Liboka tsa Tšebeletso tsa March
Beke e Qalang ka la 6 March
13 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka taba ea Lebokose la Lipotso.
15 mets: “Ho Fanoe Haholo—Ho Batloa Haholo.” Lipotso le likarabo. Khothaletsa ba tšoanelehang ho nahana ka ho ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang ka April.
17 mets: “Ho Phatlalatsa ‘Mantsoe a Boprofeta.’” Hlahloba lintlha tse khōlō. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba li thabetseng ha ba sebelisa kapa ba tsamaisa buka ea Tlhōrō ea Tšenolo. Khothaletsa bohle hore ba be le boikutlo bo botle ha ba tsamaisa buka, kaha e sebetsana le liketsahalo tsa hona joale tse amang e mong le e mong. Etsa pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.
Pina 31 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Etsa tlhaloso e khutšoanyane e lebisang tlhokomelo lebokoseng la “Khopotso ho Mongoli le Molebeli oa Tšebeletso.” Tlaleho ea lichelete.
15 mets: “Pampitšana e Nakong ea Litaba Tsa ’Muso e Tla Abuoa Lefatšeng Lohle.” Puo ka moholo. Hatisa bohlokoa ba mosebetsi ona o khethehileng o tlang ka April le May. Khothaletsa bohle, ho kopanyeletsa le ba bacha, ho lokisetsa ho kopanela ka botlalo.
20 mets: “Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng.” Lirapa tsa 1-13 li koaheloe ka lipotso le likarabo.
Pina 36 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 March
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Etsa pontšo ea ha lelapa le sebelisa 1995 Yearbook. Sehlopha sa lelapa se bolela kananelo bakeng sa buka ena; ka bokhutšoanyane ntate o hlahloba lintlha tse khōlō tsa boitsebiso ba kenyelletso maqepheng a 3-11. Ba buisana kamoo ba tla leka ho bala maqephe a seng makae a Yearbook hammoho beke le beke ’me ba tiise hore letsatsi le leng le le leng ba hlahloba temana e bontšitsoeng ea Bibele ho Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa puo e thehiloeng sehloohong se reng, “Haeba le Kolota Lekhetho, Lefang Lekhetho,” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1994, maqepheng a 26-8.
15 mets: “Thusang ba Bang ho ‘Boloka Tse Ngoliloeng.’” Hlahloba lintlha tsa sehlooho, ebe u ba le pontšo ea leeto le le leng kapa a mabeli a ho boela.
Pina 52 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 March
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea March ka potlako. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho iteanya le bahoeletsi bohle ba leng lenaneng leo ba le fumaneng ho mongoli, ba ba khothaletse ho tlisa litlaleho leha e le life tse siiloeng ke nako.
12 mets: “Ketsahalo ea Bohlokoa ka ho Fetisisa Historing ea Batho.” Buisana le bamameli. Hlahloba litokisetso tsa sebakeng sa lōna bakeng sa Sehopotso. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re meme ba thahasellang ’me re ba thuse hore ba be teng.
18 mets: “Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng.” Ha u koahela lirapa tsa 14-18, lokisetsa hore ho be le pontšo eo ho eona ntate a buisanang le mora oa hae ea lilemong tsa bocha ka pakane ea tšebeletso ea Bethele le seo mora a ka se etsang ho itokiselletsa eona tumellanong le litlhahiso tse fanoeng. Haeba phuthehong ho e-na le bao e kileng ea e-ba litho tsa lelapa la Bethele kapa bao e ntseng e le tsona, ntate a ka kopanyeletsa a le mong kapa ba babeli ba baena bana ha a buisana le mora oa hae. Ka mor’a pontšo lirapa tsa 19-23 li lokela ho buisanoa ka lipotso le likarabo.
10 mets: Ho nehelana ka peeletso ea Molula-Qhooa ka April. Hlahloba litlhahiso tse latelang bakeng sa ho buella lipeeletso ka ntlo le ntlo: Bososela ka tsela e botsoalle. Bontša mafolo-folo. Bua butle. Bua ka sehlooho se le seng feela makasineng o le mong. Neha mong’a ntlo limakasine. Haeba peeletso e hanoa, buella limakasine tse peli. Etsa hore ho tsebahale hore u tla khutla u nkile litokollo tse latelang. Qetella ka mokhoa o bontšang boikutlo bo botle haeba limakasine li hanoa. Boloka tlaleho ea thahasello eohle le lingoliloeng tse tsamaisitsoeng. Qetellong, etsa pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane ho nehelanoa ka litokollo tsa morao-rao tsa limakasine.
Pina 176 le thapelo e koalang.