Jala Haholo e le Hore U Kotule Haholo
1 Molemi e mong le e mong oa tseba hore haeba a jala peō ea hae haholo, ho ka etsahala hore a kotule haholo, empa haeba a jala hanyenyane, joang kapa joang o tla kotula hanyenyane. (2 Ba-Kor. 9:6) Mohlomong ha ho kae kapa kae moo taba ena e bonahalang ka ho hlakileng haholoanyane ho feta bopaking ba rōna. Ka ho hlakileng ha re sebelisa nako e ngata bopaking, re tla kotula haholo liphihlelo tse thahasellisang, maeto a ho boela a behang, le lithuto tsa lehae tsa Bibele tse atlehileng.
2 Re boetse re batla ho jala haholo limakasineng, libukaneng tse lekanang le makasine, le likhatisong tse ling. Ka linako tse ling re ka ’na ra li tlohela hore li bokellane rakeng ea libuka lapeng empa li ne li ka sebelisoa bakeng sa ho tlisa ba tšoanelehang tšimong ea rōna tsebong ea ’nete. (Bapisa le Mattheu 25:25.) Ha re nahanisiseng ka taba ea ho tsamaisa limakasine. Ho ’nile ha ba le ho theoha ho tsoelang pele limakasineng tseo re li tsamaisang. Selemong sa tšebeletso sa 1993 ka karolelano bahoeletsi ba Afrika Boroa ba tsamaisitse limakasine tse 4,2 ka khoeli. Le hoja ho e-na le mabaka a ’maloa a sena, ho akareletsa maemo a mabe a moruo, re lumela hore bahoeletsi ba bangata ha ba lokisetse nako ea ho kopanela mosebetsing oa limakasine ka mehla. Liphuthehong tse ngata ho lokiselitsoe Letsatsi la Limakasine la beke le beke leo ka lona phutheho kaofela e ka kopanelang karolong ena ea bohlokoa ea ho jala peō ea ’Muso haholo. Ho e-na le ho behella ka thōko Moqebelo o le mong kapa e ’meli khoeli le khoeli, baholo ba lokela ho etsa litokisetso bakeng sa mosebetsi oa limakasine ka Moqebelo O MONG LE O MONG.
3 Libakeng tse ling baena ba ’nile ba thatafalloa ke ho tsamaisa limakasine ka lebaka la pefo e tsoelang pele metseng. Baholo ba lokela ho bolella bahoeletsi hore ba lebise tlhokomelo libakeng tse batlang li khutsitse. Haeba ho sa khonehe ho kopanela bopaking ba seterata, joale e-eang ka ntlo le ntlo. Litselana tsa makasine ke e ’ngoe ea litsela tse molemo tsa ho eketsa limakasine tse tsamaisoang le ho qalisa lithuto tsa Bibele qetellong.
4 Karolo e ’ngoe eo ho eona re batlang ho jala haholo ke mosebetsing oa rōna oa lithuto tsa Bibele. Ka August 1993, ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 63 887 Afrika Boroa. Hoo ke ho ikhethang ’me re batla ho babatsa bohle ba ileng ba kopanela mosebetsing ona oa bohlokoa. Ha molemi a jala peō, o lebeletse ho kotula lijalo tse ngata. Kahoo ho tsoa lithutong tsa Bibele tse fetang 63 000 tse khannoang, na ha rea lokela ho kotula keketseho e tsoelang pele ea barutuoa ba bacha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe?
5 E le ho kotula litholoana tse joalo re tlameha ho ikemisetsa ho sebetsa ka thata le ho sebelisa litlhahiso tsohle tse ntle tseo re li fumaneng litokollong tsa morao-rao tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso mabapi le lithuto tsa Bibele. Na uena ka bouena u sebelisitse litlhahiso tsee kaofela? (Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, June ho ea ho December 1993.) Ke hobane’ng ha u sa etse likopi tsa lihlooho tsee ’me u li boloke ka morao libukeng tsa hao tsa Phela ka ho sa Feleng le Ho Kopana Borapeling e le hore u ka li sheba nako le nako? Molebeli oa tšebeletso le bakhanni ba thuto ea buka le bona ba lokela ho sebelisa lihlooho tsena bakeng sa ho thusa bohle ka phuthehong ho ba ba atlehileng haholoanyane ho khanneng lithuto tsa Bibele, e le hore ba ka tiisa hore ba kotula lijalo tse ngata tsa barutuoa ba bacha.—Matt. 28:19, 20.
6 Kaofela ha rōna re lokela ho ipotsa, Na nka jala haholoanyane tšebeletsong ea ka? (1 Ba-Thess. 4:1) Lulang fatše, motho ka mong kapa joaloka lelapa, ’me le nahane kamoo le ka kopanelang haholoanyane ka teng kabong ea limakasine. Haeba u se na thuto ea Bibele hona joale, rapella taba ena ’me u sebetse ka thata tšimong hore u e fumane. Haeba u se u ntse u khanna thuto, sebelisa litlhahiso tse fanoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova e le ho tiisa hore u kotula litholoana tse lakatsehang. Ka ho etsa sena re tla kotula haholoanyane tlotlisong ea Jehova.