Pina ea 188
Mpho ea Thapelo
1. Jah o utloa thapelo
Tsa ba mo bontšang hlompho.
’Me ke feela ka Kreste
Re ka rapelang ’Mōpi.
2. Ke thapelo tsa ’nete
Le tse phehellang ruri
Tseo Jehov’a li utloang
Le tseo a li arabang.
3. Re rapele Molimo
Ka cheseho e khōlō.
Re tebise maikutlo
Ha re etsa thapelo.
4. Re tlameha ho ipha
Nako ea ho rapela.
Ho rapela kamehla
Ruri ho’a re tšelisa.