Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/92 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 11/92 leq. 7

Litsebiso

◼ Mpho ea buka ka November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R2,60. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. January: Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso” ka monehelo oa R2,60. February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00.

◼ Bangoli ba lokela ho fana ka likarete tse ncha tsa Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho (S-202) feela ho bo-pula-maliboho ba fallelang phuthehong ea bona ba tsoa libakeng tse oelang tlas’a lekala la Afrika Boroa. Ka kōpo hlokomelang mangolo a rōna a ngotsoeng ka October 23, 1989, le April 1, 1991, a buang ka taba ena. Hape, pele le romela foromo ea S-206 e tsebisang Mokhatlo ka bo-pula-maliboho ba tsoileng lenaneng, ka kōpo ikhopotseng ka hloko litaelo tse foromong ’me le arabe lipotso tsohle tse loketseng.

◼ Joale liphutheho li ka odora meqolo e hatisitsoeng hape ea Watchtower ea lilemo tsa 1983 le 1984. Ka kōpo le se ke la odora ea lilemo tsa ka mor’a 1984 ho fihlela ha ho tsebisoa hore e teng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

◼ Khafetsa re amohela likōpo tse tsoang ho baena ba lakatsang hore Mokhatlo o ba bolokele chelete ea bona joaloka banka le ho hula lichelete tse joalo ha ba li hloka. Re masoabi hore ebe Mokhatlo ha o khone ho amohela likalimo leha e le life. Leha ho le joalo, re ka amohela menehelo e tobileng le e etsoang ho itšetlehiloe ka maemo a itseng. Haeba u batla boitsebiso bo eketsehileng ka tokisetso ea monehelo o etsoang ho itšetlehiloe ka maemo a itseng u ka botsa mongoli oa phutheho kapa oa ngolla Treasurer’s Office lekaleng la heno.

◼ Joale liphutheho li ka odora temana ea selemo ea 1993, e fumanehang ka theko ea R12,00 e le ’ngoe ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Theko e tla lefisoa molatong oa libuka. Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete le odoro ea tsona. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho tsohle li manehe temana e ncha ea selemo ka January 1, 1993.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1993 hammoho le odoro ea tsona e tloaelehileng ea libuka ho tloha ka December 1. Libukana li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela ha libukana tsena li fumaneha le ho romeloa, ho tla ’ne ho ngoloe “Li tla Romeloa” ho li-invoice tsa phutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ke tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka lisente tse 85 e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi. Bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng ba bileng lenaneng pele ho July 1, 1992, ba ka fumana kopi e le ’ngoe e sa lefelloeng ’me ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka lisente tse 55 e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang molato ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le odoro ea tsona. Ho lokela ho tlatsoe foromo e ka thōko ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20) e bontšang likopi tse sa lefelloeng tse filoeng bo-pula-maliboho. Re khothaletsa hore setho se seng le se seng sa lelapa se be le kopi ea bukana ena. Libukana tsena li lokela ho odoroa ka phutheho.

◼ Re pheta tsebiso e ileng ea hlaha ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ho ile ha etsoa liphetoho tse itseng bukeng ea Phela ka ho sa Feleng. Haeba u na le kopi e hatisitsoeng pele ho 1990 ka kōpo hlokomela taba e latelang: Ho na le phetoho mabapi le taba e amang batho ba Sodoma e boletsoeng ho maqephe 178-80. Phetoho ena e ile ea hlaha bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo, leqephe 273, le ho Molula-Qhooa oa June 1, 1988, maqephe 30-1. Haeba u ntse u sebelisa khatiso ea pejana, ka kōpo ngola phetoho ena koping ea hao ’me u tiise hore u fetisa boitsebiso bo nepahetseng ho liithuti tsa hao tsa Bibele.

◼ Bethele e hloka ka potlako bo-mek’henike ba peterole le diesele. Moena leha e le ofe ea ka fumanehang o lokela ho iteanya le Mokhatlo ka pele kamoo ho ka khonehang.

◼ Lik’hasete tsa Video Tse Fumanehang:

Senyesemane: Purple Triangles (Pale ea lelapa la Kusserow, leo phihlelo ea lona e hlahileng tokollong ea September 1, 1985, ea Molula-Qhooa. E hatisitsoe ke khaso ea thelevishene ea Brithani ’me Mokhatlo oa Watchtower o rekile litokelo tsa ho e aba. Phutheho le batho bohle: R40,00; bo-pula-maliboho: R35,00.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela