Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/92 maq. 3-6
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Finyella Litlhoko Tsa Kotulo ka Thabo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Karolo eo U e Phethang Ho Aheng Bakeng sa Nako e Tlang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Afrika Boroa le Linaheng Tsa Boahisani
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso—Karolo ea Bohlokoa ea Tšebeletso e Halalelang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 11/92 maq. 3-6

Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang

1 Re hloka tlhohonolofatso ea Molimo ho sohle seo re se etsang. Bohlale ba ho ela hloko sena bo bontšitsoe ka tsela e ntle ho Pesaleme ea 127:1: “Ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” Kahoo, re lokela ho tiisa hore re nahana ka ’Mōpi mesebetsing ea rōna eohle.

2 E Hlokomeloa ke ba Bang: Kajeno, batho ba tloaelaneng le mekhoa ea kaho ba khahlehela haholo seo Lipaki tsa Jehova li se finyellang tabeng ea kaho e potlakileng ea Liholo tsa ’Muso. Ka mohlala, sebakeng se seng koranta ea teng e ile ea hlalosa: “E ne e le phutuho ea lebotho la basebetsi ba Lipaki tsa Jehova ba Baithaopi le ileng la tla ‘Mosebetsing oa matsatsi a mararo oa Kaho ea Holo ea ’Muso,’ ’me e bile mosebetsi oa matsatsi a mararo. . . . Ka matsatsi a mararo Komiti ea Kaho ea Liholo tsa ’Muso e ile ea tla ea ba ea tsamaea, empa seo ba se finyeletseng se tla hopoloa ka nako e telele.”

3 Moruti oa Roma e K’hatholike o ile a bua ka kaho ea Holo ea ’Muso e hahiloeng ka potlako Soweto a re: “Ha ke e-s’o bone ntho e tjena. Batho ba merabe eohle ba sebetsa hammoho. Ba basoeu ba tlil’o haha sebakeng sa batho ba batšo ba hahela batho ba batšo, ba beha bophelo ba bona kotsing hobane batho ba basoeu baa hlaseloa metseng ea batho ba batšo.”

4 Molebeli oa potoloho o tlaleha hore beke ka mor’a ho phethoa ha kaho ea Holo ea ’Muso e hahiloeng ka potlako ka leboea ho Transvaal, mosali e mong o ile a kōpa lingoliloeng ho Lipaki tse neng li etetse lapeng la hae. Nakong e fetileng o ne a sa amohele bahoeletsi bana kapa hona ho nka lingoliloeng leha e le life. Leha ho le joalo, boiteko bo loketseng le bo kopanetsoeng bo ileng ba etsoa mosebetsing ona oa kaho ea Holo ea ’Muso bo mo kholisitse hore ruri bana ke batho ba Molimo.

5 Hoa thabisa ho bona baithaopi ba makholo ba thusa mosebetsing ona oa kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ruri moea ona oa ho ba le boikemisetso oa babatseha ’me o tumellanong le polelo e ho Pesaleme ea 110:3 (NW) e reng: “Sechaba sa hao se tla ithaopa ka ho rata.” Ho joalokaha sehlooho sa litaba sa koranta e ’ngoe se bontšitse, “Matsoho a mangata a bebofatsa mosebetsi.”

6 Ho kopanela mosebetsing o joalo ke phihlelo e ke keng ea lebaleha! Paki e ’ngoe e ile ea hlalosa: “Ke nahana hore mosebetsi ona oo ho oona re sebetsang hammoho o entse hore re ikutloe joaloka lelapa, re tseba hore e mong le e mong o entse karolo ea hae. Bonngoe ba rōna le tlhophiso ruri li pakile hore re tšehelitsoe ke Jehova.” Ka mor’a ho sebetsa mosebetsing oa kaho ea Holo ea ’Muso, motho e mong o ile a ngola: “Ke ntse ke ithuta bukeng ea Ho Kopana Borapeling. Mosebetsi ona e bile pontšo e babatsehang ea bonngoe bo hlalositsoeng bukeng ena. Ha ho na likhang. Ha ho motho ea ka tlohang moo ’me a ikutloa a le mong. Moea oa Jehova o sebakeng sena!”

7 Koranta e ’ngoe e ile ea lumela phatlalatsa: “Katleho ea Lipaki tsa Jehova ‘kahong e potlakileng’ ea libaka tsa tsona tsa borapeli ha e tlisoe ke tšebelisano-’moho feela, empa ke boinehelo.”

8 Nakong ea kaho ea Holo ea ’Muso ea mekato e ’meli sebakeng se leng bohareng ba Johannesburg, motho ea tsebang mesebetsi ea matsoho ea sebetsang ntlong e haufi o ile a ea setšeng sena. O ne a rata ho tseba ho hong ka mosebetsi o tsoelang pele. O ile a re: “Le ikahela sebaka sa lōna sa borapeli . . . ha batho ba kereke ea rōna ba sa tle le ho tla. Sena se thahasellisa haholo. Ke na le liqubu tsa lingoliloeng tsa lōna tseo ke li rekang feela hobane li rekisoa ka sepheo se setle, empa le ka mohla ha ke e-s’o li bale. Hona joale ke rata ho li bala ’me ke tsebe ho eketsehileng ka molaetsa oa lōna. Ha e le hantle ke rata ho tla bona kamoo le rapelang ka teng.”

9 Ho Hlophisa Lipolane le Libaka tsa Liholo tsa ’Muso: E le hore lintho tse nehetsoeng li ka sebelisoa ka bohlale, ho hlokahala hore ho nahanoe ka hloko ka taba ea polane le sebaka sa Holo ea ’Muso. Mehaho e se be majaba-jaba haholo empa e be e itekanetseng. Buka ea Tšebeletso ea Rōna leqepheng la 61 e hatisa hore “Holo ea ’Muso, sebaka sa borapeli, ha e-ea lokela ho ba mohaho o ‘majaba-jaba’ haholo o reretsoeng ho khahla ba bang. . . . Li sebeletsa morero o itseng. (Bapisa Liketso 17:24.) E lokela ho ba sebaka se mofuthu le se loketseng bakeng sa ho tsamaisa liboka tsa Bokreste tse re thusang ho hōla moeeng le ho ithuta ka Jehova, le tse re khothaletsang ho kopanela tšebeletsong ea ’Muso oa hae.” Phihlelo e bontšitse hore hangata Holo ea ’Muso e sebeletsa bahoeletsi ka tsela e molemohali, ha e le sebakeng se haufinyane le moo ba lulang.

10 Hangata ho molemo ho ba le Liholo tsa ’Muso libakeng tse sa tšoaneng ho e-na le ho ba le Holo ea ’Muso e mekato e ’meli. E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e ka sebelisoa ke liphutheho tse peli kapa tse eketsehileng haeba sebaka seo li leng ho sona se khethiloe ka bohlale. Leha ho le joalo, maemong a mang ho hahiloe Liholo tsa ’Muso tse peli setšeng se le seng. Theko e phahameng ea litša kapa khaello ea tsona e entse hore sena se hlokahale.

11 Ho lokela hore ho nahanoe ka mabaka a mangata ka thuso ea Komiti ea Kaho ea Lebatooa pele ho etsoa qeto mabapi le setša: Na setša seo se sebakeng se bohareng ba tšimo ea phutheho? Na ho nahanisitsoe ka hloko ka boholo ba setša? Haeba se le seholo haholo, phutheho e nyenyane e tla thatafalloa ke ho se hlokomela. Haeba setša se le senyenyane haholo se na le mathata a itseng. Na ho na le sebaka sa ho atolosa haeba holo e ba nyenyane haholo? Na ho tla ba le sebaka se lekaneng sa ho paka likoloi, le haeba e le batho ba seng bakae ba nang le likoloi phuthehong eo ka nako eo? Na setša seo se hloka ntlafatso e tla hloka chelete e ngata ka baka la ho thulamela haholo, kapa letsopa kapa majoe a tsetelehileng? Lintho tsena le tse ling li hloka ho seka-sekoa ho tloha qalong.

12 Se Seng se Finyeletsoe: Ho tloha ha Letlōle la Mokhatlo la Kaho ea Liholo tsa ’Muso le thehoa lilemong tse tharo tse fetileng, ho entsoe hore chelete e fumanehe bakeng sa ho thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso tse 16 linaheng tse leng tlas’a tlhokomelo ea lekala lena. Liholo tsena tsa ’Muso li sebelisoa ke liphutheho tse 18. Ke pontšo e kaakang ea lerato la Bokreste! Selemo ka seng hoo e ka bang Liholo tsa ’Muso tse 20 lia hahuoa, ’me Liholo tse ling tsa ’Muso tse seng li hahuoe lia nchafatsoa. Baena le bo-khaitseli ba likete ka lerato ba ithaopela ho thusa liphutheho ka mosebetsi oa tsona oa kaho ea Liholo tsa ’Muso. (Ba-Fil. 2:4) Baithaopi ba bangata ho bana ba thusa le ka mosebetsi oa likopano tsa setereke le tsa potoloho, ’me ba bang ba sebeletsa Likomiting tsa Liholo tsa Likopano.

13 Ba sebeletsang Likomiting tsa Kaho tsa Lebatooa ruri ba lokela ho babatsoa bakeng sa moea oa bona oa ho fana ka seatla se bulehileng le oa ho ikemisetsa ho thusa ho finyella litlhoko tse khōlō mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o ntseng o hōla. Komiti e ’ngoe ea kaho ea sebakeng se seng e ile ea tlaleha: “Moea oa bona o bontšang boikemisetso o ama e mong le e mong oa rōna, empa tokisetso e lerato ea Jehova ea tataiso e bohlale le boeta-pele bo nang le tsebo mabapi le ho etsa liqeto tse fanoeng ka ho khethoa ha Komiti ea Kaho ea Lebatooa e ipakile e le ea bohlokoa. Joaloka komiti ea sebaka sena, re rata ho bolela liteboho tsa rōna tse tlohang botebong ba lipelo ho Mokhatlo bakeng sa ho etsa tokisetso e joalo. Ka ntle ho tokisetso ena le thuso ea moea o halalelang oa Jehova, mosebetsi ona o ne o ke ke oa atleha.” Phutheho ea Inanda South e pel’a Durban e ile ea bua mantsoe a latelang lengolong la liteboho: “Komiti ea Kaho ea Lebatooa e entse mosebetsi o babatsehang oo kaofela ha rōna re leng motlotlo haholo ka oona.” Maikutlo a joalo a tšoana le a ba bang ba eketsehileng.

14 Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng: Ka baka la keketseho e tsoelang pele liphuthehong, ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng. Ho hlokahala chelete e eketsehileng le basebetsi ba eketsehileng bakeng sa ho khahlametsa tlhokahalo ena. Ho sa ntse ho na le tlhokahalo e potlakileng ea bonyane Liholo tsa ’Muso tse ling tse 170 Afrika Boroa, tse 14 Lesotho, tse 13 Swaziland, tse 2 Namibia, le tse 7 Botswana. Tlhokahalo ena e ekelitsoe ke ho thehoa ha liphutheho tse ncha tse 32 selemong se fetileng. Ho na le tlhokahalo e tobileng Lesotho ea batho ba nang le tsebo ea tsamaiso bakeng sa ho qetela mesebetsi e mengata e seng e qaliloe. Baena bana ha ba na Komiti ea Kaho ea Lebatooa ’me le chelete e fokola haholo. Swaziland le Botswana le tsona li hloka thuso. Ho ka etsahala hore baena ba tsebang ho haha kapa ba nang le phihlelo ea tlhophiso ba boemong ba ho arabela memong ena. Ka kōpo kopana le Mokhatlo haeba u khona ho thusa.

15 Kaha baena le bo-khaitseli ba bangata ba tsoela pele ho thusa ka kaho ea Liholo tsa ’Muso, ba fana ka nako le matla a bona ka bolokolohi, ho na le memo ea hore ba eketsehileng ba thuse joalokaha ho na le tlhokahalo ea basebetsi ba eketsehileng kotulong. (Matt. 9:37, 38) Likomiti tsa lebatooa tse ngata li tlaleha hore haeba basebetsi ba bangata ba ithaopela ho thusa mesebetsing ea kaho ea Liholo tsa ’Muso ho tla fokotsa mojaro o boima oa ba ’nileng ba jara boikarabelo bona ka lilemo tse ngata.—Esa. 6:8; Ba-Gal. 6:2, NW.

16 Baena ba etsang kōpo bakeng sa karolo ena ea tšebeletso ea puso ea Molimo ba lokela ho ela hloko hore ba phethe boitlamo ba bona. (Matt. 5:37; Ba-Kol. 3:23, 24) Balebeli ba mafapha ba ikopanya le baithaopi ka ho toba hore ba ba tsebise hore na kemiso e bontša hore ba tla sebetsa setšeng neng. Litokisetso li etsoa ho ipapisitsoe le baithaopi ba leng teng. Kahoo, ke habohlokoa hore bohle ba be teng ka nako eo ho lumellanoeng ka eona, kaha ho hlokahala hore lefapha ka leng le hlokomele mosebetsi oa lona ka nako e behiloeng e le hore mafapha a mang a ka etsa hore mosebetsi oa ’ona o tsamaisane le kemiso. Ho etsa kemiso ea mosebetsi ka tsela ena ho etsa hore ho be bonolo hore basebetsi ba khutlele malapeng a bona le liphuthehong tsa habo bona hang ha ba phethile karolo ea bona ea mosebetsi.

17 Komiti e ’ngoe le e ’ngoe ea Kaho ea Lebatooa e etsa kemiso ea hore basebetsi ba sebetse sebakeng seo ba se abetsoeng. Sena se sebetsa hamolemo, kaha baena ba ikarabellang ba hlokolosi hore ba etsetse basebetsi kemiso e le hore ba se ke ba imeloa kapa ba sebetsa ka thata. Ka lebaka lona leo komiti ea lebatooa e tla hlokomela mosebetsi oa mehaho e etsoang ka potlako pele. Likomiti tsa Kaho tsa Liphutheho li lokela ho fumana tumello ea komiti ea lebatooa pele li kōpa thuso ea Basebetsi ba Kaho ea Liholo tsa ’Muso ba leng lethathamong. Basebetsi ha ba kōpuoe hore ba thuse sebakeng sa komiti e ’ngoe ntle le haeba ke ka tokisetso e khethehileng ea Mokhatlo le ka kōpo e tsoang ho komiti ea lebatooa e imetsoeng ke mosebetsi ka nakoana. Haeba komiti e ’ngoe ea lebatooa e haufinyane e na le mojaro o bobebe ka nako eo, Mokhatlo o ka ’na oa e kōpa hore e thuse.

18 Ba Tšoanelehang: Neng le neng ha ho etsoa mosebetsi oa kaho ea Holo ea ’Muso, baithaopi ba tsoang (li)phuthehong e tla sebelisa mohaho o mocha kapa o nchafalitsoeng le liphutheho tse haufinyane li fana ka basebetsi ba etsang mosebetsi ka kakaretso. Ba bang ba bona baa koetlisoa ’me hamorao ba tšoaneleha hore ebe basebetsi ba nang le phihlelo kapa esita le ba nang le tsebo e le hore ba ka nehelana ka liforomo tsa Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire.

19 Batho ba hlokoang ke Komiti ea Kaho ea Lebatooa ka ho khetheha khoeli le khoeli ke ba nang le phihlelo ea litsebo tsa mohaho le ba ithaopelang ho thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang. Bana ba lokela ho ba boemong bo botle le phutheho ’me e be bao baholo ba phutheho ea habo bona ba faneng ka bopaki ba hore baa tšoaneleha. Haeba u oela sehlopheng sena, na u ka lokisa maemo a hao e le hore u ka thusa tšobotsing ee ea tšebeletso ea Jehova? (Neh. 4:6) Haeba ho joalo, fumana foromo ea Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire ho molebeli ea okamelang kapa ho mongoli phuthehong ea heno ’me u nehelane ka eona hang-hang.

20 Ho phaella moo, ho na le baena ba hōlileng moeeng ba sebeletsang e le baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka khonang ho hlokomela mosebetsi. Le hoja phihlelo ea bona ea kaho e ka ’na eaba e lekanyelitsoeng, le bona ba ka nehelana ka liforomo tsa boitsebiso ba tlhahlobo. Ba bangata ba oelang sehlopheng sena ba thusa mafapheng ao e seng a kaho a kang a taolo ea sephethe-phethe, tšebeletso ea lijo, tšireletseho, taolo ea thepa, boipaballo, tlhophiso, theko ea thepa, litlaleho tsa lichelete, le thuso ea pele. Ba bang le bona baa koetlisoa e le hore ba ka sebelisoa haholoanyane nakong e tlang. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khothaletsoa ho nahana ka ho teba ka taba ea hore na ba ka iketsa ba fumanehang bakeng sa mosebetsi ona o tlisang thoriso ho Ntate oa rōna, Jehova.—Bapisa le 1 Samuele 3:8; Mattheu 4:20.

21 Bohle ba ka ba le Karolo: Bohle ba ka bontša moea o motle mabapi le mosebetsi ona o hlokahalang ka ho ba matla ka phuthehong ha ba bang ba sebetsa mosebetsing oa kaho ea Holo ea ’Muso karolong e itseng ea mafelo-beke. Ruri ha ho lea mong oa rōna ea ka ratang ho nyahamisa basebetsi bana ba baithaopi ka tsela leha e le efe ka ho bolela hore mosebetsi oo ba o etsang ka lerato kahong ea Holo ea ’Muso hase tšebeletso e halalelang. (Liprov. 24:10; Ba-Heb. 6:10) Ho hlakile hore ho leka-lekana hoa hlokahala, ’me ke ka baka leo Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa li leng hlokolosi ha li etsa likemiso tsa ho sebetsa e le hore baithaopi ba se ke ba ba sieo liphuthehong tsa habo bona ka makhetlo a mangata.

22 Esita le haeba maemo a ke ke a re lumella hore re ithaopele mosebetsi oa kaho, ho na le karolo e ’ngoe ea bohlokoa ea taba ena eo bohle re ka kopanelang ho eona. Ke efe? Ho hlompha Jehova ka “matlotlo” a rōna. (Liprov. 3:9, NW) Re ka kholiseha hore Jehova o thaba haholo ha ka lerato re tšehetsa kaho ea Liholo tsa ’Muso ka chelete. Menehelo ea khoeli le khoeli e etsetsoang Letlōle la Mokhatlo la Kaho ea Liholo tsa ’Muso e tsoang liphuthehong tse fetang 500, esita le e tsoang lipotolohong le ho batho ka bomong, e ananeloa haholo. E se eka re ka khothaletsa bohle hore ba tsoele pele ho tšehetsa ka tsela ena e ntle kaha liphutheho tse ling tse ngata li kōpa ho alingoa chelete ea kaho ea Liholo tsa ’Muso. (Lik. 20:35; 2 Ba-Kor. 9:6, 7; 2 Ba-Kor. 8:7) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka khonang ho thusa liphutheho tse futsanehileng ka eona ke ka ho li fa thepa ea ho haha. Le ka ’na la ba le thepa ea ho haha e ncha eo le sa e sebeliseng. Ho thoe’ng ka thepa ea mohaho e seng e kile ea sebetsa? Likhoeling tsa morao tjena ka lerato ho ile ha lokisetsoa libaka tsa ho kopanela bakeng sa lihlopha tse ncha tse leng metseng ea mek’huk’hu e pel’a Johannesburg le Cape Town ka thepa e fanoeng le lithulusi. Komiti ea Kaho ea Lebatooa e leng sebakeng sa heno e tla thabela ho aba thepa e joalo. Ikutloe u lokolohile hore u kopane le molebeli oa hao oa potoloho kapa Mokhatlo haeba u sa tsebe hore na u ka kopana le komiti ea lebatooa ea sebaka sa heno joang.

23 Melemo e Fihlang Hōle: Kaha Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa li fuoe tataiso e tsoang ho Mokhatlo le koetliso e eketsehileng, liphutheho tse hahang kapa tse nchafatsang Liholo tsa ’Muso li ka fumana molemo ka ho kōpa keletso likomiting tsena. Baholo ba ka bonahatsa bohlale ba bona ka ho kopana le Komiti ea Kaho ea Lebatooa pele ba reka setša ebe ba sebetsa haufi-ufi le baena bana ba nang le phihlelo ho fihlela qetellong ea mosebetsi ona.—Liprov. 15:22.

24 Ruri, Jehova o re thusa haholo hore re hahe matlo a borapeli a mangata tlotlisong ea hae. Baena le bo-khaitseli ba susumetsoa ke lerato la boitelo. Ona ke mofuta oa lerato oo Jesu a ileng a bolela hore o tla khetholla balateli ba hae ba sebele ka tsela e hlakileng. (Joh. 13:34, 35) Hantle feela joalokaha Jesu a ile a etelletsa lithahasello tsa batho ba bang ka pele ho tsa hae, le bona ba etsa joalo.

25 E, batho ba kopanelang kahong ea mehaho ea borapeli ba Jehova ba hlokomela hore Pesaleme ea 127:1 e bua ’nete. Le hoja basebetsi ba nang le tsebo ba ithaopela ho nehelana ka nako ea bona le ho etsa boiteko ba ho haha Liholo tsa ’Muso tse ntle ka potlako, ke tlhohonolofatso ea Jehova e re tiisetsang katleho. E se eka kaofela ha rōna re ka nehelana ka bolokolohi ka nako ea rōna le “matlotlo” ha re ntse re lebeletse hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba rōna.—Liprov. 3:9, NW.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Diepkloof, Soweto—E hahiloe ka matsatsi a mane

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Letsatsi la nehelo—Mekato e ’meli ea mohaho o alelitsoeng ka mapolanka ka hare, Hillbrow, Johannesburg

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Inanda South, Durban

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Lindizwe, Nongoma, KwaZulu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela