Boloka Boikutlo bo Nepahetseng
1 Ho re thabisa hakaakang ho bala ka keketseho e hlollang e etsahalang linaheng tse ngata! Leha ho le joalo, rea hlokomela hore libakeng tse ling hangata bahoeletsi ba ’Muso ba teana le ho se thahaselle, ho iphapanya, kapa esita le ho thibela mosebetsi oa rōna oa boboleli ka ho feletseng. Re ka boloka boikutlo bo nepahetseng joang haeba see se etsahala tšimong ea rōna? Ke joang re ka thibelang boikutlo bo fosahetseng bo ka re hlokisang thabo kapa ba fokotsa cheseho ea rōna mosebetsing oa ho etsa barutuoa?
2 Boikutlo bo nepahetseng bo tla re thusa hore re boloke botsitso. Esita le tlas’a maemo a lekang, re lokela ho se lumelle mehopolo e fosahetseng ho susumetsa boikutlo ba rōna. Jesu o re behetse mohlala o phethahetseng. E batla e le batho ba fokolang ba ileng ba amohela seo a se rutang. Ba bangata ba ile ba khoptjoa ke thuto ea hae. O ile a tobana le maemo a ileng a leka tumelo ea hae ka ho teba. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba nyatsa-nyatsa mosebetsi oa hae ’me ba etsa morero o mobe oa ho mo bolaea. O ile a tšoeloa ka mathe, a jabeloa, a songoa, a otloa, ’me qetellong a bolaoa. Leha ho le joalo, o ne a thabisoa ke mosebetsi oo a o etsang. Hobane’ng? O ile a lemoha bohlokoa ba ho etsa thato ea Molimo, ’me ha a ka a khaotsa.—Joh. 4:34; 13:17; Ba-Heb. 12:2.
3 Boloka Pono e Loketseng ka Tšebeletso ea Rōna: Ho etsa sena, ho hlokahala hore re hopole lintlha tse ’maloa. Hopola hore re na le molaetsa oo batho ba bangata ba o hlokomolohang kapa ba o hanyetsang. (Matt. 13:14, 15) Le hoja baapostola ba ile ba thibeloa ka molao ho ruta ka lebitso la Jesu, ba ile ba lula ba tšepahala thōmong ea bona ea ho bolela, ’me kotulo e ’nile ea eketseha. (Lik. 5:28, 29; 6:7) Re tseba esale pele hore masimong a mang, ha ho bapisoa ke batho ba seng bakae feela ba tla mamela. (Matt. 7:14) Kahoo, re na le lebaka la ho thaba haeba motho a le mong tšimong ea rōna a mamela. Hopola hape hore esita le ba hanyetsang ba tlameha ho fuoa monyetla oa ho utloa. (Ezek. 33:8) Qetellong batho ba bang ba hanyetsang ba tla fetoha ’me e be barapeli ba Jehova. Kahoo, ha e talingoa ka tsela e nepahetseng, tšebeletso ea rōna e re tlisetsa boikutlo ba hore re finyeletse ho hong, esita le haeba e le ba seng bakae ba mamelang. Boteng ba rōna feela matlong ka molaetsa oa ’Muso oa Molimo ke bopaki.—Ezek. 2:4, 5.
4 Re na le lebaka le letle la ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Katleho ea mosebetsi oa lefatše ka bophara le bopaki bo eketsehang ba ho atamela ha mahlomola a maholo li lokela ho re susumelletsa bohle ho etsa sohle seo re ka se khonang ho sebeletsa ka boinehelo ba bomolimo. (2 Pet. 3:11, 14) Mosebetsi o chesehang ka August e tla ba tsela e ntle ea ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa seo re ithutileng sona. Re boetse re batla hore ba sa tsoa kopanela ba bontše boikutlo bo nepahetseng tabeng ea ho sebelisa seo ba se rutoang. Haeba tse ling tsa liithuti tsa rōna tsa Bibele li entse khatelo-pele e lebisang mohatong oa hore ebe li loketse ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang, khoeli ea August e ka ba nako e ntle haholo ea hore ba qalise.
5 Ebang re sebeletsa re le bahoeletsi kapa bo-pula-maliboho, bohle rea thusoa haeba re hopola hore seo Jehova a se batlang ho rōna ha se boima. (1 Joh. 5:3) O tšepisa hore o tla re tšehetsa. (Ba-Heb. 13:5b, 6) Ho sa tsotellehe ho iphapanya ha batho, ho se thahaselle, kapa ho hanyetsa, re tlameha ho ba le boikutlo bo nepahetseng ’me re tsoele pele ho bolela hobane ke thato ea Molimo hore re etse joalo.—1 Tim. 2:3, 4.