Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Le Lule le Lebetse!, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, le Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Kaha July e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntle haholo ea ho ba pula-maliboho ea thusang.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena, o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, ebang ke ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha li se li hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa tlalehong e latelang ea liak’haonte. Re kōpa hore liphutheho tse entseng kōpo ea ho ba Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (li-PBO) li romele liak’haonte tsa tsona tsa phutheho tsa March, April le May ofising ea lekala ha li se li hlahlobiloe. Li lokela ho romeloa Accounting Office.
◼ Re lokisetsa hore ho be le kopano ea potoloho ea puo ea matsoho Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 26 le la 27 August, 2006. E tla ba kopano ea potoloho ea pele eo lenaneo lohle la eona e leng la puo ea matsoho. Bohle ba ka ruang molemo lenaneong lena ba mengoa ka mofuthu hore ba be teng. Le hoja litšenyehelo tsa ba tšimong ea litholo ea Afrika Boroa le linaheng tsa boahelani li ka ba ngata ha ba tla kopanong ena, e tla bula monyetla oa hore ba tsebane.
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
A Satisfying Life—How to Attain It—Senyesemane
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?—Senyesemane