Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R9,00. January: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,50. February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50.
◼ KHOPOTSO: Ka kōpo tiisang hore le fumana libeche tsa lōna bakeng sa Kopano ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” nako esale teng. Mohoeletsi e mong le e mong o lokela ho qhoaela beche e mo khethollang joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova nakong ea kopano. Sena se tla boela se nolofaletsa baeti ba tsoang mose ba tlileng likopanong tsa rōna tsa machaba tse ’nè ho re khetholla, ’me sena se tla fella ka botsoalle bo hahang le baena ba rōna ba etileng.
◼ Ho mongoli le mohlanka oa lichelete: Licheke tse lefshoang ho Mokhatlo li lokela ho ngoloa hore Watch Tower Society ke eona moamoheli oa chelete eseng WTB & TS, kaha banka e ke ke ea tseba ho khetholla moamoheli ka ho hlakileng. Hape, ha le lokisa liphoso chekeng, ka kōpo ba babeli ba nang le tokelo ea ho saena cheke ba lokela ho saena mabitso KA BOTLALO ho e-na le hore feela ba saene moo ho entsoeng phetoho.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Letsatsi la kopano ea setereke Bloemfontein le fetoletsoe ho December 23-26, 1993. Sebaka le sona se fetotsoe. Joale kopano e tla tšoareloa Springbok Park Cricket Stadium, e leng haufi le Rugby Stadium.
◼ Letsatsi la kopano ea setereke ea Gaborone, Botswana, le fetoletsoe ho December 16-19, 1993. Joale kopano e tla tšoareloa kicheneng ea khale le Student Union Hall, Univesithing ea Botswana.
◼ Re rerile ho ba le lenaneo la letsatsi le le leng ka Sepedi ka Sontaha kopanong ea setereke ea Kanyamazane, December 23-26, 1993. Bahoeletsi leha e le bafe ba buang Sepedi ba leng sebakeng seo ba khothaletsoa ho ba teng. Re tla ’ne re be le lenaneo le feletseng la Sezulu joalokaha ho ne ho boletsoe nakong e fetileng.
◼ Lik’hasete tse Ncha tsa Video tse Leng Teng:
Senyesemane: The Bible—Accurate History, Reliable Prophecy (phutheho le batho bohle: R45,00; bo-pula-maliboho: R40,00).