Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/00 leq. 2
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mpho Bakeng sa Jehova”
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Jala Haholo e le Hore U Kotule Haholo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • “Licheletana Tse Peli” Tsa Bohlokoa
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 12/00 leq. 2

Lebokose la Lipotso

◼ Na ha re ntše monehelo habeli bakeng sa lingoliloeng haeba monehelo o ntšoa nakong eo re fumanang lingoliloeng le ha re tšela menehelo e amohetsoeng tšimong ka mabokoseng a menehelo a reretsoeng mosebetsi oa lefatše lohle oa Mokhatlo?

Che. Menehelo e kenang mabokoseng a menehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle oa Mokhatlo hase ea lingoliloeng feela. Bahoeletsi le batho ba hlileng ba thahasellang tšimong ba fumana lingoliloeng ntle ho tefo. Ha bahoeletsi ba ntša menehelo ea bona, ke bakeng sa ho tšehetsa ho hlokomela liofisi tsa makala, mahae a Bethele, sekolo sa boromuoa le sa bosebeletsi, baromuoa, balebeli ba tsamaeang, litsi tsa ho ajoa ha lingoliloeng le litšebeletso tse ling tse ngata tse tlatsetsang tse hlokahalang bakeng sa ho finyella kabelo eo Jesu a e fileng barutuoa ba hae. Ho hatisa lingoliloeng ke karolo e nyenyane feela ea sena.

Ka hona, ha ho amoheloa menehelo e tsoang ho batho ba thahasellang tšimong, ha rea lokela ho re monehelo oo ke “bakeng sa lingoliloeng.” Joalokaha re ba hlalosetsa, ba hlileng ba lakatsang ho bala lingoliloeng tsa rōna ba li amohela ntle ho tefo. Menehelo leha e le efe e fanoang ke ba joalo e tla sebelisetsoa ho hlokomela litšenyehelo tse amehang mosebetsing ona oa lefatše lohle. Hoa tšoana le ka menehelo e etsoang ke bahoeletsi.

Kahoo ha ho na lebaka la hore bahoeletsi ba se ke ba kōpa monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle, ba beha lebaka la hore ba se ba lefelletse lingoliloeng tseo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela