Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/94 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 2/94 leq. 7

Litsebiso

◼ Mpho ea buka e tla sebelisoa ka February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50. March: Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka monehelo oa R4,50. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50.

◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba ka mehla. Haeba leha e le bafe ba e-na le bothata ba ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa thuso e ka fanoang. Bakeng sa litlhahiso, hlahlobang mangolo a Mokhatlo (S-201) a October 1, 1993, le October 1, 1992. Hape, bonang lirapa 12-20 tsa kenyeletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986.

◼ Mokete oa Sehopotso o tla ba ka Moqebelo, March 26, 1994. Le hoja puo e ka ’na ea qalisa pejana, ka kōpo hopolang hore ho tsamaisoa ha bohobe le veine tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qala pele ho shoalane. Hlahlobang mehloling ea sebaka sa lōna ho tseba hore na shoalane e tšoara neng tulong ea lōna. Ha ho liboka tse lokelang ho tšoaroa letsatsing leo ntle le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. Haeba ka tloaelo phutheho ea lōna e tšoara liboka ka Moqebelo, le ka rata ho li fetisetsa letsatsing le leng la beke haeba Holo ea ’Muso e fumaneha.

◼ March le April e tla ba likhoeli tse peli tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo. Kaha ho na le matsatsi a mangata a phomolo ea sechaba ka April, e tla ba khoeli e loketseng ea ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang. Re rata ho finyella tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba thusang ka April. Bahoeletsi ba lakatsang ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March le/kapa April ba lokela ho etsa litokisetso hona joale le ho tlisa liforomo tsa kōpo nako esale teng. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo le hore ho be le libuka tse lekaneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela