Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/94 leq. 3
  • Litlhohonolofatso tse Tlisoang ke ho Sebetsa le ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litlhohonolofatso tse Tlisoang ke ho Sebetsa le ba Bang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 11/94 leq. 3

Litlhohonolofatso tse Tlisoang ke ho Sebetsa le ba Bang

1 Na u nahana hore ho na le melemo e fumanoang ha ho sebetsoa le ba bang tšebeletsong? Jesu o ne a nahana joalo. Le hoja kotulo e ne e le khōlō ’me basebetsi ba se bakae, o ile a roma barutuoa ba 70 tšimong “ka bobeli.” Kaofela ha bona ba ile ba ba le nako e putsang hakaakang ha ba bolela “metseng eohle, le nģalong tsohle moo eena a neng a tla ea teng”!—Luka 10:1, 17; Matt. 9:37.

2 Hoa khatholla ho sebetsa le ba bang. Ba bang ho rōna ba lihlong ’me ba ho fumana ho le thata ho atamela basele. Ho ba le motho e mong ho ka re fa sebete sa ho bolela Lentsoe la Molimo ka ntle ho tšabo. Ha re e-na le motho e mong, ho ka ’na ha e-ba bonolo haholoanyane hore re etse mosebetsi ka tsela eo re koetlisitsoeng ka eona. (Liprov. 27:17) Monna ea bohlale o itse: “Ba babeli ba feta a le mong.”—Moek. 4:9.

3 Ho molemo ho sebetsa le bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba sa tšoaneng. Metsoalle ea moapostola Pauluse tšebeletsong e ne e kopanyelletsa Barnabase, Silase, Timothea, le Johanne Mareka, ’me ba ile ba thabela litlhohonolofatso tse ngata ha ba ntse ba bolela hammoho. Sena e ka ba ’nete kajeno. Na u kile ua sebetsa le motho ea bileng ’neteng ka nako e telele? Mohlomong ka mor’a ho hlokomela ho ba hloahloa ha hae ha a fana ka bopaki, u fumane likhopolo tse molemo tse u thusitseng ho ntlafatsa. Na u kile ua tsamaea le bahoeletsi ba batlang ba le bacha? Mohlomong u ile ua khona ho aba seo u ithutileng sona ’me ka hona ua ba thusa ho atleha haholoanyane le ho fumana thabo e eketsehileng haholoanyane tšebeletsong ea bona.

4 Na hona joale ho na le thuto ea Bibele eo u e khannang? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa meme e mong oa baholo kapa molebeli oa potoloho hore a tsamaee le uena? Ho molemong oa liithuti tsa rōna tsa Bibele hore li tloaelane le balebeli. Haeba u tsila-tsila tabeng ea ho khanna thuto moholo a le teng, mohlomong a ka thabela ho e khanna ’me uena u be moshebelli. Ka mor’a moo, lokoloha ho mo kōpa hore a u fe litlhahiso tsa kamoo u ka thusang seithuti ho tsoela pele ka potlako haholoanyane.

5 E-ba motsoalle ea khothatsang ha u sebetsa le ba bang. Bua hantle ka tšimo eo le e sebetsang. Le ka mohla u se ke ua seba ba bang kapa ua tletleba ka litokisetso tsa phutheho. Boloka kelello ea hao e tsepame tšebeletsong le litlhohonolofatsong tse tsoang ho Jehova. Haeba u etsa joalo, uena le metsoalle ea hao le tla khutlela hae le khatholohile moeeng.

6 Maemo a hao a ka ’na a etsa hore ho be thata ho sebetsa kamehla le baena le bo-khaitseli ba bang. Leha ho le joalo, ha ho khoneha, ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore u be le nako ea ho sebetsa le mohoeletsi e mong? Le tla hlohonolofatsoa ka bobeli!—Ba-Roma 1:11, 12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela