Khaolo ea 12
Jesu o re Ruta ho Rapela
NA U buisana le Jehova Molimo?— O batla hore u bue le eena. Ha u bua le Molimo, seo se bitsoa thapelo. Jesu o ne a bua khafetsa le Ntate oa hae oa leholimo. Ka linako tse ling o ne a batla ho ba mong ha a bua le Molimo. Ka lekhetlo le leng, Bibele e re, ‘O ile a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela. Le hoja nako e ne e se e ile, o ne a le moo a le mong.’—Matheu 14:23.
U ka rapela Jehova u le mong hokae?— U ka ’na ua bua le Jehova u le mong pele u robala bosiu. Jesu o ile a re: “Ha u rapela, u kene ka kamoreng ea hao ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntat’ao.” (Matheu 6:6) Na u rapela Jehova bosiu bo bong le bo bong pele u robala?— U lokela ho etsa joalo.
Jesu o ne a boetse a rapela ha a e-na le batho ba bang. Ha motsoalle oa hae Lazaro a shoele, Jesu o ile a rapela a e-na le batho ba bang sebakeng seo Lazaro a neng a robalitsoe ho sona. (Johanne 11:41, 42) Hape Jesu o ile a rapela ha a ne a tšoere seboka le barutuoa ba hae. Na u ea libokeng tseo ho rapeloang ho tsona?— Hangata libokeng tseo ho rapela motho e moholo. U mamele ka hloko seo a se buang hobane o bua le Molimo bakeng sa hao. Joale u ka khona ho re “Amen” thapelong eo. Na ua tseba hore na “Amen” e bitsoang qetellong ea thapelo e bolela’ng?— E bolela hore u rata thapelo eo. E bolela hore u lumellana le eona le hore u batla hore le uena e be thapelo ea hao.
Hape Jesu o ne a rapela nakong ea lijo. O ne a leboha Jehova ha a mo file lijo. Na le uena u rapela kamehla pele u e-ja?— Re lokela ho leboha Jehova ka lijo tseo a re fileng tsona pele re e-ja. Motho e mong a ka ’na a le rapella ha le e-ja le le hammoho. Empa ho thoe’ng haeba u ja u le mong? Kapa ho thoe’ng haeba u ja le batho ba sa leboheng Jehova?— U lokela ho ithapella.
Na u lokela ho rapella holimo kamehla? Kapa na Jehova a ka u utloa ha u rapella ka pelong?— Re fumana karabo ho se ileng sa etsahalla Nehemia. E ne e le morapeli oa Jehova ea neng a sebeletsa ka tlung ea borena ea Morena Artaxerxese oa Persia. Ka letsatsi le leng Nehemia o ne a utloile bohloko haholo hobane a utloile hore marako a Jerusalema, e leng motse-moholo oa batho ba habo, a oele.
Ha morena a botsa Nehemia hore na ke hobane’ng ha a sa thaba, Nehemia o ile a qala ho rapella ka pelong. Eaba Nehemia o bolella morena lebaka le mo utloisitseng bohloko a ba a mo kōpa hore na a ka ea Jerusalema ho ea tsosa marako ao. Ho ile ha etsahala’ng?—
Molimo o ile a araba thapelo ea Nehemia. Morena o ile a re a ka tsamaea! Morena a ba a fa Nehemia lifate tse ngata hore a li sebelise ho tsosa marako. Ka hona Molimo a ka araba lithapelo tsa rōna le haeba re rapela re khutsitse.—Nehemia 1:2, 3; 2:4-8.
Joale ak’u nahane ka sena. Na u lokela ho inamisa hlooho ha u rapela? Na u lokela ho khumama? Uena u re’ng?— Ka linako tse ling Jesu o ne a khumama ha a rapela. Ka linako tse ling o ne a ema. Ka linako tse ling o ne a sheba holimo ha a rapela, joaloka nakong ea ha a rapella Lazaro.
See se bontša’ng?— E, sena se bontša hore boemo boo u rapelang u le ho bona hase bona ba bohlokoa. Ka linako tse ling ho molemo hore u inamise hlooho ’me u koale mahlo. Ka linako tse ling u ka ’na ua khumama, joalokaha Jesu a ile a etsa. Empa, hopola hore re ka rapela Molimo ka linako tsohle ebang ke motšehare kapa bosiu, ’me o tla re utloa. Ntho ea bohlokoa ka thapelo ke hore re lumele e le kannete hore Jehova o mametse. Na ua lumela hore Jehova o utloa lithapelo tsa hao?—
Re lokela ho re’ng ha re rapela Jehova?— Ak’u mpolelle: Ha u rapela, u re’ng ho Molimo?— Na Jehova ha a re fe lintho tse ngata tse ntle tseo re lokelang ho mo leboha ka tsona?— Re ka mo leboha ka hore o re file lijo tseo re li jang. Empa na u kile ua mo leboha ha a fane ka leholimo le leputsoa, lifate tse tala le lipalesa tse ntle?— Le tsona li entsoe ke eena.
Barutuoa ba Jesu ba kile ba mo kōpa hore a ba rute ho rapela. Kahoo Mosuoe e Moholo o ile a ba ruta, a ba bolella lintho tsa bohlokoa tseo ba lokelang ho li rapella. Na ua tseba hore na lintho tseo ke life?— Nka Bibele ea hao, ebe u phetla ho Matheu khaolo ea 6. Temaneng ea 9 ho isa ho ea 13, re fumana thapelo eo batho ba bangata ba reng ke Thapelo ea Ntat’a Rōna ea Maholimong kapa Thapelo ea Morena. A re ke re e bale hammoho.
Mona re ithuta hore Jesu o ile a re re rapelle lebitso la Molimo. O ile a re re rapelle hore lebitso la Molimo le halaletsoe, kapa le khethehe. Lebitso la Molimo ke mang?— Ke Jehova, ’me re lokela ho le rata.
Ea bobeli, Jesu o ile a re ruta hore re rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle. ’Muso ona ke oa bohlokoa hobane o tla tlisa khotso lefatšeng ’me o le etse paradeise.
Ea boraro, Mosuoe e Moholo o ile a re re rapelle hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Haeba re rapella sena, joale re lokela ho etsa seo Molimo a se batlang.
Ho latelang, Jesu o ile a re ruta hore re rapelle lijo tseo re li hlokang bakeng sa letsatsi ka leng. Hape o ile a re, ha re entse phoso re lokela ho bolella Molimo hore re e soabetse. ’Me re lokela ho kōpa Molimo hore a re tšoarele. Empa pele a ka re tšoarela, re lokela ho tšoarela ba bang ha ba re foselitse. Na ho bonolo hore u tšoarele ba bang?—
Qetellong Jesu o ile a re re lokela ho rapela hore Jehova Molimo a re sireletse ho ea khopo, e leng Satane Diabolose. Ka hona re lokela ho rapella lintho tsena kaofela ho Molimo.
Re lokela ho lumela hore Jehova o mamela lithapelo tsa rōna. Ho phaella ho mo kōpeng hore a re thuse, re lokela ho mo leboha. Oa thaba ha re bua ’nete lithapelong tsa rōna le ha re mo kōpa lintho tse lokileng. ’Me o tla re fa tsona. Na u lumela seo?—
Keletso e ’ngoe e thusang mabapi le thapelo e fumanoa ho Baroma 12:12; 1 Petrose 3:12; le 1 Johanne 5:14.
[Litšoantšo tse leqepheng la 67]
Jesu o ne a rapela ha a le mong . . . le ha a na le batho ba bang
[Setšoantšo se leqepheng la 68]
Ke hobane’ng ha u lokela ho mamela ka hloko ha ho rapeloa libokeng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 69]
Ke neng u ka rapellang ka pelong joaloka Nehemia?
[Setšoantšo se leqepheng la 70]
U ka re’ng ha u bua le Molimo thapelong?