Lebokose la Lipotso
◼ Na re lokela ho letsetsa Mokhatlo thelefono bakeng sa ho fumana likarabo lipotsong tsa Bibele kapa ha re batla keletso ea botho?
Batho ba bangata ba sebelisa thelefono bakeng sa ho etsa lintho kapele, empa hangata ho ameha ho fetang feela ho potlaka. Lefatšeng ho tloaelehile ho eteletsa pele boiketlo ba botho; batho ba qoba ho ikitlaetsa.
See se fapane hakaakang le keletso ea Molimo! O re phehella hore re batle tsebo joalokaha eka re batla matlotlo a patiloeng, e leng ho bolelang hore re ikemisetse ho ikitlaetsa. Phihlelo e paka hore ho etsa joalo ho fella ka khotsofalo ea nako e telele.—Liprov. 2:1-4.
Boiteko bo joalo bo loketse haeba ho hlaha potso nakong eo re lokisetsang ho kopanela libokeng kapa haeba re tobana le bothata ba botho. Ho e-na le ho letsetsa Mokhatlo thelefono, re tla rua molemo ka hore rōna ka borōna re etse lipatlisiso ka Bibeleng le likhatisong tsa rōna, haholo-holo ho Watch Tower Publications Index, ka li-index tsa eona tsa bohlokoa tsa Mangolo le tsa lihlooho.
Ka mor’a hore ‘re batle matlotlo a patiloeng’ ka tsela ena, re ka atamela e mong oa baholo ba phutheho ea habo rōna haeba re ntse re hloka thuso. Baholo ba na le tsebo e ngata ea Bibele le phihlelo ea ho batla boitsebiso. Ka ho khetheha thuso ea bona e leka-lekaneng e tla ba e loketseng haeba re hloka keletso tabeng ea bothata ba botho kapa ho etsa qeto, hobane ba haufi le rōna ’me ba tseba boemo ba rōna.—Bapisa le Liketso 8:30, 31.
Haeba ho ntse ho bonahala hore ho hlokahala boitsebiso bo eketsehileng bo tsoang ho Mokhatlo ka ho toba, hangata ho molemo ho ngola lengolo. Baholo ba ka boetse ba thusa tabeng ea ho lokisetsa sena. Lengolo le joalo le tla fana ka nako bakeng sa hore karabo e thehoe lipatlisisong kapa ho nahanisisa ho lekaneng, hoo hangata ho ke keng ha etsoa ha ho sebelisoa thelefono.