Ha Baa ka ba Phetsa ho Paka
1 Lebitso la rōna, Lipaki tsa Jehova, lea re khetholla ebile le hlalosa seo re se etsang. Re pakela bokhabane bo hlomphehang ba Molimo oa rōna, Jehova. (Esa. 43:10, 12) E mong le e mong o tlameha ho kopanela ho faneng ka bopaki bona e le hore a ka fetoha setho sa phutheho. Bopaki bo etsoa haholo-holo ka tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa, e akarelletsang ho ea ka ntlo le ntlo, ho etsa mosebetsi oa seterateng, ho etsa maeto a ho boela, le ho khanna lithuto tsa Bibele. Ka nepo re khothalletsoa hore kaofela re hahamalle ho ba le karolo e tletseng.—1 Ba-Kor. 15:58.
2 Leha ho le joalo, ho na le moeli ho seo litho tse ling tsa phutheho li ka khonang ho se etsa. Ho kula ho tebileng kapa mefokolo li ka ’na tsa lekanyetsa seo li se etsang. Beng ka motho ba hanyetsang ba ka ’na ba hlahisa litšitiso tse nyahamisang. Mocha a ka ’na a thibeloa ke motsoali ea sa lumelang. Batho ba phelang libakeng tse ka thōko moo ho se nang lipalangoang ba ka ’na ba nahana hore ho thata ho paka. Ho ba lihlong ka tlhaho ho ka etsa hore ba boi ba tsila-tsile. Bahoeletsi ba bang ba iphumanang ba le maemong ana kapa a tšoanang ba ka ’na ba ikutloa hore ha ba finyelle se hlokoang ho Bakreste hobane seo ba khonang ho se etsa se fokola haholo ha se bapisoa le seo ba bang ba se etsang hape se tlaase ho seo ba hlileng ba ratang ho se etsa. Ha ho lebaka la hore ba nyenyefatse boiteko ba bona. (Ba-Gal. 6:4) Ba ka tšeliseha ho tseba hore Jehova o thabisoa ke ha ba fana ka se molemohali boemong leha e le bofe boo ba leng ho bona.—Luka 21:1-4.
3 Ho Fumana Tsela ea ho ba le Karolo: Ho ’nile ha phetoa liphihlelo tse likete ho bontša kamoo batho ba leng maemong a thata ba sa kang ba lumella litšitiso hore li ba thibele ho paka. Ba nka bohato ba pele, ba qapile litsela tse ngata tse sa tšoaneng tsa ho etsa bopaki bo sa reroang. Ba tlamehang ho lula hae ba sebelisitse thelefono ho bula monyako o moholo oa ho paka. Moeti e mong le e mong o nkoa e le motho ea ka ’nang a mamela. Le hoja mosali ea nang le lelapa le hanyetsang a ka sitoa ho paka lapeng, o sebelisa menyetla ea ho bua le baahisani kapa ba bang bao a kopanang le bona kemisong ea hae ea letsatsi le letsatsi.
4 Mocha a ka ’na a haneloa ke motsoali ea sa lumelang ho kopanela bopaking ba rōna ba phatlalatsa. Ho e-na le ho nka seo e le tšitiso e ke keng ea hlōloa, a ka nka liithuti-’moho le eena le matichere e le “tšimo” ea hae ea botho ’me a khone ho fana ka bopaki bo botle ’me mohlomong a khanne le lithuto tsa Bibele. Ba bangata ba lulang libakeng tse ka thōko ba khonne ho ba le karolo ka ho ngola mangolo. Ba susumetsoang ke cheseho ea Bokreste kamehla ba tla fumana tsela e itseng ea ho qoba ho fetoha ‘ba botsoa le ba nyopileng tsebong ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.’—2 Pet. 1:8.
5 Mabapi le karolo ea rōna mosebetsing oa bopaki, Jehova o behile tekanyetso e tšoanang bakeng sa bohle, e leng hore re lokela ho ba ka “sephefumolohi sohle.” (Ba-Kol. 3:23, NW) Le hoja nako eo re e qetang le seo re se finyellang se sa tšoane, tšusumetso ea motheo ea tšoana—lerato la sebele leo e leng la “pelo eohle.” (1 Likron. 28:9; 1 Ba-Kor. 16:14) Haeba re fana ka se molemohali seo re nang le sona, le ka mohla re ke ke ra ba le lebaka la ho ikutloa eka re haelloa ke tumelo kapa hore re litho tse se nang thuso tsa phutheho ka lebaka la hore re khona ho etsa se fokolang. Joaloka Pauluse, ka ’nete re ka bolela hore ha rea ‘pata taba ea tse tšoanelang, ha rea phetsa ho bolela le ho le ruta tsona pontšeng.’—Lik. 20:20.