Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/94 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa January

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa January
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka January 3
  • Beke e Qalang ka January 10
  • Beke e Qalang ka January 17
  • Beke e Qalang ka January 24
  • Beke e Qalang ka January 31
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 1/94 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa January

Beke e Qalang ka January 3

Pina 101

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo. Ka bokhutšoaane buella lintlha tse khethehileng limakasineng tsa morao-rao tse tla ipiletsa ho batho tšimong ea lōna.

15 mets: Bokamoso ba Lefatše ke Bofe? Puo e thehiloeng ho maqephe 209-13 a buka Ho Bea Mabaka. (5 mets.) Puo e akaretsang lintlha tse qalang leqepheng la 209 le 210. (7 mets.) Mohoeletsi e mocha haholoanyane le ea hōlileng, ea nang le phihlelo, ba buisana ka boitsebiso bo leng ho maqephe 211-13. Beng ka mohoeletsi e mocha ba lefatše ba pheha khang ea hore Bibele e bolela hore lefatše le tla timetsoa. Mohoeletsi e mocha o kōpa thuso ea mohoeletsi ea nang le phihlelo haholoanyane kutloisisong ea mangolo a Bibele a buang ka lefatše. (3 mets.) Ha le phetha, buisanang ka potso e leqepheng la 213 “Ke batho ba mofuta ofe bao Molimo o tla ba hauhela ka bophelo bo sa feleng lefatšeng?” Khothaletsa bohle ho ikitlaetsa ka matla hore ba tšoanelehele tokelo e joalo e thabisang.

20 mets: “Ho Thusa ba Bang ho Ananela Bohlokoa ba Buka Moloko oa Batho o Batla Molimo.” Sehlooho se buisanoe le phutheho. Etsa lipontšo tse khutšoaane ka mor’a lirapa 3 le 4.

Pina 116 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka January 10

Pina 147

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

20 mets: “Ho Khutlela Bakeng sa ho Haha Kananelo.” Puisano le bamameli. Etsa pontšo ea ho khutlela ho motho ea amohetseng buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, u sebelisa litlhahiso tse boletsoeng ho lirapa 3 le 4.

15 mets: Lokisetsa Bana ba Hao Selemo se Secha sa Sekolo. Puo ka moholo e theiloeng bukaneng e boholo ba makasine ea Sekolo, maqephe 3, 30, le 31. Thusa batsoali ho utloisisa bohlokoa ba ho lokisetsa bana ba bona liphephetso tseo ba tla tobana le tsona sekolong. Bontša kamoo ho leng bohlokoa ka teng hore batsoali ba tloaelane le matichere a bana ba bona. Ho tlalehiloe hore batsoali ba bang ha ba bone bohlokoa ba ho kōpa hore bana ba bona ba se akareletsoe litlelaseng tsa thuto ea bolumeli moo ho nang le tokisetso e joalo ea molao. Tabeng ena, ke habohlokoa ho etela hlooho ea sekolo ka bouena u tšoere kōpo e ngotsoeng ea ho se akareletsoe litlelaseng tsa thuto ea bolumeli. Etsa pontšo e khutšoaane, e lokiselitsoeng hantle ea motsoali ea buisanang le tichere ka boitsebiso bo bukaneng ea Sekolo e boholo ba makasine ho leqephe 3. Motsoali o phetha ka ho siela tichere kopi ea bukana e boholo ba makasine ea Sekolo.

Pina 154 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka January 17

Pina 167

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le peho ea lichelete. Akareletsa liteboho tsa menehelo. Babatsa bahoeletsi ka ho tšehetsa mesebetsi ea Mokhatlo esita le ea phutheho ka chelete.

20 mets: “Ho Sebetsa Tšimo e Akaretsoang Khafetsa.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo ka molebeli oa tšebeletso. Liphuthehong tseo tšimo e akaretsoang khafetsa, etsa pontšo ho sebelisoa e ’ngoe ea likenyeletso tse leng bukeng ea Ho Bea Mabaka tseo ho builoeng ka tsona lirapeng 4 le 5 esita le e ’ngoe e loketseng ebang ke e nkiloeng serapeng 6 le 7 kapa e lokiselitsoeng ka ho khethehileng bakeng sa tšimo ea lōna. Liphuthehong tse sa akaretseng tšimo ea tsona khafetsa, ho ka sebelisoa likenyeletso tse ling tse loketseng tse tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka bakeng sa lipontšo. Lipontšo li lokela ho lokisetsoa hantle.

15 mets: Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo? Puo e susumetsang ka moholo ea nang le bokhoni ho thusa baena ho utloisisa bohlokoa bo sireletsang ba karete ea Advance Medical Directive/Release, ’me ho sebelisoe lintlha tse tsoang ho lirapa 1-3 tsa kenyeletso ea Tšebeletso ea rōna ea ’Muso ea June 1992. Likarete li fuoa bahoeletsi ba kolobelitsoeng feela, ebe joale u bua ka lengolo la October 15, 1992 le fanang ka tataiso ka mokhoa oa ho tlatsa likarete tsena. Hlokomelisa baena hore BA SE KE ba tlatsa likarete tsena mantsiboeeng ao empa ba ee le tsona lapeng, ’me ba nahanisise litlhoko tsa bona ka thapelo ebe ba tlatsa likarete tsena. Empa BA SE KE BA LI SAENA nakong eo. Ba tle le likarete tse tlatsitsoeng Thutong ea Buka ea Phutheho, moo baholo ba tla thusa ho hlokomela hore likarete tsena lia saenoa, ho be le paki le ho ngoloa letsatsi. Mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho o tla sebelisa lethathamo le leng nakong ho tiisa hore bohle ba leng sehlopheng sa hae ba hlokomeloa. (Batsoali bao e leng bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba ka thusoa ho tlatsa li-Identity Card bakeng sa bana ba bona.) Leha e le ofe ea tla fosoa ke thuto ea buka o sa ntse a ka thusoa ke bakhanni/baholo Sebokeng se latelang sa Tšebeletso ho fihlela bahoeletsi bohle ba tlatsitse likarete tsa bona ka ho loketseng le ho li saena. Baholo ba lokela ho ba le lethathamo la leha e le bafe ba saletseng ’me ba leke ho tlatsa likarete tsohle kapele kamoo ho ka khonehang.

Pina 176 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka January 24

Pina 178

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothaletsa bohle ho kopanela tšebeletsong ea tšimo bekeng ena. Tsebisa ka litokisetso tsa phutheho tsa tšebeletso ea tšimo. Hopotsa leha e le bafe ba e-song ho tlatse likarete tsa bona tsa Advance Medical Directive/Release ho etsa joalo mantsiboeeng ao ka ho atamela mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho kapa e mong oa baholo.

15 mets: Mosebetsi oa Phutheho oa Tšimo. Molebeli oa tšebeletso le moholo e mong ba hlahloba mosebetsi oa phutheho likhoeling tse ’nè tse fetileng. Karolo ea boraro ea selemo sa tšebeletso e se e fetile (September-December). Phutheho e sebelitse joang? Babatsa phutheho ka botšepehi libakeng tseo e sebetsang hantle ho tsona. Hape bolela hore phutheho e ka ’na ea ntlafatsa hokae, fana ka litlhahiso tse sebetsang. Akareletsa phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoaane tsa tšimo likhoeling tsa pele tse ’nè tsa selemo sa tšebeletso. Phetha ka boikutlo bo botle, bo hahang. Jesu o ne a thabisoa ke ho phethahatsa tšebeletso ea hae. Le rōna re tla fumana thabo e khōlō ka ho ipoloka re tšoarehile mosebetsing oo Jehova a re fileng oona.—Joh. 4:34; 1 Ba-Kor. 15:58.

25 mets: Puisano ka sehlooho “Meharo e ka Bolaea” ho Molula-Qhooa oa July 15, 1985, maqephe 24-8. Ka lebaka la maemo a moruo a boima a renang naheng, ho na le leraba la ho kenella mekhoeng ea ho rua kapele, le ho akareletsa baena ba rōna ba Bakreste. Bua ka mehlala eo ho fanoeng ka eona ho maqephe 27 le 28 mabapi le mekhoa e mengata ea ho rekisa, mekhatlo ea matsete, le mofuta oa inshorense oa ho ba kaholimo ho bohle (pyramid). Le hoja e meng ea mekhoa ena e le tumellanong le molao, re tlameha ho ipotsa: Na re qalisa khoebo ka tebello ea hore baena ba rōna ba Bakreste ba re tšepang e tla ba bona bareki ba rōna ba ka sehloohong? Na re fana ka tšebeletso kapa thepa e hlokahalang ka ho sebetsa ka thata, kapa ka ho etsa chelete kapele ka tsela e lematsang baena ba rōna? (Bona Molula-Qhooa oa August 1, 1993, leqephe 12, serapa 11.) Ipiletse ho baena motheong oa mangolo a bontšitsoeng ho ba hlokolosi haholo hore ba se oele lerabeng lena le bolotsana la meharo ea chelete.

Pina 179 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka January 31

Pina 186

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothaletsa bohle ho qalisa nako esale teng tšebeletsong ka ho kopanela tšebeletsong mafelo-bekeng ana. U ka fana ka litlhahiso tse thusang bakeng sa ho nehelana ka limakasine tsa morao-rao.

10 mets: Ho Nehelana ka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka Ntlo le Ntlo. Puo e khutšoaane e ipiletsang ka bohlokoa bo pakiloeng ba buka ena ho thusa batho ho tseba Jehova le ho mo rapela. Etsa pontšo kamoo mohoeletsi a ka sebelisang litlhahiso tse leng tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso bakeng sa ho lokisetsa ho sebelisa buka ena tšebeletsong ea tšimo.

20 mets: “Ho ba Teng Libokeng—Boikarabelo bo Tebileng.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Ho serapa 2, buisana le bahoeletsi ba ileng ba hlōla litšitiso tsa ho ba teng libokeng ka mehla.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa puo “E-ba le Pono e Nepahetseng ka Mohau oa Molimo” ka moholo, e theiloeng ho Molula-Qhooa oa October 1, 1993, maqephe 22-5.

Pina 188 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela