Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Afrika Boroa le Linaheng Tsa Boahisani
1 Ha re sheba tšimong ea lefatše ka bophara, ke ho thabisang ho bona keketseho e khōlō ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng. Selemong se fetileng mona Afrika Boroa feela, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 37, ha lefatšeng ka bophara ho ile ha eketsoa ka liphutheho tse 3288 kaofela. Ka khōlo ena eohle, hase ho makatsang hore ebe ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng.
2 Bara le barali babo rōna ba bangata ba bontša cheseho e ikhethang le ho tšehetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka ho ithaopela ho nehelana ka nako ea bona le thepa ea bona kahong ea Liholo tsa ’Muso. Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tse 23 tse sebetsang Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani li hlokomela litlhoko tsa liphutheho tse libakeng tseo li li abetsoeng. Selemo le selemo, ho hahoa Liholo tsa ’Muso tse ncha tse ka bang 24 ’me ho nchafatsoa tse ’maloa. Ho tloha ka 1985, ho se ho nehetsoe Liholo tsa ’Muso tse 306. Likomiti tsa libaka li filoe boikarabelo ba ho hlokomela merero ena, ’me mesebetsi ea tsona ea ananeloa. Tokisetso eohle ea kaho ea Liholo tsa ’Muso e finyelloa ka moea oa Bokreste oa ho fana le oa boitelo—moea o khahlanong le moea oo lefatše le o bonahatsang o tloaelehileng haholo.—2 Tim. 3:2, 4.
3 E le ho thusa hore Liholo tsa ’Muso li be boemong bo amohelehang, Mokhatlo o qalile ho fa likomiti tsa libaka sehlopha sa lipolane tsa Liholo tsa ’Muso tsa boemo bo amohelehang tsa CAD (Computer Aided Design/Drafting). Hona ho tla thusa ho boloka nako le lichelete tsa basebetsi ba baithaopi. Ho tla boetse ho thusa tšebelisong e bohlale ea Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso. Joale baholo ba ka khetha lipolaneng tsena tsa motheo. Ka mor’a hore e amohele sesebelisoa sena se secha, Komiti e ’ngoe ea Kaho ea Libaka ea United States e ile ea re: “Re ile ra thaba haholo ’me ra hla ra nyakallela ho amohela sehlopha sena sa lipolane. . . . Barab’abo rōna ba nang le tsebo ea mohaho le ea boenjiniere ba hakantse hore ho bolokiloe nako ka karolo ea 50 ho ea ho 60 lekholong ka ho sebelisa lipolane tsena tse ncha. Ho ba le sehlopha sena sa lipolane ho tla boela ho re thusa ho finyella litekanyetso tse tsitsitseng le tse lumellanang ka ho eketsehileng bakeng sa Liholo tsa ’Muso.” Ha liphutheho li sebelisana ho tšehetseng ho etsa hore Liholo tsa ’Muso li be boemong bo amohelehang, re lebella hore moroalo oa litsebi tse ngata tse inehetseng tsa mohaho, lienjiniere le bo-rakonteraka bao ka boithaopo ba fanang ka thuso, o tla bebofatsoa haholo.
4 Baithaopi ba Tšehetsa Mosebetsi o Motle: Mokhatlo o leboha baithaopi ba bangata ba thusang ka kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ka sebele ke ho khotsofatsang ho bona baithaopi ba likete ba ithaopa litšobotsing tsohle tsa kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ho atleha ha lenaneo lena ho ka khoneha ka lebaka la moea o joalo oa ho ithaopa, ho fana le ho sebelisana ha basebetsi ba baithaopi, ba telang nako eo ba ka beng ba e qeta ba e-na le liphutheho tsa habo bona le malapa a bona. (Pes. 110:3; Bakol. 3:23) Ho arabela hona ho lerato ho ba entse ba tšoaneloang ke pabatso ea rōna, kananelo le tšehetso e feletseng.—Baroma 12:10; Baheb. 13:1.
5 Bohle ba tšoanelehang ho thusa Likomiti tsa Kaho tsa Libaka kamehla ba ’nile ba kōptjoa ho tlatsa liforomo tsa Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82). Phutheho e li romela komiting ea sebaka, e bontša litšoaneleho tsa mosebetsi le ho fumaneha ha hae. Ha ho e-na le liphetoho boemong ba moithaopi, joalokaha motho a falla kapa a khethoa e le mohlanka ea sebeletsang kapa e le moholo, liforomo tse ncha li lokela ho tlatsoa ka potlako ’me li fetisoe ka mongoli oa phutheho. Haeba moithaopi a se a sa tšoanelehe, baholo ba lokela ho tsebisa komiti ea sebaka kapele ka lengolo. Ha ho hlokahala liforomo tse eketsehileng, li ka ’na tsa kōptjoa ka foromo ea khoeli le khoeli ea Literature Order. Molebeli oa potoloho le eena o thahasella ba ithaopetseng lefapha lena la tšebeletso e halalelang. Ka hona, o hlahloba faele e tšetseng likopi tsa Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire lekhetlo le leng le le leng ha a etela phutheho.
6 Ho Boloka Litjeho Tsa Kaho li le Tlaase: Likomiti tsa Kaho tsa Libaka li laetsoe ho hlophisa lefapha le rekang tlas’a bolaoli ba moholo ea nang le litšoaneleho tse hlokahalang. Barab’abo rōna ba sebetsang lefapheng lena ba latella ho fumana litheko tsa lintho e le hore ba ka batla litheko tse ntle ka ho bapisa mabenkele le ka ho ipehela chelete eo ba ka e lefang boemong ba tlhōlisano. Ka tsela ena, ho ka etsoa qeto hore na ho ka sebelisoa batho bafe ba tla fana ka thepa le hore na ke thepa efe e tla rekoa. Ka linako tse ling, nakong ea mosebetsi morerong oa Holo ea ’Muso, barab’abo rōna ba tšoanelehang phuthehong ea sebaka seo ba memeloa ho tla thusa lefapheng lena.
7 E le ho tiisa hore lichelete li tla sebelisoa ka ho li baballa kamoo ho ka khonehang, Komiti ea Kaho ea Sebaka e tlameha ho fana ka tumello bakeng sa litšenyehelo tsohle tse tsoang letlōleng la kaho, ebang ke ka ho saena licheke kapa ho ngola mabitso liforomong tsa theko. Neng le neng ha morero oa Holo ea ’Muso, ebang ke mohaho o mocha kapa o nchafatsoang, o ama ho sebelisoa ha thuso ea baithaopi ba tsoang liphuthehong tse ling kantle ho tse tla kopanela holong eo, komiti ea libaka e tla okamela morero oo.
8 Rakonteraka leha e le ofe ea khethetsoeng ho etsa mosebetsi o itseng Holong ea ’Muso ho hlokahala hore a fane ka bopaki ba inshorense ea matšeliso e tla koahela litšenyehelo tsa basebetsi haeba likotsi li hlaha le bopaki ba inshorense ea ha ho senyehile thepa ea ba bang kapa ba tsoile kotsi, e ka khonang ho lefa bonyane bo hlokahalang, e bolelang hore phutheho le eona e sirelelitsoe ka inshorense le e akarelelitseng ho lefa morekisi haeba moreki a hlōleha ho lefella thepa. Sena ha se sebetse ho basebetsi ba baithaopi ba thusang mererong ea kaho.
9 Ho Thusa ka Tlhokahalo e Teng Linaheng Tse Ling: Ho na le linako tseo ka tsona linaha tsa boahisani li hlokang thuso e tsoang likomiting tsa libaka. Hangata thuso e joalo ea hlokahala bakeng sa ho koetlisa Komiti ea Kaho ea Sebaka seo. Ka sebele ke pontšo ea lerato ha barab’abo rōna ba tsoang naheng ena ba ithaopela ho tsamaea ka litšenyehelo tsa bona ho ea thusa naheng e ’ngoe. Ha kōpo e entsoeng ke naha e ’ngoe e amohetsoe, Mokhatlo o khetha komiti ea sebaka eo e ka ’nang eaba ka nako eo ha e na mosebetsi kemisong ea kaho ea Holo ea ’Muso sebakeng sa eona e le hore e ka sebeletsa ka tsela ena. Sena se etsa hore ho be le tokisetso e hlophisehileng.
10 Ka lebaka la tlhokahalo e ntseng e hōla ea Liholo tsa ’Muso linaheng tse ling, ho hlokahala hore ho sebelisoe lichelete tse teng ka bohlale ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Kahoo, liphutheho le likomiti tsa libaka li khothalletsoa ho baballa chelete ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng kahong ea Liholo tse ncha tsa ’Muso le ho nchafatseng tse seng li ntse li le teng. Kōpo ena e amohetsoe ka liatla tse peli. Menehelo e tsoang linaheng tse ruileng e sebelisoa ho fana ka likalimo liphuthehong tse linaheng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōlō ea Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng empa ho e-na le khaello ea lichelete le mathata a tebileng a moruo.
11 Ho hateletsoe tlhokahalo ea Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng linaheng tse ling ho Buka ea Selemo ea 1997. Ka mohlala, ho boletsoe Ukraine, moo ho seng ho hahiloe Liholo tsa ’Muso tse 47 ho tla fihlela joale ’me tse ling tse 56 li ntse li hahuoa. Tlhokahalo e teng linaheng tse joalo e totobetse. Tlaleho e re: “Ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ngata ka ho eketsehileng Russia. Keketseho palong ea Lipaki mono e potlakile haholo, empa ke hoo e ka bang karolo ea 85 lekholong ea liphutheho tse tlas’a lekala la Russia e se nang libaka tse tsitsitseng tsa ho kopanela. Zimbabwe, moo ho nang le liphutheho tse ka bang 800, ho ’nile ha hlokahala hore tse ngata tsa tsona li kopanele ka ntle. Sena se bakile hore batho ba bacha ba thahasellang ba se ke ba kopanela.” Maemo a tšoanang a teng linaheng tse ling Europe Bochabela, Afrika le Latin America. Ho liphutheho tse 1450 tse tšimong ea rōna, tse ka bang 400 li na le Liholo tsa ’Muso tsa tsona tse nehetsoeng ’me liphutheho tse ling tse 140 le tsona li sebelisa liholo tsena. Hona ho ntse ho siea liphutheho tse khōlō tse ka bang 300 li le maqakabetsing a ho hloka Liholo tsa ’Muso.
12 Le hoja lerato la palo e khōlō ea moloko oa batho le folile matsatsing ana a ho qetela, batho ba Molimo ba tsoela pele ho bontša bopaki ba lerato la bona e mong ho e mong, lerato le fetelang ka nģ’ane ho mekoallo ea morabe le meeli ea libaka. (Mat. 24:12) Re etsisa Ntate oa rōna oa leholimo, e se eka re ka tsoela pele ho bontša lerato le joalo ka hore re tšehetse ka boithatelo kaho ea Liholo tsa ’Muso, mona Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani. Ka ho etsa joalo re tla itlisetsa tlhohonolofatso e enneng ea Jehova le kamohelo ea hae.—Mal. 3:10; Baheb. 6:10.