Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Phutheho ea Robertsham, ka bochabela ho Johannesburg, e falletse Holong ea eona ea ’Muso e mabotho-botho e hahiloeng ka potlako. Holo ena e ncha e ile ea neheloa ka January.
Estonia: Ho bile le bahoeletsi ba 1 753 ba tlalehileng tšebeletso ka September. Ena e bile keketseho ea karolo ea 24 lekholong ho feta karolelano ea khoeli le khoeli ea selemo se fetileng.
Turkey: Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ho bile teng ba 1 510, ’me ba 44 ba tšoantšetsa boinehelo ba bona. Ho bile le tlaleho e babatsehang thelevisheneng ea sebakeng seo ka kopano.