Kaho ea Liholo Tsa ’Muso—Karolo ea Bohlokoa ea Tšebeletso e Halalelang
1. Ho finyeletsoe eng kahong ea Liholo Tsa ’Muso, empa ho sa ntse ho hlokahala eng?
1 Lilemong tse hlano tse fetileng, ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse 262, ’me ha lokisoa tse ngata tšimong ea lekala la Afrika Boroa. Re ananela e le kannete mosebetsi o boima o entsoeng ke Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka le bohle ba ileng ba li thusa. Le hoja ho finyeletsoe mosebetsi o moholo, ho sa ntse ho e-na le o mongata o lokelang ho etsoa kahong ea Liholo Tsa ’Muso. Kaofela ha rōna re ka tšehetsa joang karolo ee ea bohlokoa ea tšebeletso e halalelang ea Jehova?—Tšen. 7:15.
2. Re ka tšehetsa mosebetsi oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso ka ho toba joang?
2 Ikemisetse: Haeba u mohoeletsi ea kolobelitsoeng, rea u mema hore u ithaopele ho sebetsa le Komiti ea Kaho ea Libaka ’me u tlatse foromo ea Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire. (Pes. 110:3) Bohle ba ithaopang ba lokela ho ikemisetsa ho sebetsa ’me ba be le moea oa tšebelisano. (Pes. 133:1) Le haeba u sa tsebe letho ka kaho, u ka etsa letsoho la monna morerong ona oa kaho. U ka ba ua koetlisoa e le hore u sebelisoe haholoanyane nakong e tlang.
3. Re ka tšehetsa tokisetso ee ka litsela life tse ling?
3 Haeba u sa khone ho ithaopa, u ka tšehetsa ka ho khothatsa ba bang ba khonang ho kopanela tokisetsong ena. U ka thusa ka ho etsa mesebetsi ea phutheho ea ba ileng kahong. Ka ho lokisetsa esale pele, baholo ba ka etsa bonnete ba hore phutheho e hlokomeloa hantle ha ba bang ba sebetsa kahong ea Holo ea ’Muso. Ntle ho pelaelo, Jehova oa thaba ha re sebetsa hammoho re le bonngoeng bakeng sa ho tšehetsa mesebetsi e amanang le ’Muso.—Baheb. 13:16.
4. Re ka khothatsa ba kopanelang mosebetsing oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso joang?
4 Khothatsa ba Bang: Ho haha libaka tsa borapeli ke mosebetsi o boima le o nkang nako e ngata. Joale, hoa utloahala hore ka linako tse ling ba memeloang ho thusa mosebetsing oa kaho ba tla ba sieo liphuthehong tsa habo bona. E se eka re ka potlakela ho babatsa le ho khothatsa ba ithaopelang mosebetsi oa kaho, ba itellang ho etsa “mosebetsi ona o hlokahalang.”—Lik. 6:3; Bar. 14:19.
5. Ba ithaopetseng mosebetsi oa kaho ba leka-lekanya lintho hantle joang?
5 Leka-lekanya Lintho Hantle: Ho bolela ka ’Muso oa Molimo ke mosebetsi o ka sehloohong borapeling ba rōna. (Mar. 13:10) Ka lebaka leo, Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka li leka ka matla ho lokisetsa mesebetsi ka tsela eo baithaopi ba sa kōptjoeng ho ba sieo liphuthehong tsa habo bona ho sa hlokahale. Ka ho tšoanang, ba ithaopetseng mosebetsi oa kaho ba loanela ho leka-lekanya lintho hantle ha ba phetha boikarabelo ba bona bo bongata. Ba etsa litokisetso tse hlokahalang e le hore ba ka tiiseha hore mesebetsi eo ba e abetsoeng liphuthehong tsa habo bona ea phethoa ha ba le sieo.
6. Ho finyelloa eng ha bohle ka phuthehong ba sebelisana bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete?
6 Moapostola Pauluse o ile a re litho tsa phutheho li sebetsa hammoho bonngoeng hore ho be le “khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.” (Baef. 4:16) Kaha re rata Jehova le borapeli ba ’nete, re susumelletseha ho sebelisana bakeng sa ho tšehetsa boboleli ba litaba tse molemo le kaho ea Liholo Tsa ’Muso.