Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/93 leq. 9
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 4/93 leq. 9

Lebokose la Lipotso

◼ Ho sebeletsa joaloka pula-maliboho e thusang ho lokela ho talingoa joang?

Bopula-maliboho bo thusang bo lokela ho talingoa e le tokelo le boikarabelo bo tebileng. Khoeli le khoeli bahoeletsi ba likete tse mashome ba khethoa ho sebeletsa e le bopula-maliboho ba thusang, ’me ba bang ba tsoela pele ho etsa joalo. Re babatsa bahoeletsi bana ba chesehang bao maemo a bona a ba lumellang ho sebetsa lihora tse hlokahalang tse 60 tšebeletsong ea tšimo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe eo ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho ba thusang. Baholo le ba bang ba lokela ho khothatsa bahoeletsi ba ngoliselitseng tšebeletso ea bo-pula-maliboho bo thusang hore ba nke ho khethoa ha bona ka botebo le ho qoba tšekamelo leha e le efe ea ho nka lintho ka ho se tsotelle.

Joaloka bopula-maliboho ba ka mehla, ba ithaopelang ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang khoeli e le ’ngoe kapa tse eketsehileng ba lokela ho bala litšenyehelo pele. (Luka 14:28) Sena se kopanyeletsa ho lekanyetsa esale pele haeba ba ka sebetsa nako eo ba lebeletsoeng hore ba e sebetse boboleling ba tšimo ntle le ho hlokomoloha boikarabelo bo bong ba Bokreste. Qeto ea motho ea ho ngolisa e le pula-maliboho ea thusang e lokela ho etsoa ka mor’a ho nahanisisa ka maemo a botho ka thapelo. Ha ea lokela ho susumetsoa ke maikutlo hobane ba bang ba ngolisa. E lokela ho ba qeto e nahannoeng hantle, e tsamaisanang le kemiso e ngotsoeng ho finyella tse hlokahalang. Hape ke habohlokoa ho bala foromo ea kōpo ka hloko le ho etsa qeto ka pelong hore ka botšepehi u lumellana le se hlokahalang.

Ha e le hantle, ho akareletsa ho ikitlaetsa ka matla ka ho eketsehileng. Likhoeli tse ling tsa selemo li fana ka monyetla oa “ho tšoareha ka matla” ka ho bolela litaba tse molemo. (Lik. 18:5, NW) Tsena li akareletsa nako ea Sehopotso ka March le April le likhoeli tseo molebeli oa potoloho a etelang phutheho ka tsona. Ka thabo bahoeletsi ba bangata ba itaea hore ba latele kemiso e thatanyana bakeng sa ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oa boboleli nakong ea mosebetsi o khethehileng, ’me ba utloisisa hore hangata phello ke litlhohonolofatso tse enneng. (2 Ba-Kor. 9:6) Bahoeletsi ba bangata ba etsa boiteko bo khethehileng ho bula maliboho likhoeling tsa phomolo le khoeling efe kapa efe ea selemo e nang le mafelo beke a mahlano. Empa ka kakaretso, ho hlokahala hore ba utloisise bohlokoa ba ho khomarela molao-motheo o reng ‘E ea hao ebe E’ ka ho etsa sohle se matleng a bona ho beha lihora tse 60 kapa ho feta khoeli le khoeli ha ba ntse ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang.—Matt. 5:37.

Bahoeletsi ba ke keng ba bula maliboho ba ka thusa ka ho iketsa ba fumanehang ho sebetsa le bo-pula-maliboho ba thusang, ’me ba etse litokisetso tse tiileng le bona. Ho molemo ho qeta nako e eketsehileng haholoanyane tšebeletsong le bo-pula-maliboho ha ho khoneha. Bo-pula-maliboho ka ho khethehileng ba ka ananela tšehetso ea bahoeletsi ba bang hoseng, thapama le lihoreng tsa mantsiboea. Bo-pula-maliboho ba thusang ba thabela ho memeloa ho sebetsa le ba bang maetong a ho boela le ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele. Kahoo ba ka tšehetsang bo-pula-maliboho ba thusang ba tla kotula thabo e khōloanyane e tlisoang ke ho fana.—Lik. 20:35.

Mafolo-folo a bo-pula-maliboho ba thusang a ananeloa haholo. Ba ka tsebang ho kopanela le bona ba ka lebella litlhohonolofatso tse enneng. (Liprov. 10:4) U ka boela oa kopanela neng thabong ea mosebetsi o eketsehileng u le pula-maliboho ea thusang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela