Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/94 leq. 4
  • Ho Khutlela Bakeng sa ho Haha Kananelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khutlela Bakeng sa ho Haha Kananelo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haha Thahasello ka ho Etsa Maeto a Atlehileng a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Thusa Batho ba Kang Linku Hore ba Hahe Holim’a Motheo o Tiileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Khutlelang ka Thabo ho Thusa ba Thahasellang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 1/94 leq. 4

Ho Khutlela Bakeng sa ho Haha Kananelo

1 Butle-butle maeto a ho boela a nang le moelelo a susumetsa khōlo ea mong’a ntlo le ho e matlafatsa hore e be molumeli. Ke litlhahiso life tse sebetsang tse lokelang ho hopoloa ha re khutlela ho ba bontšitseng thahasello?

2 Pele ho tsohle, lokisetsa hantle. Sena se qalisa ketelong ea pele. Joang? Ka ho boloka litlaleho tse nepahetseng tsa thahasello e bontšitsoeng. Ngola lebitso la mong’a ntlo, taba eo le buisaneng ka eona, karabelo, le likhatiso leha e le life tse tsamaisitsoeng. Joale hlahloba tlaleho ea hao ea ntlo le ntlo pele u khutlela, ’me u nahanele seo u tla se bua ka thapelo.

3 Joale u se u itokisitse. U ka reng? Haeba u siile mong’a ntlo le potso ketelong ea pele, joale u ka haha holim’a taba eo ha u khutlela. Ka mohlala, ketelong ea pele, ka mor’a ho lebisa tlhokomelo ea mong’a ntlo leqepheng la 8, serapa 12, ho buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, u ka botsa potso, “Ke hobane’ng ha u hlahloba bolumeli ba hao?”

Ha u khutlela, ka mor’a ho itsebisa, u ka ’na ua re:

◼ “Ha re ne re buisana nakong e fetileng, re ile ra botsa lebaka leo re lokelang ho thahasella ho hlahloba bolumeli ba rōna ka lona. Na u nahanne ho eketsehileng ka taba eo? [Emela karabo.] Na u nahana hore Molimo o amohela malumeli ’ohle? [Emela karabo.]” Bua ka litšoantšo tse leng maqepheng 11 le 13 bukeng Moloko oa Batho o Batla Molimo. Ka mor’a ho bua ka litšoantšo tsena, u ka ’na ua rata ho bua ka boitsebiso bo leng lebokoseng leqepheng la 14. Bontša hore le hoja re rata ho hlompha likhopolo tsa bolumeli ba motho e mong, ka nako e tšoanang re batla ho tiisa hore re rapela Molimo ka tsela eo a e amohelang. Ho bula tsela bakeng sa ketelo e ’ngoe, u ka botsa e ’ngoe ea lipotso tse leng leqepheng la 17 kapa 18 ’me u ithaopele ho khutla ho araba potso eo.

4Haeba ketelong ea pele le buile ka litsela tsa ho khetholla bolumeli ba ’nete le ho siea buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, potso e molemo eo u ka thehang leeto la hao la ho boela ho eona e ka ba: “Malumeli a mangata hakale a qalile joang?” Ha u khutlela, u ka bua ka lintlha tse tobileng khaolong ea 2 ea buka eo.

5 Tlhokomeliso. Hlokomela lipotso tseo u li botsang ha u khutlela. Ho botsa lipotso tse kang “Na u balile boitsebiso boo ke u sietseng bona?” kapa “Na u sa nkhopola?” kapa “Na u sa hopola seo re ileng ra buisana ka sona nakong e fetileng ha ke le mona?” li beha mong’a ntlo boemong bo bobe. Lipotso tse joalo hangata ha li hlahise litholoana tse ntle. Ka lehlakoreng le leng, e-ba le botsoalle, e-ba ea feto-fetohang le ho khutsufatsa taba. Lintho tsena li tla ntlafatsa molaetsa.

6 Katamelo ena le tse ling li ka sebelisoa ho hlaolela kananelo lipelong tsa batho ba tšepahalang. Ke hobane’ng ha u sa ipehele pakane ea botho ea ho etsa bonyane leeto le le leng la ho boela beke le beke? Sebelisa litlhahiso tse boletsoeng ka holimo hamolemo, ’me u batle le ho atamela bahoeletsi ba nang le phihlelo ba tla u thusa. Thabo ea hao e tla eketseha ha u tsoela pele ho haha thahasello ea pele ka ho etsa maeto a ho boela a nang le moelelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela