Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 34 maq. 177-181
  • Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Tsosa Lazaro
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 34 maq. 177-181

Khaolo ea 34

Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?

JOALOKAHA mohlomong u tseba, kajeno batho baa tsofala, baa kula ebile baa shoa. Esita le bana ba bang baa shoa. Na u lokela ho tšaba lefu kapa motho ea shoeleng?— Na ua tseba hore na ho etsahala’ng haeba re e-shoa?—

Ha ho motho ea phelang kajeno ea kileng a shoa a ba a tsoha hore a tl’o re bolella hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa. Empa ha Jesu, Mosuoe e Moholo, a ne a le lefatšeng, ho ne ho e-na le motho ea joalo. Re ka ithuta se etsahalang ha batho ba e-shoa ka ho bala ka eena. Motho eo e ne e le motsoalle oa Jesu ’me a lula Bethani, motsaneng o seng hōle le Jerusalema. Lebitso la hae e ne e le Lazaro, ’me o ne a e-na le likhaitseli tse peli, e leng Maretha le Maria. A re ke re bone seo Bibele e reng se ile sa etsahala.

Ka letsatsi le leng Lazaro o ile a kula haholo. Ka nako eo, Jesu o ne a le hōle. Kahoo Maretha le Maria ba ile ba romela lenģosa ho ea bolella Jesu hore Lazaro, khaitseli ea bona, oa kula. Ba ile ba etsa sena hobane ba ne ba tseba hore Jesu o ne a ka tla ’me a folisa khaitseli ea bona. Jesu e ne e se ngaka, empa Molimo o ne a mo file matla a ho phekola boloetse ba mofuta o mong le o mong.—Matheu 15:30, 31.

Leha ho le joalo, pele Jesu a e-ea ho ea bona Lazaro, Lazaro o ile a kula haholo hoo a ileng a shoa. Empa Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore Lazaro o robetse le hore O il’o mo tsosa. Barutuoa ba ne ba sa utloisise seo Jesu a se bolelang. Kahoo Jesu a re ka ho toba: “Lazaro o shoele.” See se bontša eng ka lefu?— E, se bontša hore lefu le tšoana le boroko bo tebileng. Ke boroko bo tebileng hoo motho a sa loreng le ho lora.

Joale Jesu o ile a etela Maretha le Maria. Metsoalle e mengata ea lelapa e ne e se e fihlile. E ne e tlile ho tla tšelisa likhaitseli tsa Lazaro hobane khaitseli ea bona e shoele. Ha Maretha a utloa hore Jesu oa tla, a tsoa ho ea mo khahlametsa. Ka potlako Maria le eena a tsoa ho ea bona Jesu. O ne a utloile bohloko haholo a lla, ’me a itihela maotong a Jesu. Metsoalle e meng e neng e felehelitse Maria le eona e ne e lla.

Mosuoe e Moholo o ile a botsa hore na ba behile Lazaro hokae. Ka mor’a moo, batho ba ile ba isa Jesu lehaheng leo Lazaro a patiloeng ho lona. Ha Jesu a bona batho bohle ba lla, le eena a qala ho lla. O ne a tseba kamoo ho leng bohloko kateng ho lahleheloa ke motho eo u mo ratang ka lefu.

Ho ne ho behiloe lejoe ka pel’a lehaha, kahoo Jesu a re: “Tlosang lejoe leo.” Na ba ne ba lokela ho le tlosa?— Maretha o ne a sa nahane hore ba lokela ho le tlosa. O ile a re: ‘Morena, e tlameha ebe joale o se a nkha, kaha ke matsatsi a mane.’

Empa Jesu a re ho eena: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?” Jesu o ne a bolela hore Maretha o ne a tla bona ntho e ’ngoe e neng e tla tlotlisa Molimo. Jesu o ne a tlil’o etsa’ng? Ha lejoe le se le tlositsoe, Jesu a rapela Jehova ka lentsoe le phahameng. Jesu a ntan’o re ka lentsoe le phahameng: “Lazaro, tsoa!” Na o ne a tla tsoa? Na o ne a ka khona ho tsoa?—

Na u ka khona ho tsosa motho ea robetseng?— E, haeba u hoeletsa ka lentsoe le phahameng, o tla tsoha. Empa na u ka tsosa motho ea robetseng lefung?— Che. Ho sa tsotellehe hore na u hoeletsa hakae, motho ea shoeleng a ke ke a utloa. Ha ho letho leo ’na le uena kapa motho leha e le ofe lefatšeng kajeno a ka le etsang ho tsosa motho ea shoeleng.

Empa Jesu o ne a ikhetha. Molimo o ne a mo file matla a khethehileng. Kahoo ha Jesu a bitsa Lazaro, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. Monna ea neng a shoele ka matsatsi a mane o ile a tsoa ka lehaheng! O ile a boela a phela! O ne a boetse a khona ho hema le ho tsamaea le ho bua! E, Jesu o ile a tsosa Lazaro bafung.—Johanne 11:1-44.

Joale ak’u nahane ka taba ena: Ho ile ha etsahala’ng ka Lazaro ha a ne a shoele? Na karolo e ’ngoe ea hae—e leng moea—e ile ea tsoa ’meleng oa hae ho ea phela sebakeng se seng? Na moea oa Lazaro o ile oa ea leholimong? Na o ile a phela leholimong le Molimo le mangeloi a halalelang ka matsatsi a mane?—

Che. Hopola hore Jesu o itse Lazaro o ne a robetse. Ho etsahala’ng ha u robetse? Ha u robetse boroko bo tebileng, akere ha u tsebe se ntseng se etsahala haufi le uena?— ’Me ha u tsoha, ha u tsebe hore na u ne u robetse nako e kae ho fihlela u sheba oache.

Ho joalo feela le ka batho ba shoeleng. Ha ba tsebe letho. Ha ba utloe letho. ’Me ba ke ke ba etsa letho. Ke kamoo Lazaro a neng a le kateng ha a ne a shoele. Lefu le tšoana le boroko bo tebileng boo motho a sa hopoleng letho ho bona. Bibele e re: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5, 10.

Ak’u nahane le ka taba ena: Haeba Lazaro a ne a bile leholimong ka matsatsi ao a mane, na a ka be a sa bolela ho hong ka ho ba ha hae moo?— Hona haeba a ne a bile leholimong, na Jesu o ne a ka mo qobella ho tloha sebakeng se setle hakaalo hore a khutlele lefatšeng?— Che, o ne a ke ke!

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba re re na le moea, ’me ba re moea o tsoela pele ho phela ha ’mele o e-shoa. Ba re moea oa Lazaro o ne o ntse o phela sebakeng se itseng. Empa hase seo Bibele e se bolelang. E re Molimo o ile a etsa motho oa pele Adama “moea o phelang.” Adama e ne e le moea. Bibele e boetse e re ha Adama a etsa sebe, o ile a shoa. O ile a fetoha ‘moea o shoeleng,’ ’me a khutlela lerōleng leo a neng a entsoe ka lona. Bibele e boetse e re bana bohle ba Adama le bona ba futsitse sebe le lefu.—Genese 2:7; 3:17-19; Numere 6:6; Baroma 5:12.

Ka hona, ho hlakile hore ha re na moea o arohaneng le ’mele. E mong le e mong oa rōna ke moea. ’Me kaha batho ba futsitse sebe ho motho oa pele, Adama, Bibele e re: ‘Moea o etsang sebe o tla shoa.’—Ezekiele 18:4.

Batho ba bang ba tšaba bafu. Ba tšaba ho atamela pel’a mabitla hobane ba nahana hore bafu ba na le meea e arohaneng le ’mele ea bona e ka ’nang ea ntša batho ba phelang kotsi. Empa na motho ea shoeleng a ka ntša motho ea phelang kotsi?— Che, a ke ke.

Batho ba bang ba bile ba lumela hore bafu ba ka khutla e le meea ho tla etela ba phelang. Kahoo ba behela bafu lijo. Empa batho ba etsang seo ha ba hlile ha ba lumele seo Molimo a se buang ka bafu. Haeba re lumela seo Molimo a se buang, ha re na ho tšaba bafu. ’Me haeba re hlile re leboha Molimo ka bophelo, re tla bontša seo ka ho etsa lintho tseo Molimo a li ratang.

Empa u ka ’na ua ipotsa: ‘Na Molimo o tla etsa hore bana ba shoeleng ba boele ba phele? Na kannete o batla ho etsa joalo?’ Re tla buisana ka seo khaolong e latelang.

A re bale ho eketsehileng ka Bibeleng ka boemo ba bafu le ka boemo ba motho e le moea, ho Pesaleme ea 115:17; 146:3, 4; le Jeremia 2:34.

[Setšoantšo se leqepheng la 179]

Jesu o etselitse Lazaro eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 180]

Lazaro o ne a le boemong bofe ha a ne a shoele?

[Setšoantšo se leqepheng la 181]

Ke hobane’ng ha ho se na lebaka la hore re tšabe bafu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela