THUTO EA 86
Jesu o Tsosa Lazaro
Jesu o ne a e-na le metsoalle e meraro e lulang Bethani. Bona e ne e le Lazaro le likhaitseli tsa hae tse peli e leng Maria le Maretha. Ka letsatsi le leng ha Jesu a le ka lehlakoreng le leng la noka ea Jordane, Maria le Maretha ba ile ba mo romella molaetsa o potlakileng ba re: ‘Lazaro oa kula. Re kopa u tle kapele!’ Empa Jesu ha aa ka a ea hang-hang. O ile a ema matsatsi a mabeli eaba o re ho barutuoa ba hae: ‘Ha re eeng Bethani. Lazaro o robetse ’me ke il’o mo tsosa.’ Baapostola ba ile ba re: ‘Haeba Lazaro o robetse o tla fola.’ Eaba Jesu o re ho bona: ‘Lazaro o hlokahetse.’
Ha Jesu a fihla Bethani, e ne e se e le matsatsi a mane Lazaro a patuoe. Batho ba bangata ba ne ba tlile ho tla tšelisa Maretha le Maria. Ha Maretha a utloa hore Jesu o teng, o ile a mathela ho eena a re: “Morena, hoja u ne u le teng khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Eaba Jesu o re: ‘Khaitseli ea hao e tla phela hape. Na oa lumela Maretha?’ O ile a re: ‘E, kea lumela hore o tla tsoha.’ Jesu a tsoela pele ho re: “Ke ’na tsoho le bophelo.”
Eaba Maretha o ea ho Maria o re: ‘Jesu o teng.’ Maria a mathela ho Jesu ’me batho ba bangata ba mo sala morao. Ha a fihla ho Jesu, a itihela maotong a hae a ntse a lla ’me a re: ‘Morena, hoja u ne u le teng khaitseli ea rona e ka be e ntse e phela!’ Jesu o ile a bona hore Maria o utloile bohloko eaba le eena o qala ho lla. Ha batho ba mo bona a lla, ba re: ‘Jesu o ne a rata Lazaro hakaakang.’ Empa ba bang ba ile ba re: “O sitiloe ke’ng ho etsa hore Lazaro a se ke a shoa?” Jesu o ne a tl’o etsang?
Jesu o ile a ea lebitleng la Lazaro le neng le koetsoe ka lejoe le leholo. O ile a ba laela a re: ‘Tlosang lejoe leo.’ Maretha a re: ‘Empa e se e le matsatsi a mane a hlokahetse! O se a nkha.’ Ba tlosa lejoe leo eaba Jesu oa rapela o re: “Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile. Kea tseba hore kamehla oa nkutloa empa ke buile ka lebaka la batho bana ba mpota-potileng e le hore ba ka lumela hore u nthomile.” Jesu a hoeletsa a re: “Lazaro, tsoa!” Ho ile ha etsahala mohlolo, Lazaro a tsoa ka lebitleng a ntse a thatetsoe ka masela. Jesu a re: “Thatollang masela ao le mo tlohele a tsamaee.”
Batho ba bangata ba boneng ketsahalo ena ba ile ba ba le tumelo ho Jesu. Ba bang bona ba bolella Bafarisi lintho tsena. Ka mor’a moo, Bafarisi ba ile ba batla ho bolaea Jesu le Lazaro. E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota o ile a ea ho Bafarisi a re: ‘Le tla mpatala bokae ha nka le thusa ho tšoara Jesu?’ Ba ile ba lumela ho mo fa lichelete tse 30 tsa tšepe eaba Judase o qala ho batla monyetla oa ho ba fa Jesu.
“Ho rona Molimo oa ’Nete ke ea re pholosang. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re pholosa lefung.”—Pesaleme ea 68:20