Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R9,00. January: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,50. February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50. March: Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka monehelo oa R4,50.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka December 1 kapa kapele kamoo ho ka etsahalang ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.
◼ Sehopotso sa 1995 se tla ba ka Labohlano, April 14, ka shoalane. Tsebiso ena e fanoang e sa le pele ea letsatsi la mokete oa Sehopotso sa 1995 e fanoa hore baena ba ka beeletsa libaka kapa ba etsa litumellano tse hlokahalang bakeng sa liholo tse fumanehang ha ho e-na le liphutheho tse ngata haholo tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me li tlameha ho fumana libaka tse ling.
◼ Bethele e hloka ka potlako mek’henike oa petrole le diesele ea tšoanelehang esita le molokisi oa mechine. Moena leha e le ofe ea ka iketsang ea fumanehang o lokela ho iteanya le Mokhatlo kapele kamoo ho ka khonehang.
◼ Li-diskette tse Ncha tsa Computer tse Fumanehang:
Senyesemane: New World Translation of the Holy Scriptures—With References/Insight on the Scriptures. Tokollo ena e na le New World Translation le meqolo e ’meli ea Insight. Tokollo ena e fumaneha ka li-diskette tsa 5 1/4-inch 1.2-megabyte kapa 3 1/2-inch 1.44-megabyte. Ho hlokahala computer ea hard disk eo bonyane e nang le sebaka sa li-megabyte tse 18 (phutheho le batho bohle: R55,00; bo-pula-maliboho: R48,00).
◼ Litokollo tse Ncha tse Fumanehang:
Senyesemane bakeng sa lifofu: Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? (Tract No. 19); Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo (Tract No. 20); Thabela Bophelo ba Lelapa (Tract No. 21); Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? (Tract No. 22) (phutheho, batho bohle, le bo-pula-maliboho: lisente tse tharo). Setsonga: Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng (phutheho le batho bohle: R3,00; bo-pula-maliboho: R2,25).