Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/93 leq. 6
  • Khoeli e Khethehileng Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khoeli e Khethehileng Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Bopula-maliboho bo Thusang ka December
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 11/93 leq. 6

Khoeli e Khethehileng Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo

1 Na December e ka ba khoeli e khethehileng bakeng sa tšebeletso ea tšimo ho uena? Ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng mokhoeng oa hao o tloaelehileng oa ho etsa lintho, empa na meputso e ke ke ea e-ba e molemo haholo?

2 Bahoeletsi ba bang ba bacha ba kolobelitsoeng ba tla ba le matsatsi a phomolo ea sekolo a eketsehileng ’me ba tla rata ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka khoeli eo. E tla ba ho khothatsang hakaakang ho bona hore baholo ba bang, bahlanka ba sebeletsang, le bahoeletsi ba bang ba sebetsa tšimo le bona! Haeba maemo a botho a sa u lumelle ho bula maliboho khoeling eo, na ho ka khoneha ho uena hore feela u mpe u qete lihora tse seng kae tse eketsehileng tšebeletsong le ba tla beng ba bula maliboho? Ka sebele sena e ka ba se tlisang ho khothatsana.

3 Hape re hloka tšebelisano-’moho ea hao ho tiisa hore litlaleho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa December li tlisoa ka nako. Re tla ba le Likopano tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo” ka December ’me ba bang ba kopanya nako ea bona ea phomolo ea selemo le selemo le ho ea kopanong. Haeba u tla ba sieo phuthehong ea heno bofelong ba December, etsa bonnete ba hore u kopanela tšebeletsong qalong ea khoeli. Fana ka tlaleho ea hao ea tšebeletso ea tšimo pele u ea phomolong kapa e romelle ho mongoli oa phutheho nako e sa le teng e le hore e ka kopanyeletsoa Tlalehong ea Phutheho bakeng sa khoeli eo.

4 Haeba bahoeletsi bohle ba etsa boiteko bo eketsehileng, baholo ba ka tseba ho lokisetsa ho paka ka sehlopha letsatsi ka leng nakong ea matsatsi a phomolo e le hore ba ka khonang ho bula maliboho ba tle ba be le motho eo ka mehla ba ka sebetsang le eena tšebeletsong ea tšimo. Hona joale ke nako ea hore motho ka mong le lihlopha tsa malapa hape le phutheho kaofela, ba rere ho etsa hore December e be khoeli e khethehileng ea tšebeletso ea tšimo phuthehong ea lōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela