ea 101
Bethania, ka Tlung ea Simone
HA JESU a tloha Jeriko, o leba Bethania. Leeto le nka boholo ba letsatsi, kaha ke mothati o hloehang haboima oa lik’hilomithara tse ka bang 19. Jeriko e limithara tse ka bang 250 ka tlas’a bophahamo ba leoatle, ’me Bethania e limithara tse ka bang 760 ka holim’a bophahamo ba leoatle. U ka ’na ua hopola hore, Bethania, ke ha habo Lazaro le likhaitseli tsa hae. Motsana o monyenyane o ka bang lik’hilomithara tse tharo ho tloha Jerusalema, o letsoapong le ka bochabela ho Thaba ea Mehloare.
Ba bangata ba se ba fihlile Jerusalema bakeng sa Paseka. Ba fihlile pele hore ba tle ba itlhoekisetse litšebeletso. Mohlomong ba ne ba tšoere setopo kapa ba entse ntho e ’ngoe e ba etsang hore ba be litšila. Ka hona ba latela mehato e behiloeng ea ho itlhoekisa e le hore ba keteke Paseka ka ho amohelehang. Ha bana ba fihlileng pele ba bokellana tempeleng, ba bangata ba nahanisisa ka hore na e be Jesu o tla tla Pasekeng.
Jerusalema ke setsi se seholo sa khang ka Jesu. Ke ntho e tsebahalang hore baeta-pele ba bolumeli ba batla ho mo tšoara hore ba ’molaee. Ha e le hantle, ba fane ka litaelo tsa hore haeba motho leha e le ofe a utloela moo a leng teng, o lokela ho ba tlalehela. Ka makhetlo a mararo likhoeling tsa morao-rao—Moketeng oa Metlotloane, Moketeng oa Nchafalo ea Tempele, le ka mor’a hore a tsose Lazaro—baeta-pele bana ba lekile ho ’molaea. Kahoo, batho baa ipotsa, na Jesu o tla boetse a itlhahisa phatlalatsa ka lekhetlo le leng? Baa botsana: “Le hopola joang?”
Ho sa le joalo, Jesu o fihla Bethania matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka, e oelang ho la 14 Nisane ho latela almanaka ea Bajode. Jesu o fihla Bethania ka Labohlano mantsiboea, e leng qalo ea la 8 Nisane. O ne a ke ke a nka leeto ho ea Bethania ka Moqebelo hobane ho eta ka Sabbatha—ho tloha ha letsatsi le likela Labohlano ho fihlela ha letsatsi le likela ka Moqebelo—ho thibetsoe ke molao oa Bajode. Mohlomong Jesu o ea lapeng ha Lazaro, joalokaha a ile a etsa pele, ’me o robaletsa moo bosiu ba Labohlano.
Leha ho le joalo, moahi e mong oa Bethania o memela Jesu le metsoalle ea hae lijong ka Moqebelo mantsiboea. Monna eo ke Simone, eo pele e neng e le molepera, eo mohlomong pejana a ileng a phekoloa ke Jesu. E le ho lumellana le sebōpeho sa hae sa ho ba mahlaha-hlaha, Maretha o sebeletsa baeti. Empa, ka tloaelo, Maria o lebisitse tlhokomelo ho Jesu, lekhetlong lena e le ka tsela e fehlang khang.
Maria o koaholla pitsa ea albastera, kapa folaseke e nyenyane, e tšelang hoo e ka bang halofo ea k’hilograma ea setlolo se nkhang hamonate, “nareda ea sebele.” Ke sa bohlokoahali. Ka sebele, theko ea sona e batla e lekana le moputso oa selemo! Ha Maria a tšela setlolo hloohong ea Jesu le maotong a hae ’me a hlakola maoto a hae ka moriri oa hae, monko o monate oa setlolo oa tlala ntlo kaofela.
Barutuoa ba halefile ’me baa botsa: “Tšenyo ee e etsetsoa’ng?” (TLP) Joale Judase Iskariota o re: “Ke hobane’ng ha setlolo see se sa ka sa rekisoa lidenare tse makholo a mararo, tsa neoa mafutsana?” Empa Judase ha aa ameha hakaalo ka mafutsana, hobane o ne a ntse a utsoa chelete e ka mokotlaneng oa chelete o bolokiloeng ke barutuoa.
Jesu o sireletsa Maria. Oa laela: “Mo leseng; le mo utloisetsa’ng bohloko? O nketselitse ketso e molemo. Hobane ha e le bafumanehi le tla ’ne le be le bona ka mehla, ’me le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa ’na, le ke ke la ba le ’na ka mehla. O entse seo a neng a ka se etsa; o tlile pele ho tlotsetsa ’mele oa ka [ho epeloa]. Ka ’nete ke re ho lōna: Hohle lefatšeng moo Evangeli ena e tla boleloa teng, se entsoeng ke eena le sona se tla boleloa, a tle a hopoloe ka sona.”
Joale Jesu o se a bile Bethania lihora tse fetang 24, ’me lentsoe la ho ba teng ha hae le se le phatlaletse. Ka hona, ba bangata ba tla tlung ea Simone ho tla bona Jesu, empa ba boetse ba tlela ho tla bona Lazaro, eo le eena a neng a le teng. Ka hona baprista ba baholo ba rera hammoho eseng feela ho bolaea Jesu empa le Lazaro. Sena ke hobane batho ba bangata ba lumela ho Jesu ka baka la ho bona eo a mo tsositseng bafung a phela! Kannete, baeta-pele baa ba bolumeli ba khopo hakaakang! Johanne 11:55–12:11, TLP; Mattheu 26:6-13; Mareka 14:3-9; Liketso 1:12.
▪ Ke puisano efe e tsoelang pele tempeleng Jerusalema, hona hobane’ng?
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lokela ho fihla Bethania ka Labohlano ho e-na le ka Moqebelo?
▪ Ha Jesu a fihla Bethania, ke hokae moo ho bonahalang a ile a qeta nako ea Sabbatha teng?
▪ Ke ketso efe ea Maria e fehlang khang, ’me Jesu o mo sireletsa joang?
▪ Ke eng e bontšang bokhopo bo boholo ba baprista ba baholo?