Mohlala Bakeng sa Batho ba Lilemo Tsohle
Noe o ne a e-na le kamano e mofuthu, le e haufi-ufi le Molimo. O ne a nehetse bophelo ba hae ho etseng thato ea Jehova. “O ne a tsamaea le Molimo oa ’nete” ’me o ile a hlohonolofalletsoa seo. O ile a beha mohlala o ka etsisoang ke batho ba lilemo tsohle. (Gen. 6:9) Video ea Noah—He Walked With God e tla u thusa ho bona ka mahlo a kelello hore na Noe o ne a phela bophelo ba mofuta ofe, hammoho le lebaka leo ka lona tlhohonolofatso ea Jehova e neng e mo tšoanela le hore na u ka etsisa litšobotsi tsa hae tse molemo joang.
DVD ea Noah e na le lipotso tse latelang. Shebella video ena, ebe u itlhahloba ka lipotso tsena: (1) Mangeloi a mang a ile a etsa phoso efe, ’me Banefilime e ne e le bo-mang? (Gen. 6:1, 2, 4) (2) Ke hobane’ng ha batho ba ne ba le khopo hakaalo, hona Molimo o ne a ikutloa joang ka hona? (Gen. 6:4-6) (3) Noe o ne a fapane le batho ba bang ka litsela life? (Gen. 6:22) (4) Batho ba khopo ba ile ba timetsoa joang? (Gen. 6:17) (5) Areka e ne e le khōlō hakae? (Gen. 6:15) (6) Noe o ile a boela a etsa eng, hona batho ba ile ba arabela joang? (Mat. 24:38, 39; 2 Pet. 2:5) (7) Ka arekeng ho ne ho kene liphoofolo tse kae tsa mofuta o tšoanang? (Gen. 7:2, 3, 8, 9) (8) Pula e ile ea na nako e kae, hona lefatše le ile la koaheloa ke metsi nako e kae? (Gen. 7:11, 12; 8:3, 4) (9) Ke hobane’ng ha Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha? (Gen. 6:18, 22; 7:5) (10) Areka e ile ea lula hokae? (Gen. 8:4) (11) Noe o ile a tseba joang hore ho sireletsehile hore a tsoe ka arekeng? (Gen. 8:6-12) (12) Noe o ile a etsa’ng ha a tsoa ka arekeng? (Gen. 8:20-22) (13) Mookoli o tšoantšetsa eng? (Gen. 9:8-16) (14) Ho “tsamaea le Molimo” ho bolela’ng? (Gen. 6:9, 22; 7:5) (15) Re lokela ho etsa’ng hore re tle re bone Noe Paradeiseng? (Mat. 28:19, 20; 1 Pet. 2:21)
Tlaleho ea Bibele ea Noe ea tšepahalang, ea mamelang e u rutile eng ka hore na le uena u ka etsa eng ho “tsamaea le Molimo” le ho tšepa matla a Jehova a ho pholosa batho ba hae ba kajeno?—Gen. 7:1; Liprov. 10:16; Heb. 11:7; 2 Pet. 2:9.