Ho Sebetsa Tšimo e Akaretsoang Khafetsa
1 Re thabela ho amohela litlaleho tsa hore liphutheho tse ngata li sebetsa tšimo ea tsona khafetsa. (Matt. 24:14; 1 Tim. 2:3, 4) Le hoja sena se fana ka phephetso e khethehileng, phihlelo e bontšitse hore ho ka sebetsanoa le phephetso ena ka katleho haeba re itokisa le ho itlhomella hantle ho sebetsana le maemo a fapaneng a hlahang.
2 Likenyeletso tse Atlehileng ke tsa Bohlokoa: Ke habohlokoa haholo ho lokisetsa ho sebelisa kenyeletso e le ’ngoe kapa ho feta tse nahannoeng hantle. Li lokela ho akaretsa lipolelo tse tobileng tse hlakisang lebaka la bohlokoa la ketelo ea rōna khafetsa.
3 Buka Ho Bea Mabaka e fana ka mehlala e mengata e babatsehang ea likenyeletso tse loketseng tse ka sebelisoang. Ho na le tse tharo tse thathamisitsoeng leqepheng la 15 tlas’a sehlooho “Tšimong e Sebetsoang Khafetsa.” Itloaetse e ’ngoe eo u tla lakatsa ho e sebelisa tšimong ea lōna.
4 Bahoeletsi ba bang ba atleha ka ho sebelisa litaba tse tsoang koranteng ea sebakeng sa habo bona ho qalisa moqoqo tšimong e akaretsoang khafetsa. Buka Ho Bea Mabaka e fana ka mehlala e meraro ea kamoo sena se ka etsoang ka teng. Hlokomela kenyeletso ea bobeli tlas’a sehlooho “Bokebekoa/Tširelo” leqepheng la 10 le likenyeletso tse peli tsa pele tlas’a sehlooho “Liketsahalo tsa Morao-rao” maqepheng a 10 le 11.
5 Likenyeletso Tseo U li Lokisetsang: Ikutloe u lokolohile ho hōlisa le ho sebelisa litlhaloso tsa selelekela tse loketseng tse bukeng ea Ho Bea Mabaka. Bua ka tsona ka tsela ea hao ea tlhaho, u sebelise mantsoe a hao. U ka li pheta le mohoeletsi ea nang le phihlelo pele u li sebelisa tšimong.
6 Ka mohlala, u ka ’na ua re:
◼ “Ho tloha ketelong ea rōna ea nakong e fetileng, [bolela ketsahalo ea morao-rao e etsahetseng eo batho ba ntseng ba bua ka eona]. Ka lebaka la hore kaofela ha rōna re ameha ka tsela e ’ngoe kapa e itseng, baahelani ba rōna ba bangata ba boletse kameho ea bona e tebileng. Mohlomong le uena o ile ua nahana ka sena. [Ema hanyenyane bakeng sa karabo e ka hlahang.] Ka lebaka la maemo a kajeno a lefatše, na ha u lumellane le seo moprofeta Jeremia a se ngotseng ho khaolo ea 10, temana ea 23?” Ka mor’a ho bala lengolo, batla pono ea mong’a ntlo, ebe joale u lebisa tlhokomelo ea hae lengolong le tobileng le bontšang kamoo Jehova a tla rarolla bothata bo itseng boo le ntseng le buisana ka bona.
7 Kapa mohlomong u ka re:
◼ “Kantle ho pelaelo mohlomong koranteng ea kajeno u hlokometse [bolela ketsahalo e khethehileng]. Mohlomong ua lumela hore sena se re ama kaofela. [Ema hanyenyane bakeng sa karabo e ka hlahang.] Re ka ba le tšepo ea hore mebuso e ka ba le tharollo ea nakoana; leha ho le joalo, Bibele e bontša kamoo bothata bona bo tla rarolloa ka ho sa feleng ka teng.” Lebisa tlhokomelo lengolong le tobileng le hlalosang seo Molimo a tla se etsa.
8 “Ke Hobane’ng ha le Etela Batho Hangata Hakaale?” Likarabo tse loketseng ho se ka ’nang sa khaoletsa moqoqo li fanoe bukeng ea Ho Bea Mabaka ho leqephe 20 tlas’a sehlooho “Ke Hobane’ng ha le Etela Batho Hangata Hakaale?” Esita le kantle le ho botsoa, re ka fana ka bopaki bo babatsehang haeba re sebelisa monyetla o mong le o mong o loketseng ho thusa ba bang ho ananela hore lerato la sebele ho Molimo le moahisani le re susumeletsa ho khutlela ho bona khafetsa. Puisano ka mantsoe a Jesu ho Johanne 21:15-17 e ka ipaka e le ea bohlokoa haholo tabeng ena.
9 Ho fihlela ha Jehova a bolela hore ho lekane, ha re tsoeleng pele ho tobana le liphephetso tsa ho sebetsa tšimo e akaretsoang khafetsa. Ka boikemisetso bona, re ka tiisetsoa tataiso ea hae, tšireletseho, le tlhohonolofatso ho fihlela qetellong.—Matt. 28:19, 20.