Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/94 leq. 1
  • Ho ba Teng Libokeng—Boikarabelo bo Tebileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Teng Libokeng—Boikarabelo bo Tebileng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Teng Kamehla Libokeng—Ho Tla Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Liboka Tse re ‘Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle’
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Tiisa Hore U Beha Lintho Tse Tlang Pele Sebakeng sa Pele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 1/94 leq. 1

Ho ba Teng Libokeng—Boikarabelo bo Tebileng

1 U talima ho ba teng libokeng ka botebo hakae? Eo ke potso e hlahlobisisang, na ha ho joalo? Ha ho pelaelo hore boholo ba rōna re ananela liboka. Leha ho le joalo, haufinyane litlaleho li bontša hore liphuthehong tse ngata lenane la ba bang teng libokeng le fokotsehile. Mohlomong sesosa ke sefe? Na ka ho sa hlokahaleng ba bang re lumella mosebetsi oa boipheliso, mokhathala, mosebetsi oa sekolo, ho kulanyana ho itseng, kapa maemo a leholimo a batlang a se matle ho kena-kenana le boikarabelo ba ho ba teng ha rōna libokeng ka mehla? (Deut. 31:12) Kaha ena e le tlhoko ea Mangolo, e mong le e mong oa rōna o tlameha ho nahanisisa potso ena ka thapelo, Ke nka ho ba teng libokeng ka botebo hakae?

2 Baena ba rōna ba bang ba tsamaea lihora tse telele litseleng tse lerōle le ho tšela linōka tse tletseng likoena ho tla libokeng. Mohlomong phuthehong ea lōna ho na le ba tšepahalang ba “bang teng ka mehla” ho sa tsotelehe mathata a tebileng a bophelo, ho kula, le ba sehlang ka thata mesebetsing ea bona, kapa ba nang le likabelo tse boima tsa sekolo. (Luka 2:37) Ke hobane’ng ha ba ikitlaetsa ka matla ho ba teng? Hobane baa tseba hore ba ke ke ba sebetsana le liphephetso tsa lefatše lena le tletseng khatello ka matla a bona. Ba lokela ho itšetleha ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona.—2 Ba-Kor. 12:9, 10.

3 Kajeno re latela mohlala o behiloeng ke Bakreste ba pele ba neng ba bokana ka linako tsohle ho rapela, ho arolelana liphihlelo, le ho ithuta Lentsoe la Molimo. (Lik. 4:23-30; 11:4-18; Ba-Kol. 4:16) Re fumana taeo ka boprofeta ba Bibele le thuto ea motheo, esita le taeo ea boitšoaro ba bomolimo le ba Bokreste, hammoho le keletso e leng nakong ea ho ntlafatsa bophelo ba rōna hona joale ka ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo. (1 Tim. 4:8) Ho phaella moo, re hopotsoa ka tšepo ea rōna hore ka letsatsi le leng mathata le bohloko li tla fela. Ke habohlokoa hore tšepo ena e bolokoe e phela.—Ba-Heb. 6:19.

4 Lelapa la hao le talima ho ba teng libokeng ka botebo hakae? Na hoo ke karolo ea kemiso ea hao joaloka nako ea lijo kapa mosebetsi oa boipheliso? Mantsiboeeng a liboka, na le iphumana le phehisana khang ka hore na le lokela ho ea libokeng kapa le se ee, kapa ho kopanela ka mehla le baena ba hao ke ntho e tlamang lelapa la hao? Bahoeletsi ba bangata ba hopola mohlala oa batsoali ba bona ba inehetseng nakong ea ha ba ntse ba hōla. Moholo e mong ka thabo o sa hopola: “Ntho e ’ngoe ka Ntate ke hore ka mehla o ne a etsa bonnete ba hore lelapa le ea libokeng. Haeba ho ne ho e-na le ea kulang, e mong oa rōna o ne a sala le eena, empa ba bang kaofela re ne re e-ea libokeng! ”

5 Litokollong tse tlang tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, re tla tšohla bohlokoa ba seboka ka seng sa phutheho ka morero oa ho thusa ho haha kananelo bakeng sa litokisetso tsena tsa moea. Haeba ho ba teng ha hao libokeng ho sa tsitsa, re tšepa hore lihlooho tsena li tla u thusa ho elelloa seo u fosoang ke sona. Li tla akareletsa likhopotso ho ba tšoarang liboka, esita le litlhahiso tseo kaofela ha rōna re ka li sebelisang ha re lokisetsa liboka le ho nka karolo ho tsona. Ke hobane’ng ha u sa lule fatše le lelapa la hao ’me la nahanela ka thapelo ka mokhoa oa lōna oa ho ba teng libokeng? Joale etsang liphetoho leha e le life tse hlokahalang kemisong ea lōna. Ho ba teng ka mehla libokeng ke karolo ea bohlokoa ea thuto ea rōna ea puso ea Molimo ’me ka sebele e lokela ho nkoa ka botebo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela