Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/92 leq. 8
  • Rala Motheo Ketelong ea Hao ea Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rala Motheo Ketelong ea Hao ea Pele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 11/92 leq. 8

Rala Motheo Ketelong ea Hao ea Pele

1 Ho etsa maeto a ho boela a atlehang ho ba bonolo ha re rala motheo o loketseng ketelong ea pele. Buka ea Ho Bea Mabaka e ka re thusa ho etsa joalo.

2 Nehelano e latelang e thehiloe kenyeletsong ea bobeli e ho leqephe 10 bukeng ea Ho Bea Mabaka, tlas’a sehlooho “Bibele/Molimo.”

Ka mor’a tumeliso e bontšang botsoalle, e re:

◼ “Re fumana hore kajeno batho ba ntseng ba eketseha ba ikutloa ba sa kholiseha hore na ba ka fumana likarabo tse sebetsang hokae bakeng sa mathata a letsatsi le letsatsi a ntseng a eketseha. Na u fumane ho le joalo? [Emela karabo.] Pele batho ba ne ba sheba Bibeleng bakeng sa ho fumana thuso. Empa hona joale ba bangata ba bolela hore ba na le lipelaelo. U ikutloa joang ka Bibele?” Haeba mong’a ntlo a belaella bonnete ba eona, ntša pampitšana Lebaka la Hore U Tšepe Bibele ebe u bala serapa sa bobeli le sa boraro ho leqephe 2. Haeba mong’a ntlo a lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, phetla ’me u bale mangolo a bontšitsoeng serapeng sa bobeli ho leqephe 2 la pampitšana, ebe ka bokhutšoaane u buisana le eena ka lintlha tsena. Buella mpho ea khoeli.

3 Haeba tšimong ea lōna ho na le batho ba bangata ba bontšang hore ha ba lumele, leka ho sebelisa kenyeletso ea bohlano ho leqephe 10 bukeng ea Ho Bea Mabaka ho tsosa thahasello ea bona.

U ka re:

◼ “Ka baka la likhohlano tsohle tse teng lefatšeng kajeno, batho ba bangata ba tšepahalang ba ho fumana ho le thata ho lumela ho Molimo. Kapa haeba ba lumela ho eena, ha ba lumele hore a ka rarolla mathata ao re tobaneng le ’ona. Uena u ikutloa joang?” Emela karabo. Bala kenyeletso ea buka Lentsoe la Molimo ho leqephe 5. Botsa maikutlo a mong’a ntlo potsong ea ho qetela: “Na u nahana hore mathata a kang aa a tla ke a rarolloe?” Ntšetsa puisano pele ka ho bala likarolo tse loketseng lirapeng tse latelang tse hlano khaolong ea pele. Nehelana ka buka ho mong’a ntlo ’me u lokisetse ho khutlela ho tla ntšetsa puisano pele.

4 Botsa Lipotso ho Tsoa Pampitšaneng ho Lokisetsa Ketelo e Latelang: Lokisetsa hore ketelo ea hao ea pele e be qalo feela ea maeto a behang litholoana. U se ke ua nahana hore ho hlokahala hore u fane ka makolopetso ’ohle a boitsebiso; hape ha ua lokela ho kena mong’a ntlo hanong hoo a tla nahana hore ha u mo thahaselle ka sebele. Ka mor’a ho bala lirapa tse peli kapa tse tharo ho tsoa pampitšaneng, botsa potso e tla tšohloa ketelong e tlang.

5 Ka mohlala, u ka lebisa tlhokomelo serapeng sa boraro ho leqephe 4 ’me u botse: “Na u nahana hore Bibele e fana ka bopaki bo lekaneng ba ho tšepa seo e se bolelang ka bokamoso?” Sena se tla theha ntlha eo le tla bua ka eona leetong la ho boela. Buella buka Lentsoe la Molimo. Ha u boela u ka bua ka likhaolo 9 le 10 bukeng Lentsoe la Molimo.

6 Haeba re nka mong’a ntlo e mong le e mong e le motho ea ka fetohang morutuoa, re tla leka ho sebelisa mantsoe a ho qetela a tla rala motheo bakeng sa leeto la ho boela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela