PHELA JOALOKA MOKRESTE
Mpho Bakeng sa Jehova
Mehleng ee re ka etsa’ng ‘ho tlatsa matsoho a rona ka mpho bakeng sa Jehova?’ (1Likr 29:5, 9, 14) Ka tlaase mona, ho thathamisitsoe litsela tseo re ka khethang ho fana ka menehelo ka boithaopo e le ho tšehetsa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ebang ke sebakeng sa habo rona kapa lefatšeng lohle.
MENEHELO E NTŠOANG INTHANETENG KAPA E FANOANG MAKOSENG A MONEHELO E SEBELISETSOA:
MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE
kaho le mosebetsi o etsoang lekaleng le liofising tsa phetolelo
likolo tsa puso ea Molimo
ho tšehetsa basebetsi ba tšebeletso ea nako e tletseng e khethehileng
ho thusa nakong ea likoluoa
ho hatisa lingoliloeng le ho etsa hore li fumanehe ka mokhoa oa ma-rang-rang haesita le ho etsa livideo
LITŠENYEHELO TSA PHUTHEHO
litšenyehelo tsa phutheho joaloka lintho tse sebelisoang ho hloekisa Holo le ho e lokisa ha ho hlokahala
menehelo eo phutheho e entseng qeto ea ho e romella ofising ea lekala bakeng sa:
kaho ea Liholo tsa ’Muso le tsa Likopano lefatšeng lohle
letlole la ho Hlokomela Mehaho ea Borapeli Lefatšeng Lohle
mesebetsi e meng e etsoang lefatšeng lohle
LIKOPANO TSE KHOLO LE TSE NYANE
Menehelo e ntšoang kopanong ea setereke e fetisetsoa mosebetsing oa lefatšeng lohle. Ka lehlakoreng le leng, litšenyehelo tsa likopano tsa setereke, tse khethehileng le tsa machaba, li patalloa ka chelete e tsoang mosebetsing oa lefatše lohle.
Menehelo e ntšoang kopanong ea potoloho e sebelisetsoa ho patalla sebaka seo kopano e tšoaretsoeng ho sona le lintho tse tla sebelisoa kapa thepa le ho hlokomela holo ea kopano. Potoloho e ka khetha hore menehelo e setseng ho fanoe ka eona ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle oa Lipaki tsa Jehova.