Lebokose la Lipotso
◼ Haeba mong’a ntlo a fana ka monehelo o fetang o boletsoeng, na re lokela ho susumelletseha ho mo fa lingoliloeng tse eketsehileng?
Hase tlamo. U ka sebelisa kahlolo ea hao e molemo tabeng ena, u nahanisise ka thahasello eo a nang le eona ea ho bala lingoliloeng. U ka etsa tlhahiso ea ho tlisetsa mong’a ntlo litokollo tse latelang tsa limakasine ka monehelo oo o eketsehileng ebe u etsa leeto la tselana ea makasine. Maetong a latelang, u ka siea lingoliloeng tse finyellang tlhokahalo e khethehileng ea mong’a ntlo. Haeba mong’a ntlo a ithaopela ho fana ka monehelo o eketsehileng, u ka o amohela ka matsoho a mabeli. Hopola hore menehelo e tšehetsa likarolo tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa rōna oa lefatše ka bophara, o akarelletsang lenaneo la rōna la kaho, baromuoa, le mosebetsi oa bopula-maliboho bo khethehileng, ho phaella ho hatisoeng ha lingoliloeng tsa rōna. Ka hona, u ka amohela monehelo oo, eaba u o kenya ka lebokoseng la monehelo la Mokhatlo Holong ea heno ea ’Muso kapa u o romele ka ho toba ho Mokhatlo, ho sa hlokahale hore u fe mong’a ntlo lingoliloeng kapa limakasine tse eketsehileng.