Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Afrika Boroa le linaheng tsa boahelani ho ile ha tšoaroa likopano tsa setereke tse 61 tsa “Ho Mamela Molimo.” Palo ea ba bileng teng likopanong tsena kaofela ke 161 160 ’me ha kolobetsoa ba 2 235. Re ananela tokisetso e entsoeng ke barab’abo rōna bohle le lipuo tseo ba ileng ba fana ka tsona lenaneong lena le hahang moeeng ’me re leboha baithaopi ba likete ba ileng ba etsa mesebetsi ea bohlokoa molemong oa ba bileng teng.
Se thabisang ka ho khetheha ke kopano e neng e tšoaretsoe Somhlolo National Stadium (Kings Stadium), Swaziland. Lena ke lekhetlo la pele kopano e tšoareloa lebaleng lena la lipapali. E ne e tšoeroe ka lipuo tse peli, e leng Sezulu le Senyesemane. Palo ea ba bileng teng ke 5 201 ’me ha kolobetsoa ba 86.