Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/92 leq. 7
  • Khetha Lintlha Tse Khōlō Tse Loketseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetha Lintlha Tse Khōlō Tse Loketseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Ruisa ba Bang Molemo ka ho Sebelisa Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 11/92 leq. 7

Khetha Lintlha Tse Khōlō Tse Loketseng

1 Re ka etsa joang ho khothaletsa batho hore ba bale Molula-Qhooa le Tsoha! ka mehla? Ho hlokahala hore re be le lintlha tse thahaselisang tseo re tla bua ka tsona ha re buella limakasine ho ba bang. Haeba re se re tloaelane hantle le batho ba leng tšimong ea rōna ’me re nahana ka bona ha re bala limakasine, re ka batla lintlha tse khōlō tse tla hapa thahasello ea bona.

2 Libakeng tse ling batho ba ka ’na ba ba le semelo se tšoanang, e leng ho etsang hore ho be bonolo haholo ho hlokomela ntho e ka thahaselisang batho ba bangata. Empa libakeng tse ling, re ka fumana batho ba nang le limelo tse ngata tse sa tšoaneng. Haeba re hopotse lintlha tse ’maloa tse khōlō, re ka khetha e le ’ngoe e tla lokela motho e mong le e mong eo re teanang le eena.

3 U se ke ua potlakela ho lahla litokollo tsa khale tsa limakasine ha u fumana tse ncha. Moena e mong hangata o bontša mong’a ntlo litokollo tse tharo kapa tse ’nè tsa Molula-Qhooa ebe o mo lumella hore a ikhethele tseo a batlang ho li bala. Haeba re fumana hore re ba le limakasine tse ngata ho feta kamoo re ka khonang ho li tsamaisa, re lokela ho nahanela ho fetola odoro ea rōna.

4 Ka hore ka mehla re sebelise lintlha tse khōlō tse loketseng, re ka susumeletsa ba bang hore ba bale limakasine tsa rōna ’me mohlomong re qalise batho ba joalo tseleng e isang bophelong. (Matt. 7:14) Haeba re nahana ka hloko ka taba ena ea bohlokoa, re ka kholiseha ka tlhohonolofatso ea Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela