Atleha ho Qoba Leraba la Meharo
“Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng.”—1 TIMOTHEA 6:9.
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka maraba?
LENTSOE ‘leraba’ le ka ’na la etsa hore u nahane ka setsomi se chehang ntho e patiloeng ho tšoasa nyamatsana e sa lebellang. Leha ho le joalo, Molimo o hlakisa hore bakeng sa rōna maraba a kotsi ka ho fetisisa hase lintho tse joalo tsa sebele, empa se ka ’nang sa re tšoasa moeeng kapa boitšoarong. Diabolose ke setsebi se atlehileng sa ho cheha maraba a joalo.—2 Ba-Korinthe 2:11; 2 Timothea 2:24-26.
2. (a) Jehova o re thusa joang ho qoba maraba a kotsi? (b) Ke mofuta ofe o khethehileng oa leraba oo re tsepamisang mehopolo ho oona hona joale?
2 Jehova o re thusa ka ho re tsebisa a mang a maraba a mangata a fapaneng a Satane. Ka mohlala, Molimo o lemosa hore lipounama tsa rōna, kapa melomo, e ka ba leraba haeba re bua ka tsela e booatla, e hatellang, kapa ka seo re sa lokelang ho bua ka sona. (Liproverbia 18:7; 20:25) Boikhohomoso e ka ba leraba, joaloka ho lula le batho ba bohale. (Liproverbia 22:24, 25; 29:25) Empa a re talimeng leraba le leng: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.” (1 Timothea 6:9) Ho susumetsang leraba leo kapa motheo oa lona ho ka akaretsoa ka lentsoe “meharo.” Le hoja hangata meharo e ka bonahala ka boikemisetso ba ho rua, ha e le hantle meharo ke leraba le nang le litšobotsi tse ngata.
Jehova o Re Lemosa ka Kotsi
3, 4. Histori ea batho ba boholo-holo e na le thuto efe mabapi le meharo?
3 Ha e le hantle, meharo ke takatso e hlokang meeli kapa e fetelletseng ea ho fumana se eketsehileng, ebang ke chelete, thepa, matla, likamano tsa botona le botšehali, kapa lintho tse ling. Ha re ba pele ba ho behoa kotsing ke leraba la meharo. Morao koana tšimong ea Edene, meharo e ile ea tšoasa Eva ’me hamorao Adama. Molekane oa Eva, ea neng a e-na le phihlelo e eketsehileng ho mo feta bophelong, o ne a ile a lauoa ke Jehova ka sebele. Ba ne ba ka thabela mefuta ea lijo tse monate le tse fapaneng, tse hlahisitsoeng ke mobu o sa silafatsoang. Ba ne ba ka lebella ho ba le bana ba phethahetseng, bao ba neng ba ka phela le bona ’me ba sebeletsa Molimo ka ho sa khaotseng. (Genese 1:27-31; 2:15) Na seo ha se bonahale se lekane ho khotsofatsa motho ofe kapa ofe?
4 Leha ho le joalo, hore na motho o na le ho lekaneng hakae ha ho thibele meharo ho ba leraba. Eva o ile a tšoasoa ke tebello ea ho tšoana le Molimo, ho ba le bolokolohi bo eketsehileng le ho ipehela litekanyetso tsa hae. Ho bonahala eka Adama o ne a batla botsoalle bo tsoelang pele le molekane oa hae e motle, ho sa tsotellehe hore na liphello e ba life. Kaha esita le batho ba phethahetseng ba ka tšoasoa ke meharo, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha e ka ba kotsi ho rōna.
5. Ke habohlokoa hakae ho rōna ho qoba leraba la meharo?
5 Re tlameha ho itebela khahlanong le ho tšoasoa ke meharo hobane moapostola Pauluse oa re lemosa: “Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le ba etsang bohlola, kapa ba rapelang litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo eseng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10, NW) Pauluse o ile a boela a re bolella: “Ho se ke ha ba ha boleloa leha e le bohlola le ho se hloeke ha mefuta eohle kapa meharo har’a lōna.” (Ba-Efese 5:3, NW) Kahoo meharo ha ea lokela ho ba sehlooho sa puisano bakeng sa morero oa ho khotsofatsa nama ea rōna e sa phethahalang.
6, 7. (a) Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang kamoo meharo e ka bang matla ka teng? (b) Ke hobane’ng ha mehlala eo e lokela ho ba temoso ho rōna?
6 Jehova o boetse o tlalehile mehlala ea ho re hlokomelisa kotsi ea meharo. Hopola meharo ea Akane. Molimo o ile a re Jeriko e lokela ho timetsoa, empa gauda ea eona, silevera, koporo, le tšepe li ne li lokela ho ea letlotlong la Hae la polokelo. E ka ’na eaba qalong Akane o ne a ikemiselitse ho latela taelo eo, empa meharo e ile ea mo tšoasa. Hang-hang ha a fihla Jeriko, e ile ea ka o leetong la ho reka ha a fumana tlotlo-le-oele-mokhoabane, ho akareletsa seaparo se setle se neng se bonahala se lokile bakeng sa hae. Ha a phahamisa gauda le silevera e lekanang liranta tse likete, e ka ’na eaba o ile a nahana, ‘Khele, ke monyaolo o mokaakang! E ka ka kea utsoa.’ Ke sona seo a neng a hlile a se etsa! Ho lakatsa se neng se lokela ho timetsoa kapa ho nehelanoa, o ile a utsoetsa Molimo, ’me seo se ile sa qosa Akane bophelo ba hae. (Joshua 6:17-19; 7:20-26) Hape, nahana ka mehlala ea Gehazi le Judase Iskariota.—2 Marena 5:8-27; Johanne 6:64; 12:2-6.
7 Re se lebale hore ba bararo ba boletsoeng ka holimo e ne e se bahetene ba sa tsebeng litekanyetso tsa Jehova. Ho e-na le hoo, ba ne ba le kamanong e inehetseng le Molimo. Kaofela ha bona e ne e le lipaki tse boneng ka mahlo mehlolo e neng e lokela hore ebe e ile ea ba susumelletsa ho lemoha matla a Molimo le bohlokoa ba ho boloka kamohelo ea hae. Leha ho le joalo, leraba la meharo le ile la ba liha boemong ba bona. Le rōna ka ho tšoanang re ka senya kamano ea rōna le Molimo haeba re itumella ho tšoasoa ke meharo ea mofuta ofe kapa ofe. Ke mefuta efe kapa ke libōpeho life tsa meharo tse ka bang kotsi ka ho khethehileng bakeng sa rōna?
Ho Tšoasoa ke Meharo ea Leruo Kapa ea Lintho tse Bonahalang
8. Bibele e fana ka temoso efe mabapi le leruo?
8 Bakreste ba bangata ba ’nile ba utloa litemoso tse hlakileng ho tsoa Bibeleng khahlanong le ho hōlisa lerato la maruo, taba-tabelo ea leruo. Ke hobane’ng re sa hlahlobe tse ling tsa tsona, joalokaha li fumanoa ho Mattheu 6:24-33; Luka 12:13-21; le 1 Timothea 6:9, 10? Le hoja u ka ba le boikutlo ba hore u amohela le ho latela keletso e joalo, na ebe mohlomong Akane, Gehazi, le Judase ba ne ba sa bolele hore ba lumela keletso eo? Ka ho hlakileng, re tlameha ho etsa ho fetang feela ho lumela motheong oa tsebo eo re nang le eona. Re lokela ho hlokomela hore leraba la meharo ea leruo kapa lintho tse bonahalang le se ame bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahlobisisa boikutlo ba rōna mabapi le ho ea mabenkeleng?
9 Bophelong ba letsatsi le letsatsi, hangata re lokela ho reka—lijo, liaparo, le thepa ea lelapa. (Genese 42:1-3; 2 Marena 12:11, 12; Liproverbia 31:14, 16; Luka 9:13; 17:28; 22:36) Empa lefatše la khoebo le hōlisa takatso ea lintho tse eketsehileng le tse ncha. Liphatlalatso tse ngata tse tletseng likoranteng, limakasineng, le TV ke mekhoa e ipiletsang e poteletseng ea ho hōlisa meharo. Ho ka ’na ha ba le lintho tse joalo tse ipiletsang mabenkeleng a nang le liraka tsa mabolouse, lijase, mese, le lijesi, le liraka tsa lieta tse ncha, thepa ea electronic, le lik’hamera. Bakreste ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na ho ea mabenkeleng ho fetohile ntho ea bohlokoa kapa monyaka oa sehlooho bophelong ba ka?’ ‘Na kannete ke hloka lintho tse ncha tseo ke li bonang, kapa na lefatše la khoebo le mpa feela le hōlisa peō ea meharo ka ho ’na?’—1 Johanne 2:16.
10. Ke leraba lefe la meharo leo haholo-holo le leng kotsi ho banna?
10 Haeba ho ea mabenkeleng ho bonahala e le leraba le tloaelehileng ho basali, ho fumana chelete e eketsehileng ke leraba ho banna ba bangata. Jesu o ile a tšoantšetsa leraba lena ka monna ea ruileng ea neng a amohela ho lekaneng empa a ikemiselitse ho ‘qhaqha meliko ea hae ’me a hahe e meholoanyane ho bokella teng lijo tsa hae kaofela le lintho tsa hae tse molemo.’ Jesu ha aa ka a siea pelaelo mabapi le kotsi ea seo: “Lulang le falimehile ’me le itebele khahlanong le mofuta ofe kapa ofe oa takatso ea lintho tseo eseng tsa lōna” kapa meharo. (Luka 12:15-21, NW) Ho sa tsotellehe hore na re barui kapa che, re hloka keletso eo.
11. Mokreste a ka ’na a tšoasoa ke leraba la chelete e eketsehileng joang?
11 Meharo bakeng sa chelete e eketsehileng, kapa lintho tseo chelete e ka li rekang, hangata e ipatile. E ka hlahisoa e le mokhoa oa ho rua kapele—mohlomong e le monyetla o tlang hanngoe bophelong oa tšireletseho ea lichelete ka ho etsa letsete ho kotsi. Kapa motho a ka ’na a lekoa ho etsa chelete e eketsehileng ka mekhoa ea khoebo e belaetsang kapa eo eseng ea molao. E, meharo e ka ba matla, ea tšoasa. (Pesaleme ea 62:10; Liproverbia 11:1; 20:10) Ba bang ka phuthehong ea Bokreste ba ’nile ba qala likhoebo ka tebello ea hore baena ba bona ba ba tšepang e tla ba bareki ba bona ba sehlooho. Haeba morero oa bona e ne e se feela ho fana ka thepa e hlokahalang kapa tšebeletso ea ‘mosebetsi o thata, ba etsa mosebetsi o molemo ka matsoho a bona,’ empa e le ho etsa chelete ka potlako ka tsela e hlahisang Bakreste-’moho kotsi, ka tsela eo ba etsa lintho ka meharo. (Ba-Efese 4:28; Liproverbia 20:21; 31:17-19, 24; 2 Ba-Thessalonika 3:8-12) Meharo bakeng sa chelete e ’nile ea lebisa ba bang linthong tse kang papali ea chelete ka lirafole, li-sweepstake, kapa li-lottery. Ba bang, ka ho hloka kutloelo-bohloko le kahlolo e molemo, ba ile ba potlakela ho qala linyeoe ka tšepo ea moputso o moholo kapa puseletso.
12. Ke hobane’ng ha re tseba hore meharo ea chelete e ka hlōloa?
12 Se sa tsoa boleloa ke libaka tseo ho itlhahloba ho loketseng e le hore re ka bona kannete hore na meharo ea sebetsa ka hare ho rōna kapa che. Le haeba e le teng, re ka fetoha. Hopola hore Zakia o ile a khaotsa ho ba meharo bophelong ba hae ba letsatsi le letsatsi. (Luka 19:1-10) Haeba mang kapa mang a fumana hore meharo ea leruo kapa lintho tse bonahalang e teng ka ho eena, o lokela ho ikemisetsa joaloka Zakia ho itšoasolla lerabeng leo.—Jeremia 17:9.
Meharo Litšobotsing tse Ling tsa Bophelo
13. Pesaleme ea 10:18 e re hlokomelisa leraba lefe hape la meharo?
13 Ba bang ba ho fumana ho le bonolo ho bona kotsi ea meharo mabapi le chelete kapa lintho tse bonahalang ho feta litsela tse ling tseo e ka hlahang ka tsona. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe ea Segerike e re sehlopha sa mantsoe se fetoletsoeng e le “meharo” kapa “ho lakatsa seo eseng sa hao” a na le kutloisiso ea “‘ho batla ho eketsehileng,’ mabapi le matla j.j. haesita le thepa.” E, re ka tšoasoa ke meharo ea ho busa ba bang, mohlomong ho etsa hore ba thothomele ka tlas’a taolo ea rōna.—Pesaleme ea 10:18.
14. Ke hobane’ng ha takatso ea matla e ka ba kotsi?
14 Ho tloha matsatsing a pele batho ba sa phethahalang ba ’nile ba thabela ho busa ba bang. Molimo o ile a bona esale pele hore phello e bohloko ea sebe sa batho e ne e tla ba hore banna ba bangata ba ne ba tla ‘busa’ basali ba bona. (Genese 3:16) Leha ho le joalo, bofokoli bona bo ’nile ba fetela ka ’nģane ho lenyalo. Lilemo tse likete hamorao, mongoli oa Bibele o ile a hlokomela hore ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Mohlomong o tseba kamoo sena se ’nileng sa etsahala ka teng litabeng tsa lipolotiki le tsa sesole, empa na ho ka etsahala hore tikolohong ea rōna, re hahamalle matla a eketsehileng kapa taolo?
15, 16. Ke mabakeng afe moo Mokreste a ka ’nang a tšoasoa ke takatso ea matla a eketsehileng? (Ba-Filippi 2:3)
15 Kaofela ha rōna re sebelisana le batho ba bang—litho tse haufi kapa tse seng haufi tsa malapa a rōna, mosebetsing oa rōna oa boipheliso kapa sekolong, har’a metsoalle, le liphuthehong tsa rōna. Ka linako tse ling, kapa hangata, re ka ’na ra ba le karolo ho etseng liqeto mabapi le se tla etsoa, haesita le hore na se tla etsoa joang kapa neng. Hoo e le hona ha ho phoso kapa ha ho hobe. Leha ho le joalo, na re thabela ka ho fetelletseng ho sebelisa matla a ho laola ao re ka ’nang ra ba le oona? Na ebe re rata ho etsa liqeto tse phethelang ’me re ntse re ho batla ka ho eketsehileng? Baokameli kapa balaoli ba lefatše hangata ba bonahatsa boikutlo bona ka ho ipokella ka ba lumellanang le bona, ba sa hlahiseng lipono tse hanyetsang ’me ba sa phephetseng takatso ea lefatše (meharo) ea mookameli oa bona ea matla.
16 Lena ke leraba le lokelang ho qojoa ha re sebelisana le Bakreste-’moho. Jesu o ile a re: “Lea tseba hoba marena a lichaba a li busa, ’me baholo ba tsona ba na le puso e thata holim’a tsona. Ho se ke ha e-ba joalo ho lōna; empa mang le mang ea ratang ho ba moholo har’a lōna, e ke e be mohlanka oa lōna.” (Mattheu 20:25, 26) Boikokobetso bo joalo bo lokela ho bonahala ha baholo ba Bakreste ba sebelisana ’moho, le bahlanka ba sebeletsang, haesita le mohlape. Ka mohlala, na ho ka etsahala hore takatso ea matla e bonahatsoe ke molebeli ea okamelang ea buisanang le baholo-’moho le eena ka mabaka a fokolang empa a etsa liqeto tsohle tsa bohlokoa a le mong? Na kannete o lakatsa ho aba boikarabelo? Ho ka ba le mathata haeba mohlanka ea sebeletsang ea tšoereng seboka sa tšebeletso ea tšimo a ne a ka hatella litokisetsong tsa hae, esita le ho etsa melao ntle le mabaka.—1 Ba-Korinthe 4:21; 9:18; 2 Ba-Korinthe 10:8; 13:10; 1 Ba-Thessalonika 2:6, 7.
17. Ke hobane’ng ha ho loketse ho hlahlobisisa lijo ha ho tšohloa leraba la meharo?
17 Lijo ke karolo e ’ngoe eo ba bangata ba tšoasoang ke meharo. Ka ho hlakileng, ke tlhaho ho thabela ho ja le ho noa; Bibele e bua hamolemo ka seo. (Moeklesia 5:18) Leha ho le joalo, ho tloaelehile hore takatso tabeng ena e hōle ka mor’a nako, e fetele ka ’nģane ho ho thaba hoo e leng ho utloahalang le ho lekaneng. Haeba bahlanka ba Molimo ba ne ba sa lokela ho tšoenyeha ka sena, ke hobane’ng ha Lentsoe la Jehova le ne le ka re ho Liproverbia 23:20 (NW): “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka meharo”? Leha ho le joalo, re ka qoba leraba lee joang?
18. Ke boitlhahlobo bofe mabapi le lijo le lino boo re ka bo etsang?
18 Molimo ha a fane ka tlhahiso ea hore batho ba hae ba phele ka mofuta o hlokang motsoako oa lijo. (Moeklesia 2:24, 25) Empa hape ha a amohele ha re etsa lijo le lino karolo e khōlō ea moqoqo oa rōna le merero. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na hangata ke cheseha ka ho khethehileng ha ke hlalosa lijo tse itseng tseo ke li jeleng kapa tseo ke rerileng ho li ja?’ ‘Na ka linako tsohle ke bua ka lijo le lino moqoqong oa ka?’ Sesupo se seng e ka ’na ea e-ba kamoo re itšoarang ha re ja lijo tseo re sa li hlophisang kapa re sa li lefellang, mohlomong ha re le baeti lelapeng la e mong kapa ha lijo li fumaneha kopanong ea Bokreste. Na ho ka etsahala hore ebe re ba le tšekamelo ea ho ja ho hongata ho feta ka mokhoa o tloaelehileng? Rea hopola hore Esau o ile a lumella lijo ho ba tsa bohlokoa bo boholo, ho isa tšenyehong ea hae e sa feleng.—Ba-Heberu 12:16.
19. Ke joang meharo e ka bang bothata mabapi le monyaka oa likamano tsa botona le botšehali?
19 Pauluse o re hlokomelisa leraba le leng: “Ho se ke ha ba ha boleloa leha e le bohlola le ho se hloeke ha mefuta eohle kapa meharo har’a lōna, joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang.” (Ba-Efese 4:17-19; 5:3, NW) Ka sebele, meharo e ka hōla bakeng sa monyaka oa likamano tsa botona le botšehali. Ka ho hlakileng, monyaka ona o ka bontšoa ka ho loketseng litlamong tsa lenyalo. Kameho e haufi e amanang le monyaka ona e phetha karolo ea bohlokoa ho thusa monna le mosali ho lula ba inehetse e mong ho e mong lilemong tse ngata tsa lenyalo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tla lumela hore lefatše la kajeno le behile khatiso e khōlō likamanong tsa botona le botšehali, le bontša likamano tsena e le tse tloaelehileng ha Pauluse a li hlalosa e le meharo. Haholo-holo pono e joalo e fosahetseng ea monyaka oa likamano tsa botona le botšehali e nkoa habobebe ke ba ipepesetsang boitšoaro bo bobe le ho tsola ho tloaelehileng kajeno libaesekopong tse ngata, ho li-video, le limakasineng, le libakeng tsa boithabiso.
20. Ke joang Bakreste ba ka iponahatsang ba ela hloko kotsi ea meharo litabeng tsa likamano tsa botona le botšehali?
20 Tlaleho ea sebe sa Davida le Bathe-Sheba e bontša hore e mong oa bahlanka ba Molimo a ka tšoasoa ke leraba la meharo ea likamano tsa botona le botšehali. Le hoja Davida a ne a lokolohile ho thabela monyaka lenyalong la hae, o ile a lumella takatso e litšila ea likamano tsa botona le botšehali ho hōla. Ha a hlokomela kamoo mosali oa Uria a neng a boheha ka teng, ha aa ka a laola monahano oa hae—le liketso—mabapi le ho fumana monyaka oo eseng oa molao le eena. (2 Samuele 11:2-4; Jakobo 1:14, 15) Ka sebele re tlameha ho ’na re sebeletsa ho qhela mofuta ona oa meharo. Esita le lenyalong ho ntse ho loketse ho qhela meharo. Sena se ka akarelletsa ho qhela mekhoa e fetelletseng ea likamano tsa botona le botšehali. Monna ea ikemiselitseng ho qoba meharo tabeng ena o na le thahasello ea sebele ho molekane oa hae, e le hore khetho efe kapa efe eo ka bobeli ba e entseng mabapi le thero ea malapa e ke ke ea beha monyaka oa hae e le oa bohlokoa ho feta bophelo ba mosali oa hae nakong eo kapa nakong e tlang.—Ba-Filippi 2:4
Tsoela Pele ho Ikemisetsa ho Qoba Meharo
21. Ke hobane’ng ha puisano ea rōna ea meharo e sa lokela ho re nyahamisa?
21 Jehova ha a fane ka litlhokomeliso kapa litemoso ka lebaka la ho se re tšepe. Oa tseba hore bahlanka ba hae ba inehetseng ba batla ho mo sebeletsa ka botšepehi, ’me o kholisehile hore ba bangata ho bona ba tla tsoela pele ho etsa joalo. Mabapi le batho ba hae ka kakaretso, a ka bua mantsoe a tšoanang le ao a ileng a a bolela ka Jobo ha a ne a bua le Satane: “Na ha ua ka ua lemoha Jobo, mohlanka oa ka, na? Hobane ha ho motho ea joale ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” (Jobo 1:8) Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato, ea nang le tšepo o re hlokomelisa maraba a kotsi, a kang a amanang le mefuta ea meharo, hobane o batla hore re tsoele pele re se na sekoli ’me re tšepahala ho eena.
22. Re lokela ho etsa eng haeba thuto ea rōna e senotse karolo e kotsi ea botho kapa bofokoli?
22 E mong le e mong oa rōna o futsitse tšekamelo mabapi le mofuta o itseng oa meharo, ’me mohlomong re e hōlisitse ho tsoela pele ka tlas’a tšusumetso ea lefatše le khopo. Ho thoe’ng haeba thutong ea rōna ea meharo—mabapi le leruo, thepa, matla le taolo, lijo, kapa monyaka oa likamano tsa botona le botšehali—u hlokometse bofokoli bo itseng? Joale nka ka ho teba keletso ea Jesu: “Haeba letsoho la hao le u khelosa, le khaole; ho molemo ho uena hore u kene bophelong u le tsohane ho e-na le hore u ee Gehenna u e-na le matsoho a mabeli.” (Mareka 9:43, NW) Etsa liphetoho tsohle tse hlokahalang mekhoeng kapa lithahasellong. Qoba leraba le bolaeang la meharo. Kahoo ka thuso ea Molimo, u ka ’na ua ‘kena bophelong.’
Ke Ithutile Eng?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka leraba la meharo?
◻ Meharo ea leruo kapa lintho tse bonahalang e ka ’na ea re tšoasa ka litsela life?
◻ Meharo mabakeng a mang a bophelo e ka ’na ea hlahisa likotsi tsa sebele joang?
◻ Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka bofokoli bofe kapa bofe boo re nang le bona mabapi le meharo?