Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/94 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 1/94 leq. 3

Litsebiso

◼ Mpho ea buka ka January: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,50. February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50. March: Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka monehelo oa R4,50. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50.

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng bakeng sa Sehopotso, se tla ketekoa selemong sena ka Moqebelo, March 26, ka shoalane. Le hoja e le ho thabisang ho phutheho ka ’ngoe ho ba le mokete oa eona oa Sehopotso, ha se ka linako tsohle sena se khonehang. Moo hangata liphutheho tse ngata li sebelisang Holo ea ’Muso e tšoanang, ho ka ba molemo haholo ha phutheho e le ’ngoe kapa ho feta e ka fumana sebaka se seng mantsiboeeng ao. Sehopotso ha sea lokela ho qala bosiu haholo hoo batho ba thahasellang bocha ba ka thatafalloang ho ba teng. Ho feta moo, nako ea liboka ha ea lokela ho petetsana hoo ho seng nako pele le ka mor’a mokete ho lumelisa baeti, ho etsa litokisetso tse tsoelang pele tsa ho fana ka thuso ea moea ho ba bang, kapa hona ho khothatsana har’a bohle ba leng teng. Ka mor’a ho nahanela mabaka ’ohle, baholo ba lokela ho lekanyetsa hore na ke litokisetso life tse molemo tse tla thusa bohle ba leng teng Sehopotsong ho rua molemo ka botlalo sebokeng seo.

◼ Ho tloha ka February, e seng ka morao ho March 6, puo e ncha ea phatlalatsa bakeng sa balebeli ba potoloho e tla ba “Ho Feheloa ha Moloko oa Batho—Ho Tla Fela Neng?”

◼ Puo e khethehileng ea phatlalatsa bakeng sa nako ea Sehopotso ea 1994 e tla fanoa lefatšeng ka bophara ka Sontaha, April 10. Sehlooho sa puo e tla ba “Na Bolumeli bo Hlōlehile ho Finyella Litlhoko tsa Moloko oa Batho?” Ho tla fanoa ka kemiso. Liphutheho tse nang le molebeli oa potoloho, kopano ea potoloho, kapa letsatsi le khethehileng la kopano mafelo bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho fana ka puo e khethehileng pele ho April 10.

◼ April 9, 1994, e beheletsoe ka thōko e le Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Lilemong tse ’nè tse fetileng, baena ba likete ba ile ba thabela ho kopanela mesebetsing ea Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hona joale hore u kopanele ka botlalo mosebetsing oo o khethehileng? Liphutheho li khothaletsoa hore li kenye liodoro tsa tsona tse khethehileng tsa limakasine kapele kamoo ho ka khonehang.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ha le letsetsa Mokhatlo thelefono, ka kōpo hopolang lintlha tse latelang: (1) Ka ntle le maemong a tšohanyetso kapa a mang a potlakileng, ka kōpo melaetsa ea botho e eang ho litho tsa lelapa la Bethele e lokela ho etsoa ka ntle ho nako ea lihora tsa mosebetsi kaha mela ea thelefono ea rōna e sebetsa haholo nakong ea motšehare. (2) Ha u letsa mabapi le bothata kapa potso, ka kōpo hlakisa hore na u letsa u le hokae le taba eo u lakatsang ho bua ka eona. Ha re khothaletse baena, ho akareletsa le baholo, ho batla moena ea itseng ka lebitso kaha mohlomong a fumane kabelo e ’ngoe lefapheng le itseng kapa mohlomong a sa fumanehe bakeng sa ho thusa. Motho ea sebetsanang le lithelefono o tla tseba ho u fetisetsa lefapheng le nepahetseng. Ka kōpo lekang ho khutsufatsa melaetsa ea lōna bakeng sa ho boloka nako ea bohlokoa. (3) Haeba u na le bothata ba botho boo u ratang ho bua ka bona, ka kōpo buisana sena le baholo ba phutheho ea lōna pele u letsetsa Mokhatlo. Baholo ba boemong bo molemo haholo ba ho u thusa ka lipotso kapa mathata. Ka ntle le haeba e le taba e potlakileng, re khothaletsa baena BOHLE, ho ngola lengolo le ho hlalosa bothata. Re tla thabela ho neha taba eo tlhokomelo ea rōna e potlakileng. (Ka kōpo bonang Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, December 1992, leqephe 5.)

◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Segerike: New World Translation of the Christian Greek Scriptures (phutheho le batho bohle: R4,50; bo-pula-maliboho: R3,00). Senyesemane: Watch Tower Publications Index 1991-1992 (phutheho le batho bohle: R2,50; bo-pula-maliboho: R1,50). Sepotoketsi: Meqolo e hatisitsoeng hape ea Watchtower ho tloha ka 1974-77 (phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R18,00). Sevenda: Elementary Bible Teachings. Ena ke bukana ea maqephe a 64 e nang le lipotso tse tsoang bukeng ea Ho Hlophisetsoa. E lokela ho fuoa feela bahoeletsi ba kolobelitsoeng le ba sa kolobetsoang. (Phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: lisente tse 45).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela